Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

DULANG LE FADIMEHILE!

Bibele e Reng ka Batho ba Hlokang Boikokobetso Hakaale Mehleng ee?

Bibele e Reng ka Batho ba Hlokang Boikokobetso Hakaale Mehleng ee?

 Batho ba bangata mehleng ena ha ba sa na boikokobetso. Ka mohlala, bakudi ba se ba halefela dingaka tsa bona, batho ba tlileng direstjhurenteng ha ba hlomphe batho ba ba tlisetsang dijo, batho ba palamang difofane ba hloka taolo, bana ba itshwere hampe dikolong hobane ba soma matitjhere, ba a ba tshosa ebile ba a ba lwantsha. Boradipolotiki ba bang ba hlahella dinthong tse hlabisang dihlong ha ba bang bona ba ipolela hore ke batho ba lokileng.

 Bibele ke buka eo re ka e tshepang ho re bolella hore na ho ba motho ya ikokobeditseng ho bolelang. E boetse e hlalosa hore na ke hobaneng ha batho ba bangata ba se na boikokobetso mehleng ena.

Ke hobaneng ha batho ba se ba se na boikokobetso?

 Lefatsheng lohle, batho ha ba sa nka ho itshwara hantle le ho ikokobetsa e le dintho tsa bohlokwa.

  •   Dipatlisiso tsa morao tjena, di bontsha hore Maamerika a dumela hore batho ba dulang United States ha ba sa na boitshwaro le boikokobetso hona jwale ho feta dilemong tse 22 tse fetileng.

  •   Phuputsong e nngwe e sa tswa etswa morao tjena ho batho ba fetang 32 000 dinaheng tse 28, ba etsang diphesente tse 65 ba boletse hore batho ha ba sa na mekgwa ebile ha ba sa na boikokobetso mehleng ena.

 Dintho tsena ha di makatse hobane Bibele e ile ya bua ka tsona esale pele.

  •   “Tseba hore mehleng ya bofelo bophelo bo tla ba thata . . . Batho ba tla itjheba bobona, ba rate tjhelete, ba ithorise, ba ikgohomose, ba bue hampe ka Modimo . . . Ba ke ke ba mamela batswadi, e tla ba batho ba sa leboheng . . . E tla ba batho ba se nang lerato, . . . ba bohale bo tshosang.”​—2 Timothea 3:​1-3.

 Ho ithuta ho eketsehileng ka ho phethahala ha boprofeta bona, bala sehlooho se reng: “Na Bibele e Ile ya Bolela Esale Pele ka Tsela eo Batho ba Nahanang le ho Itshwara ka Yona Mehleng ee?

Keng e ka re thusang ho tseba hore re lokela ho bontsha boikokobetso?

 Ke nnete hore batho mehleng ena ha ba sa na boikokobetso empa batho ba dimilione ba fumane hore Bibele e ka ba thusa ho bona hore na ke jwang ba ka bontshang boikokobetso. Lebaka ke hore dikeletso tsa yona “re ka di tshepa ka mehla, hona jwale le ka ho sa feleng.” (Pesaleme ya 111:8) A re hlahlobeng mehlala e latelang:

  •   Seo Bibele e se rutang: “Dintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona.”​—Matheu 7:12.

     Tlhaloso: Ka ha le rona re batla ho hlomphuwa le ho bontshwa mosa, re lokela ho tshwara ba bang ka tsela e tshwanang.

  •   Seo Bibele e se rutang: “Ka ha jwale le tlohetse leshano, le bolellane nnete.”​—⁠Baefese 4:⁠25.

     Tlhaloso: Tsela eo re itshwarang ka yona le dintho tseo re di buang di lokela ho bontsha hore re batho ba tshepahalang.

 Ho ithuta ho eketsehileng ka taba ena, ka kopo bala: