Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo bo Qadile Jwang?

Bophelo bo Qadile Jwang?

O ka qetella polelo e latelang jwang?

BOPHELO BO BILE TENG KA LEBAKA LA . . .

  1. HO IPHETOLA HA DINTHO

  2. HO BOPUWA

 Batho ba bang ba ka nahana hore motho ya ratang saense a ka kgetha “ho iphetola ha dintho” mme motho ya ratang bodumedi yena a ka kgetha “ho bopuwa.”

 Empa ha se ka mehla ho ka bang jwalo.

 Nnete ya taba ke hore batho ba bangata ba rutehileng ho akarelletsa le borasaense ba belaella taba ya hore dintho di bile teng ka lebaka la ho iphetola.

 Nahana ka Gerard, e leng moprofesa wa thuto ya dikokonyana ya ileng a rutwa thuto ya ho iphetola ha dintho yunivesithing. O re: “Ha ke ne ke ngola ditlhahlobo, ke ne ke ngolla feela hore ke pase, empa ke ne ke sa dumele seo ke se ngotseng.”

 Ke hobaneng ha batho ba ratang saense ka dinako tse ding ho le thata hore ba dumele hore dintho di bile teng ka lebaka la ho iphetola? E le hore re arabe potso eo, ha re hlahlobeng dipotso tse pedi tse ileng tsa ferekanya bafuputsi ba bangata: (1) Bophelo bo qadile jwang? mme (2) Dintho tse phelang di bile teng jwang?

Bophelo bo Qadile Jwang?

 SEO BA BANG BA SE BUANG. Bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tswa dinthong tse sa pheleng.

 KE HOBANENG HA BATHO BA BANG BA SA KGOTSOFATSWE KE TABA EO? Hona jwale borasaense ba utlwisisa tsamaiso ya dintho tse phelang le sebopeho sa tsona ho feta le ha e le neng pele, empa ba ntse ba sa kgone ho fana ka tlhaloso e utlwahalang ya hore na bophelo bo bile teng jwang. Ho na le phapang e kgolo pakeng tsa dintho tse sa pheleng le cell e nyenyane ka ho fetisisa e phelang.

 Borasaense ba hakanya feela hore lefatshe le ne le le jwang dilemong tse dibillione tse fetileng. Ba na le maikutlo a sa tshwaneng tabeng ya hore na bophelo bo qadile hokae, hore na bo qadile ha ho foqoha seretse se tjhesang kapa bo qadile ka tlasa lewatle. Ba bang ba dumela hore bophelo bo qadile kae kae sepakapakeng yaba bo wela mona lefatsheng. Le ha ho le jwalo, seo ha se arabe potso ya hore na bophelo bo qadile jwang, empa se etsa hore ho be boima le ho feta ho utlwisisa hore na bo qadile jwang.

 Borasaense ba hakanya hore e ka nna ya ba ho na le di molecule tse ileng tsa fetoha diphatsa tsa lefutso tseo re di tsebang kajeno. Ba bolela hore di molecule tsena di itlhahetse ka mohlolo ho tswa dinthong tse sa pheleng mme di ka kgona ho ikatisa. Empa ha hona bopaki ba saense bo bontshang hore ho kile ha e ba le di molecule tse jwalo mme le borasaense ha ba so ka ba di etsa dilabotoring tsa bona.

 Dintho tse phelang di a ikgetha ka tsela eo di tla fetisang molaetsa ka yona le ho o boloka. Disele tse diphatseng tsa lefutso, di fetisa ditaelo tse ka hara tsona, di a di fetolela le ho di phetha .Borasaense ba bang ba bapisa diphatsa tsa lefutso le lenaneo la khomphieutha mme tsela eo cell e bopehileng ka yona ba e bapisa le khomphieutha ka boyona. Empa thuto ya ho iphethola ha dintho ha e hlalose hore na boitsebiso bo diphatseng tsa lefutso bo tswa hokae.

 Di molecule tsa protein di a hlokahala e le hore cell e phele. Molecule e le nngwe ya protein e na le di amino acid tse makgolo tse kopaneng ka tsela e ikgethang. Ho ekelletsa moo, molecule ya protein e lokela ho ba le sebopeho se itseng e le hore e kgone ho sebetsa hantle. Borasaense ba bolela hore ke ntho e sa utlwahaleng ho nahana hore molecule e bile teng ka mohlolo. Setsebi sa physics e leng Paul Davies o re: “Ka ha cell e hloka di protein tse sa tshwaneng tse dikete e le hore e sebetse, ke ntho e sa utlwahaleng ho nahana hore e bile teng ka mohlolo.

 SEO E LENG NNETE. Le hoja borasaense ba makaleng a fapaneng a saense ba qetile dilemo tse mashome ba etsa dipatlisiso, nnete ke hore dintho tse phelang di bile teng ho tswa ho tse ding tse phelang.

Dintho Tse Phelang di Bile Teng Jwang?

 SEO BA BANG BA SE BUANG. Ntho ya pele e phelang e ile ya fetoha hanyane hanyane mefuta e meng ya dintho tse phelang, tse akarelletsang batho, ka ho iphetola ha dintho.

 KE HOBANENG HA BATHO BA BANG BA SA KGOTSOFATSWE KE TABA EO? Dicell tse ding di rarahane ho feta tse ding. Buka e nngwe e re: “Hangata ho thata hore thuto ya ho iphetola ha dintho e hlalose hore na bophelo bo qadile jwang le hore na ho tla jwang hore disele tse nyenyane ka ho fetisisa di fetohe disele tse ding tse ngata tse rarahaneng.”

 Borasaense ba fumane hore ka hara cell ka nngwe, ho na le di molecule tse ngata tsa protein tse sebetsang ha mmoho ho etsa mesebetsi e rarahaneng. Mesebetsi ena e akarelletsa ho isa dimatlafatsi dikarolong tsohle tsa mmele, ho ntjhafatsa dikarolo tsa cell le ho fetisa melaetsa ka hara cell. Na ketsahalo ee e rarahaneng e bile teng ka ho iphetola ha dintho? Batho ba bangata ba thatafallwa ho utlwisisa seo.

 E le hore diphoofolo le batho ba be teng, ho hlokahala lehe le emodisitsweng. Ka hara lehe lena, disele di a ikatisa le ho fetoha dikarolo tse ikgethang, ebe di fetoha dibopeho tse itseng le ho sebetsa ka ditsela tse fapaneng ho bopa ditho tsa mmele. Thuto ya ho iphetola ha dintho e sitwa ho hlalosa hore na cell ka nngwe e “tseba” jwang hore e lokela ho fetoha eng le ho ya dikarolong dife tsa mmele.

 Borasaense ke hona ba elellwang hore, e le hore mofuta o itseng wa phoofolo o fetohe o mong, ho lokela hore ho be le diphetoho tse etsahalang ka hara cell. Ka ha borasaense ba sitwa ho hlalosa hore na ke jwang ho iphetola ha dintho ho ka hlahisang le ha e le cell “e le nngwe feela,” na ke ho utlwahalang ho dumela hore ho iphetola ha dintho ke hona ho entseng mefuta e fapaneng ya diphoofolo lefatsheng? Ha Michael Behe e leng moprofesa wa thuto ya baeloji a hlalosa tsela eo diphoofolo di entsweng ka eona, o bontsha hore le hoja dipatlisiso “di fumane dintho tse hlollang hakana, borasaense ba ntse ba sa utlwisise hore na ke jwang dintho tse rarahaneng jwalo di ka itlhahelang feela ka mohlolo.”

 Batho ba tseba seo ba leng sona, ba kgona ho nahana le ho itlhalosa mme ba boetse ba na le makgabane a matle a kang ho fana, ho itela le ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng. Thuto ya ho iphetola ha dintho e sitwa ho hlalosa hore na keng e etsang hore motho a be le makgabane ao a ikgethang.

 SEO E LENG NNETE. Le hoja batho ba bangata ba tsitlella hore thuto ya ho iphetola ha dintho ke nnete e ke keng ya qojwa, ba bang ha ba kgotsofatswe ke tsela eo e hlalosang hore na bophelo bo qadile jwang.

Karabo ya Bohlokwa eo o ka e Hlahlobang

 Ka mora ho hlahloba bopaki bona, batho ba bangata ba entse qeto ya hore ho na le motho ya bohlale ka ho fetisisa ya bopileng dintho tse phelang. Nahana ka mohlala wa Antony Flew, e leng moprofesa wa filosofi eo ka nako e itseng a kileng a tshehetsa kgopolo ya hore Modimo ha a yo. Flew o ile a fetola maikutlo ka mora hore a ithute ka tsela e hlollang eo bophelo bo rarahaneng ka yona le ka melao ya bokahohle. Ha a qotsa seo borafilosofi ba nakong e fetileng ba ileng ba se bua, o ile a ngola a re: “Re lokela ho amohela qeto e entsweng ka mora dipatlisiso le hoja re sa dumellane le yona.” Ho ya ka Moprofesa Flew, dipatlisiso di bontshitse hore ho na le Mmopi.

 Gerard, eo ho builweng ka yena sehloohong se qalang, o ile a fihlela qeto e tshwanang. Le hoja a rutehile haholo mme a ena le phihlelo thutong ya dikokonyana, o ile a re: “Ha ke a fumana bopaki bo bontshang hore bophelo bo bile teng ka mohlolo ho tswa dinthong tse sa pheleng. Tsela eo dintho tse phelang di hlophisehileng le ho rarahana ka eona, e ile ya nkgodisa hore e tlameha ebe ho na le Mohlophisi le Moqapi.”

 Feela jwalo ka ha motho a ka ithuta ka motaki ya itseng ka ho hlahloba mosebetsi wa hae, Gerard o ile a lemoha makgabane a Mmopi ka ho hlahloba popo ya hae. O ile a boela a ipha nako ya ho ithuta buka e buang ka Mmopi, e leng Bibele. (2 Timothea 3:16) Ka hara yona o ile a fumana dikarabo tse kgotsofatsang mabapi le hore na moloko wa batho o tswa hokae le hore na batho ba ka rarolla jwang mathata ao ba tobanang le ona kajeno. Ka lebaka leo, o ile a kgodiseha hore Bibele le yona e ngotswe ke motho ya bohlale ka ho fetisisa.

 Jwalo ka ha Gerard a hlokometse, ke ha bohlokwa ho hlahloba dikarabo tsa Bibele. Re o kgothalletsa hore o ke o di hlahlobe.