Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

“Jerusalema” eo ho buuwang ka yona ho Esaia 60:1 ke eng, hona e ile ya “tsoha” le ho “kgantsha lesedi” jwang?

Esaia 60:1 e re: “Tsoha, wena Jerusalema, kgantsha lesedi ka ha lesedi la hao le tlile. Kganya ya Jehova e kganya hodima hao.” Motse wa “Jerusalema” kapa Sione e ne e le motsemoholo wa Juda ya ka nako eo. (Esa. 60:14; 62:​1, 2) Motse wa Jerusalema o ne o emela setjhaba sohle sa Iseraele. Mantswe a Esaia a phahamisa dipotso tse pedi tse latelang: Ya pele, ke neng hona ke jwang Jerusalema e ileng ya “tsoha” mme ya kgantsha lesedi? Ya bobedi, na mantswe a Esaia a a phethahala mehleng ee ya rona?

Jerusalema e ile ya “tsoha” neng hona jwang hore e kgantshe lesedi la moya? Jerusalema le tempele ya yona e ile ya dula e le dithako ha Bajuda ba ntse ba le botlamuweng Babilona ka dilemo tse 70. Empa ka mora hore Babilona e hlolwe ke Bamede le Bapersia, Baiseraele bohle ba neng ba tswa hohle Mmusong wa Babilona ba ne ba lokolohile ho kgutlela naheng ya habo bona le ho tsosolosa borapedi ba nnete. (Esdr. 1:​1-4) Ho tloha ka selemo sa 537 B.C.E., masala a tshepahalang a tswang melokong yohle e 12 a ile a tsosolosa tempele. (Esa. 60:4) A ile a qala ho etsetsa Jehova mahlabelo, a eba le mekete le ho tsosolosa tempele. (Esdr. 3:​1-4, 7-11; 6:​16-22) Kganya ya Jehova e ile ya boela ya kgantshetsa Jerusalema e leng batho ba Modimo. Ba ile ba fetoha mohlodi wa lesedi ho batho ba neng ba sa tsebe Modimo.

Le ha ho le jwalo, ke karolo e itseng feela ya boprofeta ba Esaia e ileng ya phethahala ka nako eo. Boholo ba Baiseraele ha bo a ka ba tswela pele bo mamela Modimo. (Neh. 13:27; Mal. 1:​6-8; 2:​13, 14; Mat. 15:​7-9) Ha morao, ba ile ba latola Mesia e leng Jesu Kreste. (Mat. 27:​1, 2) Jerusalema e ile ya fediswa hape ka selemo sa 70 C.E.

Jehova o ile a bolela esale pele hore seo se ne se tla etsahala. (Dan. 9:​24-27) Ho hlakile hore e ne e se morero wa hae hore Jerusalema e phethahatse boprofeta bohle bo hlahang ho Esaia kgaolo ya 60.

Na mantswe a Esaia a phethahala haholwanyane mehleng ee? E, ho jwalo empa a phethahala ho “Jerusalema e lehodimong.” Moapostola Pauluse o ile a re ka yona: “Ke mme wa rona.” (Bagal. 4:26) Jerusalema e lehodimong, ke karolo ya mokgatlo wa Modimo o entsweng ka mangeloi a tshepahalang. Bana ba yona ke Jesu le Bakreste ba tlotsitsweng ba 144 000 ba nang le tshepo ya ho ya lehodimong jwalo ka Pauluse. Bakreste ba tlotsitsweng ke “setjhaba se halalelang” e leng “Iseraele ya Modimo.”—1 Pet. 2:9; Bagal. 6:16.

Jerusalema e lehodimong e ile ya “tsoha” le ho “kgantsha lesedi” jwang? E ile ya etsa jwalo e sebedisa bana ba yona ba tlotsitsweng ba lefatsheng. Bapisa le se ileng sa etsahalla bana ba yona le boprofeta bo ho Esaia kgaolo ya 60.

Bakreste ba tlotsitsweng ba ne ba lokela ho “tsoha” hobane ba ne ba le lefifing la moya ka lebaka la bokwenehi bo bileng teng ka mora hore baapostola bohle ba hlokahale. (Mat. 13:​37-43) Ka nako eo, ba ile ba eba tlasa puso ya Babilona e Moholo e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Batlotsuwa e ile ya eba batshwaruwa ho fihlela ‘qetellong ya tsamaiso ya dintho,’ e qadileng ka selemo sa 1914. (Mat. 13:​39, 40, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Nakwana ka mora moo, ka selemo sa 1919, ba ile ba lokollwa mme hanghang ba ile ba qala ho kgantsha kganya ka hore ba bolele ditaba tse monate tsa Mmuso. a Ho theosa le dilemo batho ba tswang ditjhabeng tsohle le bona ba ile ba kgantshetswa lesedi ho akareletsa le batlotsuwa ba neng ba ntse ba le teng ba Iseraele ya Modimo e leng “marena” ao ho buuweng ka ona ho Esaia 60:3.—Tshen. 5:​9, 10.

Nakong e tlang, Bakreste ba tlotsitsweng ba tla kgantsha lesedi le tswang ho Jehova haholwanyane. Jwang? Ha ba se ba hlokahetse, e tla ba karolo ya “Jerusalema e Ntjha” kapa monyaduwa wa Kreste e leng ba 144 000 bao e tla ba marena le baprista.—Tshen. 14:1; 21:​1, 2, 24; 22:​3-5.

Jerusalema e Ntjha e tla phetha karolo ya bohlokwa ho phethahatsa lengolo la Esaia 60:1. (Bapisa Esaia 60:​1, 3, 5, 11, 19, 20 le Tshenolo 21:​2, 9-11, 22-26.) Jwalo ka ha Jerusalema e neng e le lefatsheng e ne e le mmuso wa Iseraele ya kgale, Jerusalema e Ntjha le Kreste e tla ba mmuso o motjha wa lefatshe le letjha. Ke jwang Jerusalema e Ntjha e tla “theoha lehodimong [e] tswa ho Modimo”? Ka ho lebisa tlhokomelo ya yona lefatsheng. “Kganya ya yona e tla kgantsha ditsela” tsa batho ba hlomphang Modimo ba tswang ditjhabeng tsohle. Ba ke ke ba hlola ba eba le sebe kapa ba eshwa. (Tshen. 21:​3, 4, 24) Seo se tla fella ka hore “ho ntjhafatswe dintho tsohle” jwalo ka ha Esaia le baprofeta ba bang ba boletse. (Dik. 3:21) Mosebetsi wa ho ntjhafatsa dintho o qadile ha Kreste e qala ho ba Morena mme o tla fela ha Puso ya hae ya Dilemo Tse Sekete e fela.

a Ho tsosoloswa ha borapedi ba nnete ho ileng ha etsahala ka 1919 ho boetse ho buuwa ka hona lengolong la Ezekiele 37:​1-14 le la Tshenolo 11:​7-12. Ezekiele o ile a bolela esale pele hore Bakreste bohle ba tlotsitsweng ba tla tsosolosa borapedi ba nnete ka mora hore e be batshwaruwa ka nako e telele. Boprofeta bo ho Tshenolo bo bua ka ho tswalwa hape ha sehlopha se senyenyane sa bara ba bo rona ba tlotsitsweng, ba ileng ba etella pele ka mora hore ba thibelwe ho sebeletsa Jehova ka nakwana ka lebaka la ho kwalla teronkong. Ka 1919, bara bao ba bo rona ba ile ba kgethwa hore e be “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale.”—Mat. 24:45; sheba Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete, leq. 118.