Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o Tla Tshepa Dintho Tse Ngotsweng?

Na o Tla Tshepa Dintho Tse Ngotsweng?

Dintho tsena . . . di ile tsa ngolwa hore e be temoso ho rona bao bofelo ba ditsamaiso tsa dintho bo ba fihletseng.1 BAKOR. 10:11.

DIPINA: 1161

1, 2. Ho nahanisisa ka mehlala ya marena a mane a Juda ho ka re thusa jwang?

NA O ke ke wa ba hlokolosi ha o tsamaya tseleng eo o ileng wa bona ha motho e mong a thella abile a wa? Ha re nahana ka diphoso tseo batho ba bang ba ileng ba di etsa, re ka kgona ho qoba diphoso tse tshwanang. Sena se ka boetse sa ama le kamano ya rona le Modimo. Re ka ithuta ho hongata diphosong tsa ba bang esita le mehlaleng ya batho ba ka Bibeleng.

2 Marena a mane a Juda ao re buileng ka ona sehloohong se fetileng a ile a sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng. Leha ho le jwalo, ba ile ba etsa diphoso tse tebileng. Re ka ithutang dinthong tseo ba ileng ba di etsa, hona re ka qoba ho etsa diphoso tse tshwanang jwang? Ho nahanisisa ka mehlala ena ho ka re thusa hore re rue molemo dinthong tse ngotsweng bakeng sa ho re laya.—Bala Baroma 15:4.

HO TSHEPA BOHLALE BA MOTHO HO KOTSI

3-5. (a) Le hoja pelo ya Asa e ne e feletse ho Modimo o ile a thulana le bothata bofe? (b) Ke hobaneng ha Asa a ile a tshepa batho nakong eo Basha a neng a hlasela Juda?

3 Ha re qale ka mohlala wa Asa mme re bone hore Lentswe la Modimo le ka re thusa jwang. Asa o ile a tshepa Jehova ha Baethiopia ba hlasela Juda, leha ho le jwalo, o ile a hloleha ho mo tshepa ha Morena Basha wa Iseraele a qala ho haha Rama, motse o neng o le pela Juda. (2 Likron. 16:1-3) Ha morao Asa o ile a tshepa bohlale ba hae mme a fa Morena Ben-hadade wa Syria tjotjo e le hore a hlasele Basha. Na Asa o ile a atleha? Bibele e re: “Eitse hang ha Basha a utlwa ka hona, kapelepele a kgaotsa ho haha Rama mme a emisa mosebetsi wa hae.” (2 Likron. 16:5) Kahoo leano leo la Asa le ile la atleha.

4 Empa Jehova o ile a ikutlwa jwang ka seo? O ile a romela mmuelli wa hae Hanani ho eletsa Asa hobane a sa ka a mamela. (Bala 2 Likronike 16:7-9.) Hanani o ile a re:“Ho tloha jwale ho ya pele ho tla ba le dintwa kgahlanong le wena.” Basha o ile a tloswa, empa ho ile ha e ba le dintwa pusong yohle ya Asa.

5 Jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng, Modimo o ile a hlahloba pelo ya Asa mme a bona hore e felletse ho yena. (1 Mar. 15:14) Ho ya ka Modimo, boinehelo ba Asa bo ne bo kgotsofatsa. Leha ho le jwalo, o ne a lokela ho kotula ditholwana tsa qeto eo e bowatla. Ke hobaneng ha Asa a ile a tshepa bohlale ba hae le ba batho ba kang Ben-hadade, ho e na le ho tshepa Jehova? Na o ne a nka hore qeto ya hae e tla ba molemo ho feta ha a ka kopa thuso ho Modimo? Kapa o entse seo ka lebaka la dikeletso tse fosahetseng tseo a ileng a di fumana?

6. Re ka ithutang diphosong tsa Asa? Fana ka mohlala.

6 Na diphoso tsa Asa di tla etsa hore re hlahlobe tsela eo re etsang dintho ka yona? Ho ka ba bonolo ho bona hore ho bohlokwa ho tshepa Jehova nakong eo re tobanang le mathata a boima. Empa re etsang nakong eo re tobanang le mathata a manyenyane bophelong? Na re tshepa bohlale ba rona ha re sebetsana le ona? Kapa re sheba dikeletso tse hlahang ka Bibeleng, ho bontsha hore re tshepa Jehova? Ka mohlala, ka nako e nngwe ba lelapa ba ka nna ba o hanela ho ya dibokeng kapa dikopanong. O ka kopa Jehova hore a o thuse ho sebetsana le bothata boo. Empa o tla etsang haeba o ka lahlehelwa ke mosebetsi mme o thatafallwa ke ho fumana o mong? Haeba o ka buisana le mookamedi ya o hirang, na o tla mo tsebisa hore o lokela ho ya dibokeng beke e nngwe le e nngwe? Ho sa tsotellehe mathata a rona re lokela ho hopola mantswe a mopesaleme a reng: “Rolela tsela ya hao ho Jehova, o itshetlehe ka yena, mme o tla nka bohato.”Pes. 37:5.

HO TLWAELANA LE BATHO BA BABE HO KA O ETSANG?

7, 8. Josafate o ile a etsa diphoso dife, hona ditlamorao e ile ya e ba dife? (Sheba setshwantsho se qalong.)

7 Ha re ke re bone mohlala wa mora wa Asa e leng Josafate. Josafate o ne a e na le dintho tse ngata tse ntle tseo a neng a di etsa. O ne a tshepa Jehova haholo. Leha ho le jwalo, o ile a etsa diqeto tse bowatla. Ka mohlala, o ile a etsa tumellano ya hore mora wa hae a nyale moradi wa Morena Akabe ya neng a le kgopo. Hape Josafate ha a ka a mamela temoso e tswang ho moprofeta Mikaia, o ile a tsamaya le Akabe ho ya lwantsha Basyria. O ile a pholoha ka lesoba la nale ntweng. Ka mora moo o ile a kgutlela Jerusalema. (2 Likron. 18:1-32) Kahoo, moprofeta Jehu o ile a mmotsa a re: “Na ke ba kgopo ba lokelang ho thuswa, mme na ke ba hloileng Jehova bao o lokelang ho ba rata?”Bala 2 Likronike 19:1-3.

8 Na Josafate o ile a ithuta ho seo? Ha a ntse a leka ho sebeletsa Modimo ka tjheseho, ho bonahala e ka ha a ka a ithuta phosong eo ya hae. Josafate o ile a boela a etsa qeto e nngwe e bowatla. Lekgetlong lena o ile a kena tumellanong le sera sa Modimo e leng Morena Akazia, mora wa Akabe. Josafate le Akazia ba ile ba etsa dikepe, tse ileng tsa qetella di swahlamane mme di sa phethe le morero oo ba neng ba o rerile.2 Likron. 20:35-37.

9. Ho tlwaelana le batho ba sa rateng Jehova ho ka re ama jwang?

9 Ho bala ka mohlala wa Josafate ho etsa hore re batle ho itlhahloba. Re ka etsa seo jwang? Hopola, Josafate e ne e le morena ya lokileng. O ile a etsa se nepahetseng a boela “a batla Jehova ka pelo yohle ya hae.” (2 Likron. 22:9) Leha ho le jwalo, o ile a qeta nako le batho ba babe. Nahana ka maele ana: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ya bang le ditshebedisano le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.” (Liprov. 13:20) Ke nnete hore re ka nna ra leka ho thusa ba batlang ho ithuta ka Jehova. Empa Josafate o batlile a shwa ho sa hlokahale ka lebaka la ho sebetsa le Akabe. Ka ho tshwanang, ho ka ba kotsi le ho rona ha re ka tlwaelana le batho ba sa sebeletseng Jehova.

10. (a) Haeba re batla ho nyala, re ka ithutang mohlaleng wa Josafate? (b) Re lokela ho hopolang ka ho ba le setswalle le batho bao e seng Dipaki?

10 Re ka ithutang ho Josafate? Mokreste a ka nna a qala ho ba le maikutlo a lerato bakeng sa motho eo e seng Paki, hobane a nahana hore a ke ke a fumana motho ka phuthehong. Kapa mohlomong Mokreste a ka nna a fumana kgatello ho tswa ho ba leloko bao e seng Dipaki hore a nyale kapele. Ho feta moo, ba bang ba ka nna ba ikutlwa jwalo ka moradiwabo rona e mong ya ileng a re: “Re bopilwe re e na le takatso ya ho batla ho ratwa.” Mokreste o lokela ho etsang? Ho nahanisisa ka se ileng sa etsahalla Josafate le ho batla tataiso ho Modimo ho ka mo thusa. (2 Likron. 18:4-6) Ho ile ha etsahalang ka Josafate ha a sebetsa le Akabe ya neng a sa rate Jehova? Josafate o ne a lokela ho hopola hore Jehova o sheba dipelo tsa ba mo ratang ka pelo yohle. Le kajeno mahlo a Modimo “a qamaka ho pholletsa le lefatshe lohle,” mme o ikemiseditse ho ‘bontsha matla a hae’ molemong wa rona. (2 Likron. 16:9) O utlwisisa maemo a rona mme o a re rata. Na o a dumela hore Modimo o tla o thusa hore o fumane motho ya o ratang le eo le tla thaba ha mmoho? Kgodiseha hore o tla o thusa!

Hlokomela kotsi ya ho kena jokong le motho eo eseng Paki (Sheba serapa sa 10)

O SE KE WA DUMELLA PELO YA HAO HO IKGOHOMOSA

11, 12. (a) Ezekiase o ile a bontsha se ka pelong ya hae jwang? (b) Ke hobaneng ha Ezekiase a ile a pholoha kgalefo ya Modimo?

11 Seo re ka ithutang sona ho Ezekiase se akarelletsa pelo. Ka nako e nngwe, Modimo o ile a bona se ka pelong ya Ezekiase. (Bala 2 Likronike 32:31.) Nakong eo ka yona Ezekiase a neng a kula haholo, Modimo o ile a mo bontsha pontsho ya moriti o yang morao, e mo bontshang hore o tla fola. Kamoo ho bonahalang ka teng, kgosana ya Babylona e ile ya romella dihlwela ho ya sheba pontsho eo. (2 Mar. 20:8-13; 2 Likron. 32:24) Ha ho senolwa se ka pelong ya Ezekiase nakong eo ka yona a neng a le mong, Ezekiase o ile a bontsha Bababylona “ntlo yohle ya hae ya matlotlo.” Mme ketso eo e bowatla e ile ya senola “ntho e nngwe le e nngwe e ka pelong ya [Ezekiase].”

12 Bibele ha e bolele hore na keng e entseng hore pelo ya Ezekiase e ikgohomose. Na ke hobane a ile a hlola Baasyria kapa ke hobane a ile a phekolwa ka mohlolo ke Modimo? Kapa mohlomong ke ka lebaka la “maruo le kganya e kgolo haholo” eo a neng a e na le yona? Kaha Ezekiase o ne a ikgohomosa, ka dinako tse ding o ne a sa ananele se molemo seo a neng a se etsetswa. Ke ho utlwisang bohloko hakaakang! Le hoja a ile a sebeletsa Modimo ka pelo e feletseng, ka nako e nngwe Ezekiase o ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Leha ho le jwalo, ha morao ‘Ezekiase o ile a ikokobetsa,’ mme yena le batho ba hae ba ile ba pholoha kgalefo ya Modimo.—2 Likron. 32:25-27; Pes. 138:6.

13, 14. (a) Ke boemong bofe moo Jehova a ka re tlohelang e le hore a bone se ka dipelong tsa rona? (b)Re ka etsang ha re roriswa ka seo re se finyelletseng?

13 Re ka rua molemo jwang ka ho bala tlaleho ya Ezekiase le ho nahanisisa ka yona? Hopola hore boikgohomoso ba Ezekiase bo ile ba bonahala ka mora hore Jehova a mo thuse ho hlola Senkaribe le ka mora hore a mo fodise ka mohlolo nakong eo ka yona a batlileng a shwa. Ka lehlakoreng la rona, haeba re finyella ntho e itseng ya bohlokwa na seo se bolela hore Jehova wa re leka, e le hore a bone se ka dipelong tsa rona? Ka mohlala, mora wabo rona a ka nna a sebetsa ka thata ho lokisetsa puo eo a tlo fana ka yona ka pela batho ba bangata. O tla itshwara jwang ha ba mo rorisa?

14 Ha re roriswa ke hantle hore re nahane ka mantswe ana a Jesu a reng: “Ha le entse dintho tsohle tseo le di abetsweng, le re, ‘Re makgoba a se nang molemo. Seo re se entseng ke seo re neng re tshwanela hore e be re se entse.’” (Luka 17:10) Le ntlheng ena, re ka ithuta mohlaleng wa Ezekiase. Boikgohomoso bo ile a ba etsa hore a se ke a ananela se molemo seo a neng a se etsetswa. Ho nahana ka dintho tseo Jehova a ileng a re etsetsa tsona, ho ka re thusa ho qoba ho etsa dintho tseo a di hloileng. Re ka bua ha molemo ka Jehova. O fane ka Mangolo a Halalelang le ka moya o halalelang ho tshehetsa batho ba hae.

ETSA DIQETO KA HLOKO

15, 16. Ke hobaneng ha Josiase a ile a lahlehelwa ke tshireletso ya Modimo mme a shwa?

15 Qetellong re ka re re ithutileng ka se ileng sa hlahela Morena Josiase ya lokileng? Nahana ka se ileng sa etsa hore a hlolwe le hore a shwe. (Bala 2 Likronike 35:20-22.) Josiase o ile “a tswa ho ya teana” le Morena Neko wa Egepeta, le hoja Morena Neko a ne a mo bolelletse hore ha a na qabang le yena. Bibele e re mantswe a Neko a ne ‘a tswa molomong wa Modimo.’ Jwale hobaneng ha Josiase a ile a ya ntweng? Bibele ha e re bolelle.

16 Josiase o ne a tla tseba jwang hore mantswe a Neko a ne a tswa ho Jehova? Ho ka etsahala hore ebe o ile a botsa Jeremia, e leng e mong wa baprofeta ba tshepahalang. (2 Likron. 35:23, 25) Empa ha ho moo Bibele e buang ka ho toba hore o ile a etsa jwalo. Hape Neko o ne a ya Karkemishe ho ya “lwantsha ntlo e nngwe,” e seng Jerusalema. Ho feta moo, lebitso la Modimo le ne le sa amehe, Neko o ne a sa rera ho utlwisa Jehova kapa batho ba Jehova bohloko. Kahoo, Josiase o ne a entse qeto e bowatla ka ho lwantsha Neko. Mohlaleng oo re ka ithutang? Ha re tobane le mathata, re etsa hantle ha re a rarolla tumellanong le thato ya Jehova.

17. Ha re tobana le bothata, re ka etsang ho qoba phoso e entsweng ke Josiase?

17 Haeba bothata bo hlaha, re lokela ho sheba hore na melaomotheo ya Bibele e reng ka taba eo, ebe re a e mamela. Ka dinako tse ding, re ka nna ra tlameha ho buisana le baholo. Re ka nna ra fuwa keletso eo re e tsebang, kapa eo re ileng ra e fumana dingolweng tsa rona. Leha ho le jwalo, ho ka nna ha e ba le melaomotheo e meng eo re ka nahanang ka yona, eo moholo a ka re thusang hore re e utlwisise. Ka mohlala, moradi wabo rona o wa tseba hore o lokela ho bolela ditaba tse molemo. (Lik. 4:20) Leha ho le jwalo, o kgetha ho ya tshimong ka letsatsi le itseng, empa monna wa hae eo e seng Paki, o batla a dule lapeng. O re matsatsing ana ha ba sa qeta nako hammoho, kahoo o batla ba ke ba thabele ho ba ha mmoho. A ka nna a nahana ka ditemana tse tlwaelehileng jwalo ka tse buang ka ho mamela Modimo le taelo ya ho etsa barutuwa. (Mat. 28:19, 20; Lik. 5:29) Empa o boetse o lokela ho nahana ka boikarabelo ba hae jwalo ka mosadi. (Baef. 5:22-24; Bafil. 4:5) Na monna wa hae o mo hanela ho ya tshimong kapa o mpa a batla hore ba etse ntho e itseng letsatsing lona leo feela? Re lokela ho lekalekanya dintho ha re sebeletsa Modimo mme re batla ho ba le letswalo le letle.

E BA LE PELO E FELETSENG MME O THABE

18. O ka rua molemo jwang ka ho nahanisisa ka mehlala ya marena a mane ao re buileng ka ona sehloohong see?

18 Kaha ha re ya phethahala, le rona re ka iphumana re entse diphoso tse tshwanang le tse entsweng ke marena a mane ao re buileng ka ona. Re ka nna ra (1) tshepa bohlale ba rona, (2) ra kena setswalleng le batho ba sa rateng Jehova, (3) ra ikgohomosa, kapa  (4) ra etsa diqeto re sa nahana hore na Jehova o ikutlwa jwang ka tsona. Ruri Jehova o mosa, hobane o kgona ho bona dintho tse ntle tseo re di etsang, jwalo ka ha a ile a di bona le ho marena a mane ao re buileng ka ona. Jehova o boetse o hlokomela kamoo re mo ratang ka teng le kamoo re ikemiseditseng ho mo sebeletsa. Kahoo o re file mehlala e le hore re seke ra etsa diphoso tse tshwanang. Ha re nahanisiseng ka mehlala ena e hlahang ka Bibeleng mme re ananele sohle seo Jehova a re fileng sona.