Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Tle Mmuso wa Hao”​—Thapelo e Rapelwang ke Batho ba Bangata

“Ho Tle Mmuso wa Hao”​—Thapelo e Rapelwang ke Batho ba Bangata

Na o kile wa rapela thapelo e reng, Mmuso wa hao o ke o tle? Ho se ho fetile dilemo tse ngata batho ba rapela thapelo e nang le mantswe ao. Ke hobaneng ha batho ba dula ba phetha mantswe ao ha ba rapela? Ke hobane Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore ba rapelle Mmuso wa Modimo.

Qalong, balatedi ba Jesu ba ne ba sa utlwisise ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a e bua ka Mmuso wa Modimo. Ba ile ba mmotsa ba re: “Morena, na o kgutlisetsa mmuso ho Iseraele nakong ee?” Ba ile ba makatswa ke hore Jesu ha a ka a ba bolella nako e tobileng ya hore Mmuso wa Modimo o tla tla neng. (Diketso 1:​6, 7) Na seo se bolela hore re ke ke ra tseba hore Mmuso wa Modimo ke eng le hore o tla tla neng? Tjhe ha ho jwalo!

Makasine ena ya Tora ya ho Lebela e tla o thusa ho fumana dikarabo tsa dipotso tse latelang:

  • Ke hobaneng ha re hloka Mmuso wa Modimo?

  • Morena wa Mmuso wa Modimo ke mang?

  • Mmuso wa Modimo o tla busa neng lefatsheng?

  • Mmuso wa Modimo o tla finyella eng?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho tshehetsa Mmuso wa Modimo hona jwale?

  • Mmuso wa Modimo ke eng?