Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mmuso wa Modimo ke Eng?

Mmuso wa Modimo ke Eng?

Batho ba bangata ba rapella hore Mmuso wa Modimo o tle, empa na o kile wa ipotsa hore Mmuso wa Modimo ke eng le hore o tla etsang?

HLOKOMELA SEO BIBELE E SE BUANG:

  • Mmuso wa Modimo ke eng?

    Ke mmuso o lehodimong oo mmusi wa ona e leng Jesu Kreste.​—Esaia 9:6, 7; Matheu 5:3; Luka 1:31-33.

  • Mmuso wa Modimo o tla finyella eng?

    O tla fedisa dintho tse kgopo tse etsahalang hona jwale mme o tlise kgotso ya sebele lefatsheng.​—Daniele 2:44; Matheu 6:10.

  • Ho bolelang ho batla Mmuso pele?

    Ho bolela ho tshehetsa Mmuso wa Modimo le ho tshepa hore ke ona feela o tla lokisa mathata a lefatsheng mme lefatshe le be ka tsela eo Modimo a batlang hore le be ka yona.​—Matheu 6:33; 13:44.