Jobo 4:1-21

  • Elifaze o qala ho bua (1-21)

    • O belaela hore Jobo ha a tšepahale (7, 8)

    • O bua ka molaetsa oo a o utloileng (12-17)

    • ‘Molimo ha a tšepe bahlanka ba hae’ (18)

4  Elifaze+ oa Motemane a araba a re:   “Ha motho a leka ho bua le uena, na u tla mo fella pelo? Ke mang ea ka khonang ho ithiba hore a se ke a bua?   Ke ’nete hore u khalemetse batho ba bangata,Hape u ne u tloaetse ho matlafatsa ba nyahameng.   Mantsoe a hao a ne a phahamisa mang kapa mang ea khoptjoang,Ebile u ne u matlafatsa bao mangole a bona a tšeremang.   Empa joale mathata a hlahetse uena ’me u sithabetse,*Aa u ama ’me u nyahame.   Na taba ea hore u hlompha Molimo ha e u fe kholiseho? Na tsela ea hao ea botšepehi+ ha e u fe tšepo?   Ke kopa u hopole sena: Ke motho ofe ea se nang molato ea kileng a felisoa? Ke neng motho ea lokileng a kileng a bolaoa?   Ke hlokometse hore ba lemang* lintho tse kotsiLe ba jalang khathatso ba tla li kotula.   Ka phefumoloho ea Molimo baa felisoaLe ka khalefo ea hae e matla baa fela. 10  Tau ea puruma le lelinyane la eona lea roraEmpa le meno a litau tse matla aa pshatleha. 11  Tau ea shoa ka lebaka la ho hloka nyamatsanaLe malinyane a tau aa hasana. 12  Lentsoe le ile la tlisoa ho ’na ka sephiri’Me tsebe ea ka ea le utloa le hoeshetsa. 13  Bosiu ha batho ba robetse,Ke ile ka ba le lipono tse ntšoenyang. 14  Ka thothometsoa ke tšabo,Ea tlala masapo ’ohle a ka. 15  Ntho e ’ngoe* ea feta sefahlehong sa ka,Moriri oa ka oa baleha. 16  Ea fihla ea ema ka pel’a kaEmpa ke ne ke sa bone hore na ke eng. Ho ne ho e-na le ntho ka pel’a ka,Ho ne ho khutsitse ’me ka utloa lentsoe le re: 17  ‘Na motho e ka ba ea lokileng ho feta Molimo? Na motho a ka hloeka ho feta Moetsi oa hae?’ 18  Ha a tšepe bahlanka ba hae*Ebile o tšoaea mangeloi a hae liphoso. 19  A ka tšepa joang ba lulang matlong a entsoeng ka mobu,Ba entsoeng ka lerole,+Ba bolaoang habonolo joaloka tšoele?* 20  Baa phela hoseng ebe mantsiboea baa shoa,Baa shoa ’me ha ho na motho ea ba tsotellang. 21  Na ha ba joaloka tente eo thapo ea eona e fasollotsoeng? Ba shoa ba se na bohlale.

Linaletsana

Ka Seheberu: “u tepeletse.”
Kapa: “rerang.”
Kapa: “matla a sa bonahaleng.”
Kapa: “baromuoa.”
Kapa: “ ’moto.”