KHAOLO EA BOBELI
Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
-
Bibele e fapane joang le libuka tse ling tsohle?
-
Bibele e ka u thusa joang ho sebetsana le mathata a hao?
-
Ke hobane’ng ha u ka tšepa boprofeta bo tlalehiloeng ka Bibeleng?
1, 2. Ke ka litsela life Bibele e leng mpho e thahasellisang e tsoang ho Molimo?
NA U sa hopola mohla u neng u fumana mpho e ntle e tsoang ho motsoalle ea ratehang? Mohlomong ho amohela mpho eo ha ea ka ea e-ba ho thahasellisang feela, empa e ile ea boela ea e-ba ho thabisang haholo. Etsoe mpho e u bolella ho hong ka mofani oa eona—hore o nka botsoalle ba hao e le ba bohlokoa. Ha ho pelaelo hore u ile ua bontša hore u ananela mpho eo ea motsoalle oa hao e bontšang ho nahanela.
2 Bibele ke mpho e tsoang ho Molimo, eo ka sebele re lokelang ho e ananela. Buka ena e ikhethang e re senolela lintho tseo ho neng ho se mohla re tla ke re li tsebe. Ka mohlala, e re bolella ka ho bōptjoa ha maholimo a tletseng linaleli, lefatše, monna oa pele le mosali oa pele. Bibele e na le melao-motheo e tšepahalang e re thusang ho sebetsana ka katleho le mathata le matšoenyeho a bophelo. E hlalosa kamoo Molimo a tlang ho phethahatsa morero oa hae kateng ’me a tlise maemo a molemo lefatšeng. Bibele ke mpho e babatsehang hakaakang!
3. ’Nete ea hore Jehova o re file Bibele e re bolella eng ka eena, hona ke hobane’ng ha see e le se thabisang?
3 Hape Bibele ke mpho e thabisang haholo, kaha e senola
ho hong ka Mofani oa eona, e leng Jehova Molimo. ’Nete ea hore o fane ka buka e joalo ke bopaki ba hore o batla hore re mo tsebe hantle. Ha e le hantle, Bibele e ka u thusa ho atamela haufi le Jehova.4. Ke’ng se u khahlang ka ho ajoa ha Bibele?
4 Haeba u na le Bibele, hase uena feela. Bibele e ’nile ea hatisoa e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 2 300 ’me seo se bolela hore ho baahi ba bang le ba bang ba lefatše ba lekholo, ba fetang 90 ba ka e fumana. Ka karolelano, ho ajoa Libibele tse fetang milione beke ka ’ngoe! Ho hlahisitsoe Libibele tse libilione e le Bibele e feletseng kapa e le karolo e itseng ea eona. Ka sebele, ha ho buka e ’ngoe e kang Bibele.
5. Ke ka tsela efe Bibele e ‘bululetsoeng ke Molimo’?
5 Ho feta moo, Bibele e “bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Ka tsela efe? Bibele ka boeona e re: “Batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Ka mohlala: Rakhoebo a ka ’na a re mongoli a ngole lengolo. Lengolo leo le ngotse maikutlo a rakhoebo le litaelo tsa hae. Kahoo, ha e le hantle lengolo ke la hae, hase la mongoli. Ka tsela e tšoanang, Bibele e tšoere molaetsa o tsoang ho Molimo, eseng ho batho ba ileng ba e ngola. Ka hona, ha e le hantle Bibele eohle ke “lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13.
EA LUMELLANA EBILE E NEPAHETSE
6, 7. Ke hobane’ng ha ho lumellana ha likarolo tsa Bibele e le ho thahasellisang ka ho khetheha?
6 Bibele e nkile lilemo tse fetang 1 600 hore e ngoloe. Bangoli ba eona ba phetse ka linako tse sa tšoaneng ebile e le ba limelo tse sa tšoaneng. Ba bang e ne e le lihoai, batšoasi ba litlhapi le balisa. Ba bang e le baprofeta, baahloli le marena. Luka ea ngotseng Kosepele e ne e le ngaka. Le hoja bangoli ba eona e le ba limelo tse sa tšoaneng, Bibele ea lumellana ho tloha qalong ho isa qetellong. *
7 Buka e qalang ea Bibele e re bolella kamoo mathata a moloko oa batho a qalileng kateng. Buka ea ho qetela e bontša hore lefatše lohle e tla ba paradeise, kapa serapa. Boitsebiso bohle bo ka Bibeleng bo akaretsa lilemo tse likete tsa histori, ’me bo amana ka tsela e itseng le ho senoleha ha morero oa Molimo. Bibele e lumellana ka tsela e tsotehang, ’me sena ke sona seo re ka se lebellang bukeng e tsoang ho Molimo.
8. Fana ka mehlala e bontšang hore Bibele e nepahetse litabeng tsa saense.
8 Bibele e nepahetse litabeng tsa saense. Ebile e tšoere boitsebiso bo tsoetseng pele ha bo bapisoa le se neng se tsejoa ka nako eo. Ka mohlala, buka ea Levitike e ngotse melao e neng e fuoe Baiseraele ba boholo-holo ea hore motho ea nang le lefu le tšoaetsanoang a aroloe sechabeng hammoho le ea bohloeki ha lichaba tse ling tse neng li ba potolohile li ne li sa tsebe letho ka lintho tseo. Nakong ea ha ho ne ho e-na le likhopolo tse fosahetseng ka sebōpeho sa lefatše, Bibele e ile ea bolela hore ke selika-likoe, kapa le chitja. (Esaia 40:22) Bibele e ile ea bolela ka nepo hore lefatše le ‘leketlile holim’a lefeela.’ (Jobo 26:7) Ke ’nete hore Bibele hase buka ea saense. Empa moo e amang litaba tsa saense teng, e nepahetse. Na see hase sona seo re ka se lebellang bukeng e tsoang ho Molimo?
9. (a) Bibele e bontša ka litsela life hore e nepahetse litabeng tsa histori le hore ea tšepahala? (b) Ho tšepahala ha bangoli ba eona ho u bolella’ng ka Bibele?
9 Bibele e boetse e nepahetse litabeng tsa histori ebile ea tšepahala. Litlaleho tsa eona li tobile. Ha li bolele feela mabitso a batho empa li bolela le leloko leo ba tsoang ho lona. * Ho fapana le bo-rahistori ba lefatše, bao hangata ba sa boleleng ha lichaba tsa habo bona li hlōtsoe, bangoli ba Bibele ba ne ba tšepahala, ba tlaleha esita le liphoso tseo ba li entseng le tse entsoeng ke sechaba sa habo bona. Ka mohlala, bukeng ea Bibele ea Numere, mongoli oa eona e leng Moshe o lumela phoso e tebileng eo a ileng a e etsa a ba a khalemeloa ka matla ka lebaka la eona. (Numere 20:2-12) Hase hangata litlaleho tse ling tsa histori li tlalehang ka botšepehi joalo empa Bibele eona ea tšepahala kaha ke buka e tsoang ho Molimo.
BUKA EA BOHLALE BO SEBETSANG
10. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe Bibele ke buka e sebetsang?
10 Kaha Bibele e bululetsoe ke Molimo, e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16) Ka sebele Bibele ke buka e sebetsang. E bontša hore e utloisisa ka ho hlaka sebōpeho sa motho. Seo ha se makatse kaha Mongoli oa eona, e leng Jehova Molimo, ke ’Mōpi! O utloisisa tsela eo re nahanang ka eona le eo re ikutloang ka eona hamolemo ho re feta. Ho feta moo, Jehova o tseba seo re se hlokang e le hore re thabe. Hape o tseba lintho tseo re lokelang ho li qoba bophelong.
11, 12. (a) Jesu o ile a bua ka lintlha life Thutong ea hae ea Thabeng? (b) Bibele e tšohla lintlha life tse ling tse sebetsang, hona ke hobane’ng ha keletso ea eona e sa felloe ke nako?
11 Ak’u nahane ka puo ea Jesu e bitsoang Thuto ea Thabeng, e tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 5 ho isa ho ea 7. Thutong ena e tsotehang, Jesu o ile a bua ka lintlha tse ’maloa, tse akarelletsang tsela ea ho fumana thabo ea sebele, ea ho rarolla liqabang, ea ho rapela le ho ba le pono e loketseng ka lintho tse bonahalang. Mantsoe ao a Jesu a ntse a le matla ebile a ntse a sebetsa le kajeno feela joaloka ha a ne a a bua.
12 Melao-motheo e meng ea Bibele e bua ka bophelo ba lelapa, mekhoa ea ho sebetsa le litšebelisano le ba bang. Melao-motheo ea Bibele e sebetsa ho batho bohle, ’me keletso ea eona e molemo ka linako tsohle. Bohlale bo fumanoang ka Bibeleng bo akaretsoa ke mantsoe ao Molimo a ileng a a bua a Esaia 48:17.
sebelisa moprofeta Esaia, ha a re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”—BUKA EA BOPROFETA
13. Jehova o ile a bululela moprofeta Esaia hore a tlalehe lintlha life ka Babylona?
13 Bibele e na le boprofeta bo bongata, ’me boholo ba bona bo se bo phethahetse. Nka ka mohlala. Jehova o ile a bolela esale pele hore motse oa Babylona o tla timetsoa, a sebelisa moprofeta Esaia, ea phetseng lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. (Esaia 13:19; 14:22, 23) Ho ile ha fanoa ka lintlha tse tobileng ho bontša hore na sena se ne se tla etsahala joang. Mabotho a hlaselang a ne a tla pshesa nōka ea Babylona ebe a kena motseng oo a sa loane le ho loana. Ha ho felle moo. Boprofeta ba Esaia bo ne bo bile bo boletse ka lebitso morena ea neng a tla hlōla Babylona—e leng Cyruse.—Esaia 44:27–45:2.
14, 15. Lintlha tse ling tsa boprofeta ba Esaia bo mabapi le Babylona li ile tsa phethahala joang?
14 Lilemo tse ka bang 200 hamorao—bosiung ba la 5 le la 6 October, 539 B.C.E.—lebotho la ntoa le ile la hloma liahelo haufi le Babylona. Le ne le laoloa ke mang? Ke morena oa Persia ea bitsoang Cyruse. Hoo ho ile ha bula tsela ea hore boprofeta bona bo hlollang bo phethahale. Empa na lebotho la Cyruse le ne le tla futuhela Babylona le sa loane le ho loana, joalokaha ho ne ho profetiloe?
15 Bababylona ba ne ba tšoere mokete bosiung boo ’me ba ikutloa ba sireletsehile ka har’a marako a maholohali a motse oa bona. Ka nako eo, Cyruse ka masene o ile a khelosa metsi a nōka e phallang har’a motse oo. Ka mor’a nakoana metsi a ile a fokotseha hoo banna ba hae ba neng ba ka tšela nōka ’me ba ea marakong a motse. Empa lebotho la Cyruse le ne le tla kena joang ka har’a marako a Babylona? Ka lebaka le leng le itseng, menyako ea motse e ne e siuoe e butsoe bosiung boo!
16. (a) Esaia o ile a bolela eng esale pele ka qetello ea Babylona? (b) Boprofeta ba Esaia bo mabapi le ho timetsoa ha Babylona bo phethahetse ho isa bohōleng bofe?
16 Ho ile ha boleloa sena esale pele ka Babylona: “E ke ke Esaia 13:20) Boprofeta bona ha boa ka ba bolela esale pele feela hore motse oo o tla oa. Bo ile ba bontša hore Babylona e ne e tla lula e le lesupi. U ka bona bopaki ba ho phethahala ha mantsoe ana. Sebaka se se nang baahi sa Babylona ea boholo-holo—se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 80 ka boroa ho Baghdad, Iraq—ke bopaki ba ho phethahala ha mantsoe ao Jehova a a buileng a sebelisa Esaia a reng: “Ke tla mo fiela ka lefielo la pheliso.”—Esaia 14:22, 23. *
ea hlola e e-ba le baahi, kapa e be teng molokong o mong ka mor’a o mong. Moarabia a ke ke a hloma tente ea hae moo, ’me ha ho balisa ba tla bothisa mehlape ea bona moo.” (17. Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho matlafatsa tumelo joang?
17 Na hase ho matlafatsang tumelo ho hlahloba kamoo Bibele e leng buka ea boprofeta bo tšepahalang kateng? Ha e le hantle, haeba Jehova Molimo a phethahalitse litšepiso tsa hae tsa nakong e fetileng, re na le mabaka ’ohle a ho kholiseha hore o tla boela a phethahatsa tšepiso ea hae ea paradeise Numere 23:19) Ha e le hantle, re na le “tšepo ea bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele.”—Tite 1:2. *
ea lefatšeng. (“LENTSOE LA MOLIMO LEA PHELA”
18. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bua mantsoe afe a matla ka “lentsoe la Molimo”?
18 Ho ea ka seo re seng re se hlahlobile khaolong ena, ho hlakile hore Bibele ke buka e ikhethang e le kannete. Leha ho le joalo, hase ea bohlokoa feela ha ho tluoa tabeng ea ho lumellana ha likarolo tsa eona, ho nepahala ha eona litabeng tsa saense le tsa histori, bohlale ba eona bo sebetsang le boprofeta Baheberu 4:12.
ba eona bo tšepahalang. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola a re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo, le manonyello le moko oa ’ona, ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.”—19, 20. (a) Bibele e ka u thusa joang hore u itlhahlobe? (b) U ka bontša joang hore u ananela mpho e ikhethang eo Molimo a faneng ka eona, e leng Bibele?
19 Ho bala “lentsoe” la Molimo kapa molaetsa oa hae ka Bibeleng ho ka fetola bophelo ba rōna. Ho ka re thusa hore re itlhahlobisise ho feta pele. Re ka ’na ra re re rata Molimo, empa tsela eo re itšoarang ka eona mabapi le se rutoang ke Lentsoe la hae le bululetsoeng, e leng Bibele, se tla senola seo re hlileng re se nahanang, esita le seo re ikemiselitseng sona lipelong tsa rōna.
20 Ka sebele, Bibele ke buka e tsoang ho Molimo. Ke buka e lokelang ho baloa, ho ithutoa le ho ratoa. Bontša hore u ananela mpho ena e tsoang ho Molimo ka ho tsoela pele u hlahlobisisa boitsebiso bo ka har’a eona. Ha u ntse u etsa joalo, u tla utloisisa ka ho tebileng seo Molimo a se reretseng moloko oa batho. Khaolo e latelang e tla hlalosa hore na morero oo ke ofe le hore na o tla phethahala joang.
^ ser. 6 Le hoja batho ba bang ba re likarolo tse ling tsa Bibele lia hanyetsana, seo ha se na motheo. Bona khaolo ea 7 bukeng e reng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
^ ser. 9 Ka mohlala, hlokomela boitsebiso bo qaqileng ba leloko la Jesu bo boletsoeng ho Luka 3:23-38.
^ ser. 16 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka boprofeta ba Bibele, bona bukana e reng Buka ea Batho Bohle, leqepheng la 27-9, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
^ ser. 17 Ho timetsoa ha Babylona ke o mong feela oa mehlala ea boprofeta ba Bibele bo phethahetseng. Mehlala e meng e akarelletsa ho timetsoa ha Tyre le Ninive. (Ezekiele 26:1-5; Sofonia 2:13-15) Boprofeta ba Daniele le bona bo boletse esale pele mebuso ea lefatše e neng e tla busa ka ho hlahlamana ka mor’a Babylona. E akarelletsa Medo-Persia le Greece. (Daniele 8:5-7, 20-22) Ho fumana tlhaloso e eketsehileng ka boprofeta ba Bomesia bo phethahetseng ho Jesu Kreste, bona Sehlomathiso, leqepheng la 199-201.