Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Surasak Suwanmake/Moment via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka Mocheso o sa Tloaelehang Lefatšeng Lehlabuleng la 2023?

Bibele e Re’ng ka Mocheso o sa Tloaelehang Lefatšeng Lehlabuleng la 2023?

 Lefatšeng ka bophara batho ba mameletse mocheso o sa tloaelehang hammoho le likoluoa tse bakoang ke oona. Hlokomela litlaleho tse latelang:

  •   Tlaleho ea National Oceanic and Atmospheric Administration, U.S. Department of Commerce ea la 13 July 2023 e re: “Khoeli ena ea June e bile e chesang ka ho fetisisa haesale mocheso o qala ho methoa lilemo tse 174 tse fetileng.”

  •   Tlaleho ea European Space Agency ea la 13 July 2023 e re: “Linaheng tsa Italy, Spain, France, Germany le Poland ho chesa habohloko ’me ho ka lebelloa hore lihlekehlekeng tsa Sicily le Sardinia mocheso o tla fihla ho 48°C. Ha ho e-s’o be le mocheso o kang ona haesale Europe.”

  •   “Tlaleho ea Stefan Uhlenbrook, e leng e mong oa baokameli ba mokhatlo oa World Meteorological Organization ea la 17 July 2023 e re: “Ha lefatšeng ho ntse ho chesa ho ea pele, re ka lebella lipula tse ngata haholo tse tla baka likhohola tse mpe.”

 Na litlaleho tsee lia u tšosa? Utloa hore na Bibele e re’ng ka taba ena ea bohlokoa.

Na mocheso oo o sa tloaelehang o phethahatsa boprofeta ba Bibele?

 Ho joalo. Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea rona ho tla ba le lintho tse kang mocheso o sa tloaelehang le maemo a leholimo a hlobaetsang. Ka mohlala, Jesu o ile a bolela esale pele hore re tla bona lintho “tse sa tloaelehang le tse tšosang.” (Luka 21:11; Good News Translation) Ha mocheso o ntse o nyoloha, batho ba bangata ba tšoha hore lefatše le tla senyeha ’me ho be thata ho phela ho lona.

Na lefatše le ka senyeha hoo batho ba ka sitoang ho phela ho lona?

 Che. Molimo o entse hore lefatše e be lehae la rona. A ke ke a lumella batho hore ba le senye. (Pesaleme ea 115:16; Moeklesia 1:4) Ha e le hantle, o tšepisitse hore o tla ‘felisa ba senyang lefatše.’—Tšenolo 11:18.

 Bibele e bontša hore Molimo o khona ho sireletsa lefatše ebile o tla le sireletsa hore le se ke la senyeha.

  •   “[Molimo] o khutsisa sefefo ebe maqhubu a leoatle aa thola.” (Pesaleme ea 107:29) Molimo a ka laola matla a tlhaho. O na le bokhoni ba ho lokisa mathata a tikoloho a bakoang ke maemo a hlobaetsang a leholimo ao hona joale a thatafalletsang batho ho phela.

  •   “U hlokomela lefatše, u etsa hore le behe lijalo tse ngata ebile oa le nontša.” (Pesaleme ea 65:9) Molimo o tla etsa hore lefatše e be paradeise.

 Ho ithuta ho eketsehileng ka tšepiso ea Bibele ea hore lefatše le tla loka, bala sehlooho se reng: Who Will Save the Earth?