1. E Nepahetse Litabeng Tsa Histori
Mabaka a ho Tšepa Bibele
1. E Nepahetse Litabeng Tsa Histori
Ho ka ba thata ho tšepa buka eo ho fumanoang hore e na le liphoso. Ak’u inahanele u bala buka ea histori ea kajeno ’me e re ntoa ea bobeli ea lefatše e loannoe ka bo-1800 kapa e re mopresidente oa United States ke morena. Na boitsebiso boo bo fosahetseng bo ne bo sa tl’o etsa hore u ipotse hore na boitsebiso bo bong kaofela bo bukeng eo boa tšepahala kapa che?
HA HO motho ea kileng a atleha ho hanyetsa ho nepahala ha Bibele litabeng tsa histori. E bua ka batho ba sebele le ka lintho tsa sebele tse etsahetseng.
Batho. Bahlahlobisisi ba Bibele ba ne ba belaella hore Ponse Pilato o kile a ba teng, e leng ’musisi oa Moroma oa Judea ea ileng a nehelana ka Jesu hore a khokhotheloe thupeng. (Matheu 27:1-26) Bopaki ba hore Pilato e kile ea e-ba ’musi oa Judea bo ngotsoe lejoeng [1] le ileng la fumanoa ka 1961 motseng oa Cesarea o koung ea leoatle la Mediterranean.
Pele ho 1993, ho ne ho se na bopaki bo bong haese bo ka Bibeleng feela bo tšehetsang taba ea hore Davida o kile a ba teng, e le molisa e mocha ea sebete eo hamorao e ileng ea e-ba morena oa Iseraele. Empa selemong seo, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla lejoe le leng karolong e ka leboea ea Iseraele [2], leo ho thoeng ke la lekholong la borobong la lilemo B.C.E., leo litsebi li reng le ngotsoe mantsoe a reng “Ntlo ea Davida” le “morena oa Iseraele.”
Liketsahalo. Ho fihlela moraonyana tjena, litsebi tse ngata li ne li belaella ho nepahala ha tlaleho ea Bibele e buang ka sechaba sa Edomo ha se ne se loana le sa Iseraele mehleng ea Davida. (2 Samuele 8:13, 14) Li ne li re ka nako eo Baedomo e ne e le balisa le bo-ramehlape feela tjee ba sa hlophisehang hakaalo kapa ba seng matla hakaalo hore ba ka sokela Baiseraele, ho fihlela nako e telele ka mor’a moo. Empa koranta e bitsoang Biblical Archaeology Review e re lintho tsa khale tse sa tsoa epolloa li bontša hore “ke khale Baedomo e le sechaba se nang le tsamaiso e rarahaneng [ho feta kamoo ho neng ho nahanoa kateng pele], joalokaha Bibele e bontša.”
Litlotla tse nepahetseng. Ho bile le babusi ba bangata lefatšeng lilemong tse makholo a 16 tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona. Kamehla Bibele e sebelisa tlotla e nepahetseng ha e bua ka ’musi ea itseng. Ka mohlala, ka nepo e re Heroda Antipase ke “’musi oa setereke” ’me Galio ke “motsamaisi oa profinse.” (Luka 3:1; Liketso 18:12) Esdrase 5:6 e bua ka Tatenai, ’musisi oa profinse ea Persia e “ka nģ’ane ho Nōka,” e leng Nōka ea Eufrate. Chelete ea tšepe ea lekholong la bone la lilemo B.C.E. le eona e hlalosa ’musisi oa Persia ea bitsang Mazaeus e le ’musi oa profinse e “Ka Nģ’ane ho Nōka.”
Ho nepahala ha taba lintlheng tse sa reng letho hakaalo ke habohlokoa. Haeba re tšepa bangoli ba Bibele lintlheng tse sa reng letho hakaalo, na seo ha sea lokela ho re susumelletsa ho ba tšepa le ho feta linthong tse ling tseo ba li ngotseng?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 5]
1: Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority; 2: HUC, Tel Dan Excavations; photo: Zeev Radovan