Buka e Ikhethang
Buka e Ikhethang
“Bibele ke buka e abuoeng ka ho fetisisa historing.”—The World Book Encyclopedia.
LILEMONG tse 550 tse fetileng, moqapi oa Lejeremane ea bitsoang Johannes Gutenberg o ile a qala ho hatisa ka mochine o monyenyane. Buka ea pele e khōlō eo a ileng a e hatisa ke Bibele. * Ho tloha nakong eo, ho se ho hatisitsoe libuka tse limilione-milione tse buang ka lintho tsena kaofela tse teng. Empa Bibele eona ea ikhetha ho tsona kaofela.
◼ Ho hakanngoa hore ho hatisitsoe Libibele tse ka bang limilione tse likete tse 4,7 (e feletse kapa e sa fella). Palo eo e mena ka makhetlo a fetang a mahlano palo ea khatiso e latelang e abuoeng ka ho fetisisa, e leng Quotations From Chairman Mao.
◼ Morao tjena ho sa tsoa ajoa likopi tse limilione tse 50 tsa Bibele, e feletse kapa e le likarolo tse itseng tsa eona, ka selemo se le seng feela. Tlaleho e makasineng ea The New Yorker, e re: “Selemo se seng le se seng, Bibele ke eona buka e rekoang ka ho fetisisa.”
◼ Bibele e fetoletsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang tse 2 400. Bonyane karolo e ’ngoe ea Bibele e fumaneha ka lipuo tse buuoang ke batho ba 90 ho ba bang le ba bang ba lekholo.
◼ Hoo e ka bang halofo ea bangoli ba Bibele ba qetile ho ngola mangolo a bona pele rafilosofi ea tsebahalang oa Lechaena ea bitsoang Confucius a tsoaloa, le Siddhārtha Gautama, mothehi oa Bobuddha.
◼ Bibele e bile le tšusumetso e matla ho tsa bonono, ho akarelletsa tse ling tsa litšoantšo tse takiloeng, lipina le lingoliloeng tse tummeng haholo lefatšeng.
◼ Bibele e ’nile ea thibeloa ke mebuso, ea chesoa ke bahanyetsi ba bolumeli le ho hlaseloa ke bahlahlobisisi. Ha ho buka e ’ngoe e kileng ea hanyetsoa ka matla joalo—’me ea ’na ea e-ba teng.
Na lintlha tsee tse boletsoeng ka holimo hase tse ikhethang? Ke ’nete hore lintlha le lipalo-palo tse tsotehang ka botsona ha li pake hore Bibele e ka tšeptjoa. Lihloohong tse latelang re tlil’o tšohla mabaka a mahlano a kholisitseng batho ba limilione hore ba ka tšepa Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 3 Bibele ea Gutenberg e ne e fetoletsoe ka Selatine ’me e ile ea qetoa hoo e ka bang ka 1455.
[Litšoantšo leqepheng la 4]
Mochine oa khatiso oa Gutenberg le leqephe le tsoang Bibeleng ea hae
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Press: Courtesy American Bible Society; page: © Image Asset Management/age fotostock