Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng—Karolo ea 7

“Bofelo bo Tla Tla”

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng—Karolo ea 7

Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.

NA U tlala bohale ha mebuso e khopo e hatella baahi ba eona ebile e ba tlatlapa? Na u utloa bohloko ha u bona likhoebo tse khōlō li khopamisa toka ʼme li ruisa barui ka ho qhekella mafutsana? Na u loloma ke bohale ha u bona baeta-pele ba bolumeli ba kuta mehlape ea bona kapa ba ruta lintho tseo ho totobetseng hore hase ʼnete? Haeba ho joalo, u tla thabela ho tseba hore Bibele le eona e nyatsa lintho tsena tse mpe. Sehloohong sena re tla tšohla (1) boprofeta ba Bibele bo bolelang esale pele hore ho tla felisoa bokhopo bohle le batho ba khopo le (2) hore na ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa boprofeta bona ka ho feletseng.

Ho Felisoa ha Bokhopo

Sehloohong se fetileng letotong lena ho ile ha tšohloa pontšo e nang le likarolo tse ngata eo Jesu a faneng ka eona e bontšang hore lefatše la hona joale le haufi le ho fela. Pontšo eo, e akarelletsa ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ʼMuso oa Molimo lefatšeng lohle—e leng puso ea Molimo eo haufinyane e tla busa lefatše kaofela. (Daniele 2:44; Matheu 24:3, 14) Jesu o itse ha mosebetsi oo oa ho bolela o phethiloe, “bofelo bo tla tla.” Mohlomong u tla makala ho tseba hore ntho ea pele eo Molimo a tla e felisa ke bolumeli ba bohata, bo rutang lintho tse sa nepahalang ka eena. Bibele e tšoantša bolumeli ba bohata le seotsoa se bitsoang “Babylona e Moholo.”—Tšenolo 17:1, 5; sheba lebokose le nang le sehlooho se reng  “Ho Khetholla Babylona e Moholo,” leqepheng la 13.

Boprofeta ba pele:

‘Likotlo tsa [Babylona e Moholo] li tla tla, lefu le ho siama le tlala, ’me o tla  chesoa ka ho feletseng ka mollo, hobane Jehova Molimo, ea mo ahlotseng, o matla.’—Tšenolo 18:2, 8.

Ho phethahala ha bona: Bibele e senola hore Molimo ka nako ea hae, o tla susumetsa mebuso ea lefatše ea lipolotiki hore e fetohele Babylona e Moholo ʼme e e timetse. E tla ‘ripitla Babylona e Moholo le ho e hlobolisa’ ʼme e ‘je linama tsa eona.’ (Tšenolo 17:16) Ka mantsoe a mang, e tla pepesa mesebetsi ea eona e hlabisang lihlong e be e tlatlape letlotlo la eona le leholo. Babylona e Moholo e tla timetsoa ka potlako le ka ho phethahetseng hoo ho ke keng ha sala letho la eona.—Tšenolo 18:21.

Babusi ba lipolotiki ba tla nahana hore ho itsoetse ho bona hore ba etse joalo. Leha ho le joalo, ho phethahala ha boprofeta bona bo hlollang ho tla tiisa hore Molimo ke eena ea timelitseng Babylona e Moholo. O tla be a “kentse ka lipelong tsa [bona] ho phetha monahano oa hae.”—Tšenolo 17:17.

Boprofeta ba bobeli:

“Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela [e entsoeng ke motho], ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

Ho phethahala ha bona: Ha Molimo a tlositse bolumeli ba bohata tseleng, o tla shebana le mekhatlo e meng—ea lipolotiki le ea khoebo—hammoho le batho ba khopo. (Liproverbia 2:22; Tšenolo 19:17, 18) Ho tšoana le motho ea hirisang matlo ea lelekang bahiri ba senyang, Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.” O tla timetsa ba le tlatsang pefo le mekhoa e hlephileng ea ho kopanela liphate.—Tšenolo 11:18; Baroma 1:18, 26-29.

Ho tla pholoha bo-mang? Bibele e araba ka ho re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše,  ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11; 72:7.

Na re ka tšepa boprofeta ba Bibele? Na re ka kholiseha hore Molimo o tla felisa bokhopo le mahlomola ʼme a boloke ba lokileng? Ka sebele re ka kholiseha!

Boprofeta ba Bibele Boa Tšepahala

ʼMuso oa Molimo o tla felisa bolumeli bohle ba bohata, mebuso e khopo le khoebo e meharo

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore Jehova Molimo ke Mongoli oa Bibele le hore o tla etsa ntho e ʼngoe le e ʼngoe eo a e tšepisitseng. (2 Timothea 3:16) Na hoa utloahala ho lumela see?

Haeba u ne u e-na le motsoalle oa hlooho ea khomo ea u ratang e le kannete le eo ho seng mohla a kileng a u thetsa, na u ne u tla mo kholoa haeba a u tšepisa ntho e ntle eo a neng a ka khona ho e etsa? Ha ho pelaelo hore u ne u tla mo kholoa. Molimo o molemo ho feta motsoalle leha e le ofe oa motho eo re ka bang le eena. “Molimo ha a bue leshano le ka mohla!”—Tite 1:2, Contemporary English Version.

Ha ho pelaelo hore ’Mōpi o tla felisa bolumeli ba bohata, puso e hatellang le mekhatlo e meharo ea khoebo. Na u ka rata ho tseba haholoanyane hore na ho tla etsahala’ng ka mor’a liketsahalo tsee? Makasine e latelang ea Tsoha! e tla u thusa. E tla ba le sehlooho sa ho qetela letotong lena la lihlooho.