TSOHA! December 2012 | Ke Hobane’ng ha Batho ba Feletsoe ke Mamello?

Lihlooho tsena li hlahloba ka ho teba mokhoa o ntseng o e-ja setsi oa ho hloka mamello. O bakoa ke’ng hona ke hobane’ng ha o le kotsi?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Hobane’ng ha Batho ba Feletsoe ke Mamello?

Litsebi tse ling li lumela hore batho ba hloka mamello ka lebaka la ho sebelisa theknoloji. Hobane’ng?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ho Hloka Mamello ho ka ba Kotsi

Ho hloka mamello ho ka etsa hore u lahleheloe le ke ho fetang feela chelete. Hlokomela litsela tse tšeletseng tseo e ka amang hampe bophelo ba hao.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Kamoo re ka Bang le Mamello e Eketsehileng Kateng

Hlōla ho hloka mamello le liphello tsa hona tse mpe ka ho latela mehato ena e mene e bonolo.

SEO BIBELE E SE BUANG

Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?

Batho ba bangata ba lumela hore Molimo o sebelisa likoluoa tsa tlhaho ho otla batho kajeno, empa Mangolo ’ona a bontša’ng?

Khomo e Phophomang Boea

Khomo ea lihlabeng ea ikhetha hobane e na le boea bo likarolo li peli.

Dikishinari e Phethiloeng ka Mor’a Lilemo Tse 90

Assyrian Dictionary e na le likarolo tse 26 le maqephe a fetang 9 700! E thusitse batho hore ba utloisise setso le bophelo ba batho ba Mesopotamia ea boholo-holo.

BACHA BAA BOTSA

Monna oa Sebele ke ea Joang?

Ho ba “monna oa sebele” ho bolela’ng, hona u ka etsa joang hore u be monna oa sebele ho sa tsotellehe maemo ao u leng ho ’ona?

Lithabeng Tsa Caucasus—“Sebaka sa Lipuo Tse Ngata Haholo”

Lipuo tsa sebakeng sena sa Lithabeng tsa Caucasus li na le histori ea khale, setso sa bohlokoa le lihlopha tse sa tšoaneng tsa merabe.

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 8

’Muso oo batho ba bangata hakaale ba o rapellang ke eng, hona ho tla ha ’ona ho tla bolela eng ho uena?

“U se ke Ua Lumella Litšitšili ho U Hlobaetsa!”

Ithute kamoo u ka felisang litšitšili kateng le kamoo u ka li thibelang ho khutla.

Tsa Mona le Mane

Lihlooho li akarelletsa sena: Ho jala limela tse ngata ho pholletsa le Afrika, lebaka leo re elimolang ka lona, le batho ba phekotsoeng kankere United States.

Index ea Lihlooho Tsa Tsoha! ea 2012

Index ea lihlooho tsohle tse hatisitsoeng Tsoheng! ea 2012 tse thathamisitsoeng ho ea ka taba e tšohliloeng.

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Khoeling ena ithuteng ka Abrahama le lintho tseo a ileng a li etsa ho etsa hore batho ba bang ba ikutloe ba amohelehile, Samsone le Lipaki Tsa Jehova tsa Mexico.

setompi sa koae

setompi sa koae