Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Pono ea Bibele

Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?

Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?

BATHO ba bang ba lumela hore Molimo o sebelisa likoluoa tsa tlhaho ho otla moloko oa batho. Ba bang bona ba hanana le khopolo eo. Athe ba bang ba ntse ba sa tsebe hore na ba lumele eng. Moprofesa e mong oa lithuto tsa bolumeli o ile a re: “Lineano tse ngata tsa bolumeli li bontša hore ha ho na motho ea ka bolelang ka tieo hore na likoluoa tsa thlaho ke thato ea Molimo kapa che.”

Le ha ho le joalo, Bibele e fana ka likarabo tse khotsofatsang. E fana ka leseli la hore na Molimo o sebelisa likoluoa tsa tlhaho ho otla moloko oa batho kajeno kapa che. E boetse e fana ka leseli la hore na ke eng e bakang mahlomola a hlahelang batho ba bangata hakana.

Mangolo a Fana ka Mohlala

Bibele e senola linnete tsa motheo tse peli ka Molimo, eo lebitso la hae e leng Jehova. Ea pele, ke ’Mōpi, ka hona o na le matla le bolaoli ba hore a laole matla a tlhaho a lefatše. (Tšenolo 4:11) Ea bobeli, kamehla liketso tsa hae li lumellana le botho ba hae, litšobotsi tsa hae le melao-motheo ea hae. Ho Malakia 3:6 o re: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” U hopotse linthla tsena, nahana ka liketsahalo tse peli tsa nakong e fetileng, e ’ngoe e amana le moroallo, ha e ’ngoe e amana le komello. U tla hlokomela hore historing ea Bibele, ha Molimo a ne a sebelisa matla a tlhaho ho liha likahlolo tsa hae, kamehla o ne a fana ka (1) temoso, (2) lebaka le (3) tšireletso bakeng sa barapeli ba mamelang.

Moroallo oa Mehleng ea Noe

Temoso.

Lilemo tse mashome pele ho Moroallo, Jehova o ile a re ho Noe: “Ha e le ’na, bona! ke tlisa moroallo oa metsi holim’a lefatše ho felisa nama eohle.” (Genese 6:17) Noe, “’moleli oa ho loka,” o ile a lemosa batho, empa ba “se ke ba elelloa.”—2 Petrose 2:5; Matheu 24:39.

Lebaka.

Jehova o ile a phatlalatsa a re: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona.”—Genese 6:13.

Tšireletso bakeng sa barapeli ba mamelang.

Jehova o ile a fa Noe litaelo tse hlakileng mabapi le ho etsa areka e le hore ba pholohe Moroallo. ‘Ke Noe le ba neng ba e-na le eena ka arekeng ba ileng ba sala ba ntse ba phela.’—Genese 7:23.

Komello Iseraele

Temoso.

Pele Jehova Molimo a tlisa komello e matla Iseraele, moprofeta oa hae Elia o ile a phatlalatsa a re: “Lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula, haese ka taelo ea lentsoe la [Molimo]!”—1 Marena 17:1.

Lebaka.

Jehova o ile a nka khato hobane Baiseraele ba ne ba rapela Baale, molimo oa bohata. Ha Elia a hlalosa o ile a re: “Le tlohetse litaelo tsa Jehova, ’me le latetse bo-Baale.”—1 Marena 18:18.

Tšireletso bakeng sa barapeli ba bamelang.

Jehova o ile a fa barapeli ba mamelang lijo nakong ea komello.—1 Marena 17:6, 14; 18:4; 19:18.

Seo Mohlala Ona o se Senolang

Kajeno ha ho na bopaki ba hore likoluoa tsa tlhaho ke karolo ea morero oa Molimo oa ho otla moloko oa batho. Kaha ke Molimo oa toka, ha ho mohla Jehova a kileng a ‘felisa ea lokileng le ea khopo.’ (Genese 18:23, 25) O  ile a hlokomela ba neng ba mo mamela. Kajeno likoluoa tsa tlhaho li hlokofatsa banna, basali le bana kaofela li sa khethe.

Molimo ha a ikarabelle ka mahlomola ao batho ba fetang ho ’ona

Ho hlakile hore likoluoa tsa tlhaho tsa mehleng ena ha li tšoane le tse hlalosoang ka Mangolong, tseo Molimo a ileng a kenella ho tsona. Ho feta moo, liketsahalo tsena tse itlhahelang feela ha li lumellane le botho ba Molimo. Jakobo 1:13 e bolela hore Molimo ha a leke batho ka lintho tse mpe, ’me 1 Johanne 4:8 e akaretsa botho ba Molimo ka mantsoe ana: “Molimo ke lerato.” Le ka mohla ha a ikarabelle ka mahlomola ao batho ba se nang molato ba fetang ho ’ona ka lebaka la lifefo, litšisinyeho tsa lefatše le liketsahalo tse sehlōhō joalo. Na liketsahalo tse joalo li tla ke li fele?

Mahlomola a Tla Fela

Jehova Molimo o ne a sa rera hore moloko oa batho o oeloe ke likoluoa tsa tlhaho. Thato ea hae ke hore batho ba phele ka ho sa feleng maemong a khotso lefatšeng. Joalokaha a ile a etsa mehleng ea Noe, o tla kenella litabeng tsa lefatše hore a tlose bobe. Joalokaha ho ka lebelloa, Jehova Molimo o hlokomelisa batho esale pele ka hore ho phatlalatsoe molaetsa oa temoso lefatšeng lohle, kahoo batho ba fuoa monyetla oa ho pholoha.—Pesaleme ea 37:9, 11, 29; Matheu 24:14.