Tsa Mona le Mane
“Palo ea batho ba kenyang lentsoe ‘porn,’ e leng litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ho Google, e eketsehile ka makhetlo a mararo ho tloha ka 2004.”—THE ECONOMIST, EA BRITHANI.
“Ha moroetsana [oa Morussia] a nyaloa, . . . ho na le monyetla oa liphesente tse 60 oa hore monna oa hae o tla mo otla, kapa oa hore ba tla otlana.”—MOSKOVSKIYE NOVOST, EA RUSSIA.
“Rasaense a le mong ho ba supileng kapa ngaka naheng ea United Kingdom o bone ha basebetsi-’moho ba fetola boitsebiso ka boomo kapa ba qapa leshano ha ba etsa liphuputso kapa ha ba rera ho hatisa lingoliloeng.”—BRITISH MEDICAL JOURNAL, EA BRITHANI.
“Palo ea batho ba phekotsoeng lefu la kankere United States e imenne ka makhetlo a mane ho tloha ka 1971, ’me batho bao ke ba ka bang limilione tse 12 . . . Mabaka a ka sehloohong a hore batho ba eketsehileng ba phekoloe ke hore ebe lingaka li khona ho hlokomela kankere kapele ka tlhahlobo ea mechine, kalafo e atlehang haholoanyane le hore lingaka li lule li hlahloba boemo ba bakuli.”—UC BERKELEY WELLNESS LETTER, EA U.S.A.
Pejana ho mekete ea Kereseme ea 2011, ho ile ha qhoma ntoa pakeng tsa baruti le baitlami ba ka bang 100 ba lihlopha tse loantšanang Kerekeng eo ho thoeng Jesu o tsoaletsoe ho eona, Bethlehema. Lepolesa le leng la boemo bo phahameng le ile la re: “E ne e le bothatanyana bo itseng bo . . . etsahalang selemo le selemo. Ha ho motho ea ileng a tšoaroa hobane bohle ba amehang e ne e le baruti.”—REUTERS NEWS SERVICE, U.S.A.
Ho Jala Limela Tse Ngata ho Pholletsa le Afrika
Projeke ea linaha tsa Afrika, e ileng ea thakholoa ke Mokhatlo oa Linaha Tsa Afrika ka 2007, e entsoe ka morero oa ho thibela ho ata ha lehoatata ka ho jala limela tse ngata. Ho tloha Senegal ka Bophirimela ho ea Djibouti ka Bochabela, linaha tse 11 li jala limela tse limilione tsa mefuta e loketseng libaka tseo, e le ha li leka ho etsa mokoloko oa limela o bolelele ba lik’hilomithara tse 7 600 le o bophara ba lik’hilomithara tse 15. Aliou Guissé, e leng moprofesa oa thuto ea lintho tse phelang le tikoloho Univesithing ea Cheikh Anta Diop, e Dakar, Senegal o re: “Re lokela ho lema mefuta eo batho ba ke keng ba batla ho e rema bakeng sa ho etsa lipalo. Ebile re tšepa hore ha libaka tsena li se li e-na le meru hape, e tla ba sebaka sa tšireletso ea lintho tsa tlhaho se thusang metse e haufi le sona ka matlotlo a tsoelang batho molemo ka nako e telele.
Ke Hobane’ng ha re Elimola?
Litsebi tsa saense li sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba elimola—’me ba etsa joalo ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi. Esita le masea a ntseng a le ka pōpelong aa elimola. Linōko, limpshe, linoha le litlhapi le tsona lia elimola. Ho na le maikutlo a mangata ka taba ena, ao hangata a hanyetsanang, empa ha ho na a khotsofatsang bafuputsi bohle. Litsebi tse ngata tsa saense li nahana hore ketso ena ea ho hula moea ka metsotsoana e tšeletseng ka tloaelo, ke tsela ea ho tlatselletsa oksijene bokong. Leha ho le joalo, makasine ea Science News e bolela hore “ho fihlela joale, bafuputsi ha ba e-s’o fumane bopaki bo tiisang taba ena.” Liphuputso tse ncha tse entsoeng likhotong li bontša hore “e ka ’na eaba ho elimola ke tsela ea ho pholisa boko ha bo chesa haholo.” Empa ha ho na motho ea hlileng a tsebang.