Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Websaete e Ikhethang

Websaete e Ikhethang
  • BALA Bibele ka lipuo tse ka bang 50 le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 500.

  • SHEBA boitsebiso bo ho eona ka lipuo tsa matsoho tse ka bang 70.

  • FUMANA boitsebiso bo websaeteng ka lipuo tse makholo.

  • MAMELA litšoantšiso tse buang ka liketsahalo tse thahasellisang tse ka Bibeleng.

  • BONA kamoo liketsahalo tse ka Bibeleng e bang tsa sebele kateng lipaleng tse tsamaisanang le litšoantšo.

  • SHEBELLA litšoantšiso le livideo tse thehiloeng Bibeleng tse tla u thusa hore u atlehe ho tobana le mathata.

  • KOPITSA libuka, limakasine le lintho tse rekotiloeng, mahala.

  • ETSA LIPATLISISO ka lihlooho tse sa tšoaneng u sebelisa Watchtower ONLINE LIBRARY—e leng moo u tla fumana boitsebiso bo bongata ka lipuo tse fetang 100.

 BAKENG SA BANYALANI

“Ke batla hore lenyalo la ka le atlehe. ’Na le mosali oa ka re na le mathata ’me a ile a qala ho tota ha re e-ba le bana. Re hloka thuso”

BIBELE E RE:

“Ntlo e tla hahuoa ka bohlale, ’me e tla tiisoa ka thata ka masene.”—Liproverbia 24:3.

LIHLOOHO TSEO U KA LI FUMANANG WEBSAETENG EA RŌNA

Karolo ea “Banyalani le Batsoali” e ka u thusa ho hlōla mathata a kang ana:

  • Ho feta selemo sa pele sa lenyalo ka katleho

  • Ho sebelisana le batsoali ba molekane oa hao

  • Ho khalemela bana

  • Ho ngangisana

  • Ho sebetsana le mathata a lichelete

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BANYALANI LE BATSOALI)

Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e fana ka likeletso tse ngata tse eang ho malapa, tse tla u thusa ha u itokisetsa ho kena lenyalong ho fihlela ha le lokela ho hlokomela batsoali ba hōlileng.

(E boetse e ea fumaneha ho www.mr1310.com/st. Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIBUKA LE LIBUKANA)

 BAKENG SA BATSOALI

“Bana ba ka ba tla pele bophelong ba ka. Ke batla hore ba hōle ’me ke be motlotlo ka bona ha e se e le batho ba baholo”

BIBELE E RE:

“Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.

LIHLOOHO TSEO U KA LI FUMANANG WEBSAETENG EA RŌNA

Karolong ea “Bana” ho na le lipale tsa Bibele tse tsamaisanang le litšoantšo, ho ithuta ka litšoantšo, livideo le lithuto tsa Bibele tse ka u thusang hore u rute bana ba hao ho . . .

  • mamela

  • bontša mosa

  • sebelisana hantle le ba bang

  • ithuta ho re “kea leboha”

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BANA)

Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele le Ithute ho Mosuoe e Moholo, ke libuka tse nang le litšoantšo tse ntle tse etselitsoeng hore u li bale le bana ba hao.

(Li boetse lia fumaneha Inthaneteng ho www.mr1310.com/st. Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIBUKA LE LIBUKANA)

 BAKENG SA BACHA

“Nka thabela ho fumana likeletso litabeng tsa sekolo, hore na ke sebelisane le batsoali ba ka, metsoalle ea ka le batho ba bong bo fapaneng joang. Ha ke sa le ngoana, joale ha ke batle motho ea mpolellang hore na ke etse’ng”

BIBELE E RE:

“U nyakallele matsatsi a bocha ba hao.”—Moeklesia 11:9, Bibele—Phetolelo e Ncha.

LIHLOOHO TSEO U KA LI FUMANANG WEBSAETENG EA RŌNA

Karolo ea “Bacha” e na le lihlooho le livideo tse tla u thusa . . .

  • ha u jeoa ke bolutu

  • ha u e-na le mathata sekolong

  • ha u tlōtse molao oa lapeng

  • ha u sotloa ke bo-mpoli kapa u hlekahlekoa

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA)

Buka ea 1 le ea 2 ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, e araba lipotso tse 77 tsa bohlokoa tseo bacha ba atisang ho ipotsa tsona.

(E boetse e ea fumaneha Inthaneteng ho www.mr1310.com/st. Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIBUKA LE LIBUKANA)

 BAKENG SA BATHO BA BATLANG HO ITHUTA BIBELE

“Ke batla ho utloisisa Bibele. Ke lokela ho etsa’ng e le hore ke e utloisise?”

BIBELE E RE:

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta.”—2 Timothea 3:16.

LIHLOOHO TSEO U KA LI FUMANANG WEBSAETENG EA RŌNA

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ke Bibele e fetoletsoeng ka tsela e nepahetseng le eo ho leng bonolo ho e bala.

(Sheba tlas’a LINGOLILOENG > BIBELE)

Karolo ea “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” e araba lipotso tse kang tsena, “Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella hore Bajuda ba bolaoe ka sehlōhō Ntoeng ea II ea Lefatše?” le “Jesu o hlahile neng?”

(Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA)

Leqepheng la “Kōpa Thuto ea Bibele e sa Lefelloeng” u ka fumana monyetla oa ho sebelisa hamolemo thuto ea rōna ea Bibele e sa lefelloeng.

(Penya ho “Kōpa Thuto ea Bibele” leqepheng le qalang)

“Ke ile ka khaotsa ho bala Bibele hobane ke ne ke sa e utloisise. Empa eitse ha ke e bala ke sebelisa buka ea ‘Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?’ ke ile ka hlolloa ke kamoo e leng bonolo e bileng e hlakileng kateng.”—Christina.

Letsatsi le letsatsi, batho ba ka bang 700 000 ba kena websaeteng ea jw.org. E ka ba hantle hore le uena u etse se tšoanang.