Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Letšoao le Hlakileng le le Matla”

“Letšoao le Hlakileng le le Matla”

LEBŌPONG le ka bochabela ho Nōka ea Motoyasu e motseng oa Hiroshima, Japane, ho na le mohaho oo karolo e ’ngoe ea oona e ileng ea senyeha ka 1945. Ke hobane’ng ha ho se ho fetile lilemo tse ka bang 70 o ntse o e-s’o lokisoe?

Mohaho ona o mekato e meraro, o hahiloeng ka litene le samente, o ile oa phethoa ka 1915 ’me o ne o sebelisoa e le holo ea ho bapatsa thepa. Empa seo se ile sa fetoha ka la 6 August, 1945, ka 8:15 hoseng. Ka nako eo bomo ea pele ea athomo e kileng ea sebelisoa lintoeng, e ile ea theoha sefofaneng se neng se le bohole ba limithara tse 550 ka holim’a motse ’me ea qhoma haufi le holo eo. Batho bohle ba neng ba le ka holong eo ba ile ba shoa hang-hang. Leha ho le joalo, motheo oa mohaho oo ha oa ka oa senyeha.

Kaha motheo oo ha oa ka oa fetoloa, mokhatlo oa UNESCO * o o bitsa “letšoao le hlakileng le le matla la ketsahalo e sehlōhō ka ho fetisisa e kileng ea etsoa ke batho.” Ka 1996, mohaho oo o ile oa kenyelletsoa har’a Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng tsa UNESCO, e le Sehopotso sa Khotso sa Hiroshima.

Leha ho le joalo, ka masoabi libaka tse kang tsena ha li etse hore lintoa—tseo hangata li bakoang ke meharo, bochaba le lehloeo la merabe le la bolumeli—li khaotse. Kahoo, na lintoa li tla ke li fele?

Bibele e re e! Pesaleme ea 46:9 e re, “[Molimo] o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.” Ka nako eo, Molimo o tla nkela puso ea motho sebaka ka ’Muso oa hae, o tla beng o laoloa ke Jesu Kreste, eo e leng “Morena oa marena.”—Tšenolo 11:15; 19:16.

Ka mor’a moo, ho tla be ho se ho sa hlokahale hore ho etsoe lihopotso tsa batho ba shoetseng lintoeng. Esaia 65:17 e re: “Lintho tsa pele,” e leng matšoenyeho le masisa-pelo a hona joale “li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”

^ ser. 4 Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense, le Setso.