Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likotopo Tsa Roma—Li Bontša Boqhetseke ba Lienjiniere

Likotopo Tsa Roma—Li Bontša Boqhetseke ba Lienjiniere

HAR’A lintho tseo lienjiniere tsa mehleng ea pele li li entseng, likotopo tsa Maroma ke tse ling tsa tse hlollang ka ho fetisisa. Sextus Julius Frontinus (35—c. 103 C.E.), eo neng e le ’musisi oa Roma hape e le mokomishinara oa phepelo ea metsi, * o ile a ngola a re: “Ha ho letho le ka bapisoang le likotopo tsena tse tsamaisang metsi a mangata hakana, esita le liphiramide tse sa sebelisoeng kapa thepa ea matsoho eo Bagerike ba tummeng ka eona li ke ke tsa bapisoa le tsona!”

Ke Hobane’ng ha ho ne ho Hlokahala Likotopo?

Hangata metse ea khale e ne e hahoa pel’a mehloli e meholo ea metsi ’me Roma le eona e ne e hahiloe haufi le mehloli ea metsi. Qalong, Nōka ea Tibere le melatsoana le liliba tse neng li le pel’a eona, li ne li e-na le metsi a lekaneng. Leha ho le joalo, ho tloha lekholong la bone la lilemo B.C.E. ho ea pele, Roma e ile ea hōla ka potlako ’me ea qala ho ba le leqeme la metsi.

Kaha e ne e le batho ba ’maloa feela ba neng ba e-na le lipompo ka matlung a bona, Baroma ba ile ba haha matamo matlong a bona ’me ba haha le a sechaba. Letamo la pele la sechaba motseng oa Roma le ne le fepeloa metsi ke kotopo ea Aqua Virgo, e ileng ea neheloa ka 19 B.C.E. Moahi oa kotopo eo, e leng Marcus Agrippa, eo e neng e le motsoalle oa hlooho ea khomo oa Caesar Augustus, o ile a fana ka maruo a hae a mangata haholo molemong oa ho hōlisa le ho eketsa phepelo ea metsi Roma.

Matamo ao a ile a boela ea e-ba libaka tsa boikhathollo ’me a maholo a ne a e-ba le lirapa tsa lipalesa le lilaebrari. Kaha metsi ao a ne a sa thibelloa, ha a tloha matamong, a ne a phorosela a kena ka liphaepheng tsa likhoere-khoere ’me a hohola mantle hammoho le litšila tse tsoang matloaneng a neng a haheletsoe le matamo.

Ho li Haha le ho li Hlokomela

Ha u utloa mantsoe a reng, “likotopo tsa Maroma,” na u nahana ka litšiea tse telele tse tšehelitseng liphaepe tsa metsi tse se nang moo li fellang teng? Ha e le hantle, litšiea tseo li ne li etsa karolo ea 20 lekholong ea likotopo tseo ’me karolo e khōlō e ne e le ka tlas’a lefatše. Tsela ena e bolokang chelete eo li neng li entsoe ka eona, e ile ea sireletsa likotopo tseo hore li se ke tsa senyeha ’me ea boela ea etsa hore likotopo li se ke tsa senya masimo le metse. Ka mohlala, kotopo ea Aqua Marcia, e phethiloeng ka 140 B.C.E., e ne e le bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 92, empa e ne e e-na le litšiea tse bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 11.

Pele lienjiniere li haha kotopo, li ne li hlahloba mohloli oa metsi, ka hore li shebe hore na a hlakile hakae, a phalla ka lebelo le lekae le tatso ea ’ona. Li ne li boetse li hlahloba hore na batho ba a noang ba phetse hantle hakae ’meleng. Hang ha ho se ho lumellanoe ka sebaka, bahlahlobi ba ne ba bala hore na kotopo e tla tsamaea joang le hore na e tla teba hakae, hammoho le hore na e tla ba khōlō hakae le hore na e tla ba telele hakae. Ho ne ho sebelisoa makhoba ho haha likotopo tseo ’me ho nkoa lilemo ho li haha, e leng se neng se etsa hore li je chelete e ngata—haholo-holo haeba ho hahoa le litšiea.

Ho phaella moo, likotopo li ne li hloka ho hlokomeloa le ho sireletsoa. Ka nako e ’ngoe, motse oa Roma o kile oa hira batho ba ka bang 700 hore ba li hlokomele. Litsela tseo li tla hlokomeloa ka tsona li ne li kenyelletsoa moralong. Ka mohlala, likarolo tse ling tsa likotopo tse ka tlas’a lefatše li ne li etsetsoa mekoti e neng e tla thusa ho fihla ho tsona. Ha ho ne ho e-na le bothata bo boholo lienjiniere li ne li ka faposa metsi ka nakoana e le hore li lokise karolo e nang le bothata.

Likotopo Tsa Motse oa Roma

Mathoasong a lekholong la boraro la lilemo C.E., motse oa Roma o ne o se o ntse o fepeloa metsi ke likotopo tse 11 tse khōlō. Boholo ba kotopo ea pele e bitsoang Aqua Appia, e hahiloeng ka 312 B.C.E. ’me e le bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 16, bo ne bo le ka tlas’a lefatše. Kotopo eo karolo e ’ngoe ea eona e ntseng e le teng ke Aqua Claudia, e neng e le bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 69 ’me e e-na le litšiea tse bolelele ba lik’hilomithara tse 10, tseo boholo ba tsona li neng li le bophahamo ba limithara tse 27!

Likotopo tsa motse li ne li tsamaisa metsi a makae? A mangata! Kotopo ea Aqua Marcia, e boletsoeng pejana e ne e fepela Roma ka metsi a ka etsang lilithara tse ka bang limilione tse 190, ka letsatsi. Hang ha metsi a fihla metseng—a ne a kena ka litankeng ebe a kena ka liphaepheng tse a arolang, tse neng li a isa libakeng tseo a hlokahalang ho tsona. Ba bang ba hakanya hore tsela eo metsi a Roma a neng a phalla ka eona e ile ea hōla hoo Roma e neng e ka khona ho fepela motho e mong le e mong lilithara tse 1 000 tsa metsi ka letsatsi.

Buka ea Roman Aqueducts & Water Supply e re ha ’Muso oa Roma o ntse o hōla, “likotopo tsa teng li ile tsa hōla le oona.” Bahahlauli ba tsoang Asia Minor, Fora, Spain le Afrika Leboea ba ntse ba ka boha botle bona bo hlollang ba likotopo tsena.

^ ser. 2 Maroma e ne e se batho ba pele ba ho haha likotopo tsa metsi. Lichaba tse ling tsa boholo-holo tse kang tsa Baassyria, Baegepeta, Maindia le Bapersia li ne li se li li ahile pele.