Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“ ’Muso oa Hao o ke o Tle”​—Thapelo e Rapeloang ke Batho ba Limilione

“ ’Muso oa Hao o ke o Tle”​—Thapelo e Rapeloang ke Batho ba Limilione

Na u kile oa rapella hore ’Muso oa Molimo o tle? Ka lilemo-lemo, haesale batho ba pheta-pheta mantsoe a reng “ ’Muso oa hao o ke o tle.” Ke hobane’ng ha ba ne ba rapela ka tsela eo? Ke hobane Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba rapelle ’Muso oa Molimo.

Qalong balateli ba Jesu ba ne ba sa utloisise ntho e ngoe le e ngoe eo a e buileng ka ’Muso. Kahoo ba ile ba mo botsa ba re: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Mohlomong ba ile ba makala ha Jesu a sa bafe karabo e tobileng (Liketso 1:​6, 7) Empa na see se bolela hore re ke ke ra tseba hore na ’Muso oa Molimo ke’ng kapa hore na o tla neng? Le hanyenyane!

Molula-qhooa ona o tla u thusa hore u tsebe likarabo tsa lipotso tse latelang:

  • Ke hobane’ng ha re hloka ’Muso oa Molimo?

  • Morena oa ’Muso oa Molimo ke mang?

  • ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše neng?

  • ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho tšehetsa ’Muso oa Molimo hona joale?

  • ’Muso oa Molimo ke’ng?