Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefèvre d’Étaples​—O ne a Batla Hore Batho ba Maemo ’Ohle ba Tsebe Lentsoe la Molimo

Lefèvre d’Étaples​—O ne a Batla Hore Batho ba Maemo ’Ohle ba Tsebe Lentsoe la Molimo

E NE e le hoseng ha Sontaha, mathoasong a selemo sa 1520 ha baahi ba motsana oa Meaux o haufi le Paris, ba utloa ho baloa Likosepele ka puo ea bona ka lekhetlo la pele kerekeng! Li ne li baloa ka Sefora eseng Selatine.

Jacques Lefèvre d’Étaples e leng eena ea neng a fetolela Bibele ena o ile a ngolla motsoalle oa hae a re: “Ho thata ho utloisisa kamoo Molimo a thusang batho ba bangata kateng hore ba utloisise Lentsoe la hae.”

Mehleng eo, Kereke e K’hatholike le litsebi tsa thuto ea bolumeli li ne li sa batle hore Bibele e fetoleloe ka lipuo tse tloaelehileng. Joale ke eng e ileng ea susumetsa hore Lefèvre a fetolele Bibele ka puo ea Sefora? Hona o ile a khona joang ho thusa batho ba maemo ’ohle hore ba utloisise Lentsoe la Molimo?

O NE A BATLA HO UTLOISISA MANGOLO HANTLE

Pele Lefèvre a qala mosebetsi oa hae oa phetolelo, o ile a ithuta hore na qalong Mangolo le filosofi a ne a ruta eng. O ile a hlokomela hore tse ling tsa libuka tsa khale li ne li fetotsoe ’me li e-na le liphoso. Ha a ntse a batla ’nete libukeng tsa khale o ile a bala Bibele ea K’hatholike e bitsoang Vulgate ea Selatine.

Boiteko ba hae ba ho ithuta Mangolo bo ile ba mo thusa hore a hlokomele hore “ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo ho etsa hore motho a thabe.” Kahoo, Lefèvre o ile a tlohela ho ithuta filosofi eaba o qala ho fetolela Bibele.

Ka selemo sa 1509, Lefèvre o ile a hatisa buka e bapisang lengolo la Lipesaleme * Libibeleng tse hlano tsa Selatine tse akarelletsang Bibele ea Vulgate eo a e lokisitseng. Lefèvre o ne a fapane le litsebi tsa Bibele tsa mehleng ea hae hobane o ne a batla ho tseba “moelelo oa ’nete” oa Mangolo a khale. Tsela eo a neng a hlalosa Mangolo ka eona e ile ea susumetsa liithuti tse ling tsa Bibele le bafetoheli ba lithuto tsa K’hatholike.—Sheba lebokose le reng, “ Lefèvre o Ile a Susumetsa Martin Luther Joang?

Tafole e bontšang litlotla tsa Molimo tse hlahang lengolong la Lipesaleme tse bukeng ea Lefèvre, e ntlafalitsoeng ka 1513

Kaha Lefèvre o hlahetse lelapeng la K’hatholike, o ne a kholisehile hore kereke e ka ba le phetoho ha feela batho ba tloaelehileng ba ne ba ka rutoa Mangolo ka tsela e nepahetseng. Empa ba ne ba ke ke ba khona ho utloisisa Mangolo hobane hangata a ne a ngoloa ka Selatine.

BIBELE EA BATHO BOHLE

Selelekela sa Likosepele se bontšang hore Lefèvre o ne a ikemiselitse ho thusa batho hore ba bale Bibele ka puo ea habo bona

Kaha Lefèvre o ne a rata Lentsoe la Molimo, o ne a batla ho thusa batho ba bangata hore le bona ba khone ho le bala. E le hore a finyelle seo, ka June 1523 o ile a hatisa phetolelo ea Sefora ea Likosepele e nyenyane e likarolo li peli. Bibele ena e nyenyane e ne e le tlaase ka theko ha e bapisoa le Bibele e tloaelehileng, kahoo sena se ile sa thusa batho ba bangata hore le bona ba be le Libibele.

Batho ba ile ba thabela Bibele ena haholo. Banna le basali bao ba ne ba tatetse ho ipalla mantsoe a Jesu ka puo ea habo bona hoo likopi tse 1 200 tse neng li hatisitsoe li ileng tsa fela ka mor’a likhoeli li se kae.

O EMELA BIBELE KA SEBETE

Selelekeleng sa Likosepele, Lefèvre o re o ile a fetolela Bibele ka puo ea Sefora e le hore “batho ba tloaelehileng” ba kereke ba ka “utloisisa ’nete ea Mangolo joaloka ba nang le eona ka Selatine.” Ke hobane’ng ha Lefèvre a ne a batla ho thusa batho ba tloaelehileng hore ba tsebe seo Bibele e se rutang?

Lefèvre o ne a hlokometse hore lithuto tsa batho le lifilosofi li ne li susumelitse Kereke e K’hatholike. (Mareka 7:7; Bakolose 2:8) O ne a batla hore Likosepele “li rutoe batho lefatšeng lohle, e le hore ba se ke ba hlola ba thetsoa le ho khelosoa ke lithuto tse iqapetsoeng.”

Lefèvre o ne a boetse a ikemiselitse ho hanyetsa lintho tse neng li buuoa ke batho ba neng ba le khahlanong le hore Bibele e fetoleloe ka Sefora. O ile a nyatsa boikaketsi ba bona ’me a re: “Ke joang ba ka rutang batho ho mamela lintho tseo Jesu Kreste a li rutileng empa ba hlōleha ho thusa motho hore a ipalle Likosepele tsa Molimo ka puo ea hae?”—Baroma 10:14.

Ha ho makatse hore ebe liithuti tsa bolumeli tsa Univesithi ea Paris li ile tsa leka ho mo thibela ho tsoela pele ka phetolelo. Ka August 1523, li ile tsa laela hore ho se ke ha hlola ho e-ba le motho ea fetolelang Bibele le ho ngola libuka life kapa life tsa Bibele kaha seo “se kotsi ho Kereke.” Hoja e ne e se ka Morena oa Fora e leng, Francis oa pele, Lefèvre a ka be a ile a qosoa ka hore ke mokhelohi.

O TSOELA PELE HO FETOLELA SEPHIRING

Lefèvre ha aa ka a lumella hore bahanyetsi ba sitise mosebetsi oa hae. Ha a qeta ho fetolela Mangolo a Segerike (a tsebahalang ka hore ke Testamente e Ncha) ka 1524, o ile a boela a hatisa buka ea Sefora ea Lipesaleme e le ho thusa batho hore ba rapele ka ‘pelo eohle.’

Nakoana ka mor’a moo, litsebi tsa bolumeli tsa Sorbonne li ile tsa hlahlobisisa libuka tsa Lefèvre ka hloko. Ba ile ba laela hore libuka tsa hae tsa Segerike li chesoe phatlalatsa ’me ba hanyetsa le lintho tseo a li ngotseng ka hore li “ruta mashano a Luther.” Ha litsebi tsa bolumeli li mo bitsa hore a tl’o araba o ile a khetha ho balehela Strasbourg. Ha a le moo o ile a tsoela pele ho fetolela Bibele sephiring. Batho ba bang ba ka ’na ba bona eka e ne e le lekoala kaha o ile a baleha. Leha ho le joalo, Lefèvre o ne a lumela hore eo e ne e le tsela e molemo ea ho sebetsana le batho bao ba neng ba sa ananele “liperela” tsa bohlokoa e leng ’nete ea Bibele.—Matheu 7:6.

Selemo hamorao, Morena Francis oa pele o ile a khetha Lefèvre hore e be tichere ea mora oa hae ea lilemo li ’nè. Sena se ile sa fa Lefèvre monyetla oa hore a qetele mosebetsi oa hae oa ho fetolela Bibele. Ka 1530, phetolelo ea hae ea Bibele e feletseng e ile ea hatisetsoa naheng ea Belgium motseng oa Antwerp ka tumello ea Moemphera Charles oa bohlano. *

O NE A LEBELETSE LIPHETOHO

Bophelong bohle ba hae, Lefèvre o ne a lebeletse hore kereke e tla tlohela lithuto tsa batho ’me e rute thuto e nepahetseng ea Mangolo. O ne a lumela hore “Mokreste e mong le e mong o lokela ho ipalla le ho ithuta Bibele.” Ke ka lebaka leo a ileng a sebetsa ka thata hakana ho thusa batho bohle hore ba be le Bibele. Le hoja boiteko ba hae ba ho thusa kereke hore e rute lithuto tse nepahetseng bo sa ka ba atleha, seo Lefèvre a se finyeletseng se ke ke sa lebaloa. O ile a thusa batho ba maemo ’ohle hore ba tsebe Lentsoe la Molimo.

^ ser. 8 Buka eo Lefèvre a e ngotseng e na le likarolo tse hlano tsa Lipesaleme tse arotsoeng ka lihlopha le tafole e bontšang litlotla tsa Molimo le litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo.

^ ser. 21 Lilemo tse hlano hamorao, mofetoleli e mong ea bitsoang Olivétan o ile a lokolla khatiso ea Bibele ea Sefora e neng e nkiloe lipuong tsa khale. O ile a ipapisa haholo le phetolelo ea Lefèvre ha a ne a fetola Mangolo a Segerike.