MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) April 2017

Makasine ena e na le lihlooho tse tla ithutoa ho tloha ka la 29 May ho isa ho la 2 July, 2017.

“U Phethe Boitlamo Boo U bo Etsang”

Boitlamo keng? Mangolo a reng ka ho etsa boitlamo ho Molimo?

Ke Lintho Life Tseo ’Muso oa Molimo o Tla li Felisa?

Bibele e re “lefatše lea feta.” Empa “lefatše” ke’ng?

PALE EA BOPHELO

O ne a Ikemiselitse ho ba Lesole la Kreste

Demetrius Psarras o ile a koalla teronkong hobane a sa batle ho ba lesole. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe liteko tse matla tse ileng tsa latela.

Kamehla “Moahloli oa Lefatše Lohle” o Etsa se Nepahetseng

Ke hobane’ng ha ho ka thoe ke ntho e sa khoneheng hore Jehova a sebetse lintho ka ho hloka toka? Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa ho Bakreste mehleng ee?

Na U Etsisa Jehova ka Hore U Sebetse Lintho ka Toka?

Boikokobetso le ho tšoarela ba bang ke tsa bohlokoa e le hore re bontše hore re etsisa toka ea Jehova. Hobane’ng?

Ithaopele ho Rorisa Jehova!

Molimo ea Matla ’ohle o ananela seo bahlanka ba hae ba se etsang ho tšehetsa morero oa hae, ho sa tsotellehe hore ba etsa ho honyenyane hakae.