Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithaopele ho Rorisa Jehova!

Ithaopele ho Rorisa Jehova!

“Bakeng sa ho ithaopa ha batho, bokang Jehova.”—BAAHL. 5:2.

LIPINA: 150, 10

1, 2. (a) Elifaze le Bildade ba ile ba re’ng ka tšebeletso eo re e etsetsang Molimo? (b) Jehova o ile a tsebahatsa maikutlo a hae joang?

“NA MONNA ea shahlileng a ka ba le thuso ho Molimo, e le hore leha e le ofe ea nang le temohisiso a ka ba le thuso ho eena? Na Ea Matla ’Ohle o thabisoa ke letho ka hore ebe u lokile, kapa o rua letho ka hore ebe u etsa hore tsela ea hao e be e sa tšoauoeng phoso?” (Jobo 22:1-3) Na u ka rata ho tseba likarabo tsa lipotso tsee? Ha Elifaze oa Motemane a botsa Jobo lipotso tsena, o ne a kholisehile hore karabo ea tsona ke che. Motsoalle oa hae Bildade oa Moshuha, o ile a re motho e ke ke ea e-ba ea lokileng ka pel’a Molimo.—Bala Jobo 25:4.

2 Metsoalle ena ea Jobo e ile ea re boiteko ba rona ba ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ke ba lefeela le hore Jehova o re nka re le litšoèlè, litšenyane kapa liboko. (Jobo 4:19; 25:6) Ha re okola taba ena ka holimo feela, ho ka bonahala eka banna bana ba ne ba ikokobelitse. (Jobo 22:29) Ke ’nete hore ho ka ba thata ho bona batho lefatšeng haeba u ba sheba u le sebakeng se phahameng haholo. Empa na ebe ke eona tsela eo Jehova a shebang tšebeletso ea rona ka eona a le sebakeng sa hae se phahameng? Jehova o ile a bontša hore na o ikutloa joang ha a khalemela Elifaze, Bildade le Tsofare hobane ba ne ba buile leshano ka eena, a ba a bontša hore o amohela Jobo ka ho ’mitsa ‘mohlanka oa hae.’ (Jobo 42:7, 8) Kahoo, re kholisehile hore Molimo o nka batho e le ba bohlokoa.

“U MO FA ENG?”

3. Elihu o ile a re’ng ka tšebeletso eo re e etsetsang Jehova, hona o ne a bolela’ng?

3 Jehova ha aa ka a khalemela Elihu ha a re ho Jobo: “Haeba ka sebele u nepile, u mo [Molimo] fa eng, kapa o amohela eng letsohong la hao?” (Jobo 35:7) Na Elihu o ne a bolela hore tšebeletso eo re e etsetsang Molimo ke ea lefeela? Che. O ne a bolela hore tšebeletso eo re mo etsetsang eona ha e mo thuse ka letho. Jehova ha a hloke letho. Re ke ke ra mo ruisa kapa ra mo ekeletsa matla. Leha ho le joalo, makhabane, litalenta kapa bokhoni boo re nang le bona ke letlotlo le tsoang ho Molimo ’me o ela hloko tsela eo re le sebelisang ka eona.

4. Jehova o ikutloa joang ha re rata batho ba bang?

4 Jehova o nka hore ha re rata bahlanka ba hae ho tšoana le ha re mo rata. Liproverbia 19:17 e re: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” Na lengolo lee le bolela hore kamehla Jehova oa hlokomela ha re hauhela batho ba bang? Na ’Mopi o inka a kolota batho ba hauhelang ba bang ebe o ba lefa ka ho ba hlohonolofatsa? E, Mor’a Molimo o ile a netefatsa sena.—Bala Luka 14:13, 14.

5. Re tl’o araba lipotso life?

5 Jehova oa thaba ha batho ba tšepahalang ba kenya letsoho ho phethahatseng morero oa Hae. Ke kahoo a ileng a fa moprofeta Esaia boikarabelo ba hore e be ’muelli oa hae. (Esa. 6:8-10) Esaia o ile a amohela boikarabelo boo. Mehleng ena ba bangata ba itela ka tsela e tšoanang le ea Esaia ka ho amohela likabelo tse boima tšebeletsong ea Jehova. Ho ntse ho le joalo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na Jehova o nka tšebeletso ea ka e le bohlokoa? Le hoja ka mohau Jehova a mpha monyetla oa ho etsa ho itseng mosebetsing oa hae, na a ke ke a etsa sohle ho phethahatsa morero oa hae ho sa tsotellehe seo ke se etsang tšebeletsong ea hae?’ A re ke re bone hore na lintho tse etsahetseng mehleng ea Debora le Barake li re thusa joang ho araba lipotso tsena.

BA NE BA TŠOHILE HAHOLO EMPA MOLIMO A BA MATLAFATSA

6. Ke phapang efe e neng e le teng pakeng tsa Baiseraele le lebotho la Jabine?

6 Baiseraele ba ne ba ‘hateletsoe’ ka lilemo tse 20 ke Morena Jabine oa Bakanana. Baahi ba ne ba tšohile hoo ba neng ba lula ba ipatile. Ho ne ho bonahala eka ba ke ke ba o besa oa tuka hobane ba ne ba se na lihlomo le libetsa tse lekaneng, ha lira tsa bona tsona li e-na le likoloi tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe.—Baahl. 4:1-3, 13; 5:6-8. *

7, 8. (a) Jehova o ile a fa Barake litaelo life qalong? (b) Baiseraele ba ile ba hlola lebotho la Jabine joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

7 Leha ho le joalo, Jehova o ile a roma moprofeta oa mosali ea bitsoang Debora hore a fe Barake taelo ena: “E-ea ’me u ikabe Thabeng ea Tabore, u nke banna ba likete tse leshome ho bara ba Nefthali le ho bara ba Zabulone. Ka sebele ke tla hulela ho uena phuleng ea molapo o phoroselang ea Kishone, Sisera molaoli oa lebotho la Jabine le likoloi tsa hae tsa ntoa le bongata ba hae ’me ke tla nehelana ka eena letsohong la hao.”—Baahl. 4:4-7.

8 Baahi ba ile tseba ka taelo ena. Banna bao ba ile ba ea Thabeng ea Tabore. Barake o ile a latela litaelo tsa Jehova hang-hang. (Bala Baahloli 4:14-16.) Ha ba le Tanake moo ntoa e neng e ntse e kupa, ka tšohanyetso ho ile ha na pula ea litloebelele ’me sebaka seo sa fetoha qhafu-qhafu ea seretse. Barake o ile a lelekisa lebotho la Sisera ho ea fihla Haroshethe, e leng sebaka se bohole ba lik’hilomithara tse 24. Ha ba ntse ba baleha, Sisera o ile a siea lebotho la hae le ferekaneng ’me a balehela motseng oa Zananime, oo mohlomong o neng o le pel’a Kedeshe. O ile a balehela tenteng ea Jaele mosali oa Hebere oa Mokene ’me Jaele a mo amohela. Sisera o ile a khaleha kaha o ne a khathetse. Jaele o ile a ba sebete ’me a mo bolaea a sa ntse a robetse joalo. (Baahl. 4:17-21) Kahoo Baiseraele ba ile ba hlola lira tsa bona! *

MAIKUTLO A SA TŠOANENG TABENG EA BOITHAOPO

9. Lengolo la Baahloli 5:20, 21 le re ho ile ha etsahala’ng ha Baiseraele ba ntse ba loana khahlanong le Sisera?

9 Re tla utloisisa Baahloli khaolo ea 4 haholoanyane ha re bala le khaolo ea 5. Mohlala, Baahloli 5:20, 21 e re: “Linaleli tsa loana leholimong, tsa loantša Sisera litseleng tsa tsona. Molapo o phoroselang oa Kishone oa ba hohola.” Na e ne e hlile e le linaleli tse neng li loantša Sisera kapa e ne e le mangeloi? Khaolo eo ha e hlalose. Haeba e ne e se Molimo ea neng a loanela batho ba hae, re ka re ke mang ea entseng hore ho ne pula ea litloebelele ka nako le sebaka se tšoanetseng, hore e hohole likoloi tse 900 tsa ntoa? Ka makhetlo a mararo, Baahloli 4:14, 15 e re tlholo eo ke ea Jehova. Ha ho le ea mong ho Baiseraele ba 10 000 ea neng a ka ikotla sefuba ka tlholo eo.

10, 11. “Meroze” e ne e le eng, hona ke hobane’ng ha e ne e rohakiloe?

10 Hoa makatsa hore ebe ka nako eo Debora le Barake ba ntseng ba rorisa Jehova ka pina ea tlholo, ba ile ba re: “‘Rohakang Meroze,’ ho boletse lengeloi la Jehova, ‘Rohakang baahi ba eona le sa phetse, etsoe ha baa ka ba thusa Jehova, ho thusa Jehova ka ba matla.’”—Baahl. 5:23.

11 Ha e le hantle Meroze e ne e le eng? Ha re tsebe hantle hobane ho bonahala e ne e rohakiloe hoo ho leng thata ho tseba hore na e ne e le eng. E ka ’na eaba e ne le motse oo baahi ba oona ba sa kang ba ithaopela ho ea ntoeng. Hoa makatsa hore ebe ba re ba ne ba sa utloa hore Jehova o hloka baithaopi. Etsoe batho ba 10 000 ba ileng ba ithaopa, ba ne ba tsoa libakeng tse haufi le moo. Ak’u nahane feela baahi ba Meroze ba shebile Sisera a ntse a matha literateng tsa bona. Ona e ne e le monyetla oa hore ba bontše hore ba ka lehlakoreng la Jehova ’me ba hlohonolofatsoe. Empa na ba ile ba nka monyetla oo, kapa ba ile ba qeaqea? Haeba ho joalo, batho ba Meroze ba ne ba fapane hakaakang le Jaele ea neng a le sebete!—Baahl. 5:24-27.

12. Baahloli 5:9, 10 e bontša phapang efe pakeng tsa batho ba ileng ba tšehetsa Barake le ba sa kang ba mo tšehetsa?

12 Ho Baahloli 5:9, 10, re bona phapang e teng pakeng tsa batho ba neng ba tšehetsa Barake le ba neng ba sa mo tšehetse. Debora le Barake ba ile ba babatsa “balaoli ba Iseraele, bao e neng e le baithaopi har’a batho.” Balaoli bao ba ne ba sa tšoane le “bapalami ba liesele tse tšehali tse bokhunoana bo bosehlana,” ba neng ba ikhohomosa ’me ba sa batle ho thusa. Ba ne ba boetse ba sa tšoane le baahi ba neng ‘ba lula holim’a limmete tsa boleng bo phahameng,’ le “ba tsamaeang tseleng.” Baahi bana ba ne ba rata bophelo bo mabothobotho. Ba ne ba sa batle ho sebetsa ka thata, ba sa tšoane le banna ba ileng ba ea le Barake ntoeng sebakeng se majoe sa Tabore le sebakeng se seretse sa Kishone! Batho bana ba neng ba rata menate ba ile ba khothalletsoa hore ba “nahane!” Ba ne ba lokela ho nahanisisa ka monyetla o neng o ba lahlehetse ka hore ebe ha baa ka ba ithaopa. Le rona re lokela ho itlhahloba hore na re na le maikutlo a nepahetseng ka ho sebeletsa Molimo.

13. Maikutlo a moloko oa Rubene, Dane le Ashere a ne a fapane joang le a moloko oa Zabulone le Nefthali?

13 Ba ileng ba ithaopa ba ile ba bona kamoo Jehova e leng ’Musi ea matla kateng. Ba ile ba bolella ba bang ka “liketso tse lokileng tsa Jehova” tseo ba ileng ba li bona. (Baahl. 5:11) Ka lehlakoreng le leng, Baahloli 5:15-17 e khalemela batho ba moloko oa Rubene, Dane le Ashere ka hore ebe ba ile ba shebana le maruo a bona ho e-na le hore ba e’o thusa Barake ntoeng. Ba ne ba fapane le ba moloko oa Zabulone le Nefthali ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba tšehetse Debora le Barake. (Baahl. 5:18) Batho bana ba ne ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka ho ithaopela ho sebeletsa Jehova. Kahoo re ka ithuta’ng tlalehong ee?

“BOKANG JEHOVA!”

14. Re bontša joang hore re tšehetsa mosebetsi oa Jehova mehleng ee?

14 Mehleng ena ha re loane lintoa tsa sebele joaloka mehleng eo, empa re fuoe mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ka sebete le ka cheseho. Mokhatlo oa Jehova o hloka baithaopi ba bangata ho feta leha e le neng pele. Bara le barali babo rona ba limilione ba ithaopela ho sebeletsa Jehova ka mekhoa e fapaneng e kang bopula-maliboho, tšebeletso ea Bethele, ho sebetsa kahong ea Liholo Tsa ’Muso le ho ithaopa likopanong. Nahana hape le ka baholo ba nang le boikarabelo bo boima ba ho ba litho tsa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele le ba sebeletsang likomiting tse hlophisang likopano. Kholisehang hore Jehova oa thaba ha re mo sebeletsa ka boitelo ’me a ke ke a lebala mesebetsi ea rona.—Baheb. 6:10.

Pele u etsa qeto, nahana ka hore na e tla ama lelapa la hao le phutheho joang (Sheba serapa sa 15)

15. Re ka itlhahloba joang ho bona hore na re ntse re sebeletsa Jehova ka cheseho?

15 E mong le e mong oa rona o lokela itlhahloba ka lipotso tsena: ‘Na ke khotsofalletse ho bona ba bang ba sebetsa ka thata empa ke sa sebetse ka thata? Na ke phathahane ka ho fumana chelete ho feta ho sebeletsa Jehova? Na joaloka Barake, Debora, Jaele le Baiseraele ba 10000 ba ileng ba ithaopa, ke na le tumelo le sebete ’me ke sebelisa sohle seo ke nang le sona tšebeletsong ea Jehova? Na ke nahana ho fallela sebakeng se seng e le hore ke fumane mosebetsi o patalang hantle? Haeba ho joalo, na ke rapela Jehova hore a nthuse ho hlokomela hore na ho etsa joalo ho tla ama lelapa la ka le phutheho joang?’ *

16. Le hoja Jehova a na le lintho tsohle, ke mpho efe eo u ka mo fang eona?

16 Ke tlotla e kholo ho tšehetsa bobusi ba Jehova. Satane Diabolose le eena o na le batho ba tšehetsang bobusi ba hae. Kahoo ha re tšehetsa bobusi ba Jehova, re bontša ka ho hlaka hore na re ka lehlakoreng la mang. Jehova oa thaba ha u mo sebeletsa ka botšepehi. (Liprov. 23:15, 16) Ha u tšehetsa bobusi ba hae, o fana ka karabo liqosong tsa Satane. (Liprov. 27:11) Kahoo ha u mamela Jehova, ha e le hantle u mo fa mpho e molemo ’me o thaba haholo.

17. Baahloli 5:31 e re bolella’ng ka bokamoso?

17 Haufinyane lefatšeng ho tla tlala batho ba ratang bobusi ba Jehova ba bile ba bo tšehetsa. Re labalabela nako eo. Re ikutloa joaloka Debora le Barake ba ileng ba re: “Lira tsohle tsa hao li ke li timele, Jehova, ’me ba u ratang ba be joaloka letsatsi ha le hlaha ka matla a lona.” (Baahl. 5:31) Jehova o tla araba kopo eo ha a felisa lefatše la Satane le khopo. Ha ntoa ea Armagedone e fihla, ha ho na hlokahala hore re loane. Ka nako eo, re tla ‘ema ’me re bone poloko ea Jehova.’ (2 Likron. 20:17) Empa hona joale, re na le menyetla e mengata ea ho bontša hore re etsa thato ea Jehova ka sebete le ka cheseho.

18. Mosebetsi oo u o etsang ka boithaopo o ka tsoela batho ba bang molemo joang?

18 Debora le Barake ba ile ba qala pina ea bona ea tlholo ka mantsoe ana: “Bakeng sa ho ithaopa ha batho, bokang Jehova!” Ba ne ba sa rorise motho, empa ba ne ba rorisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa. (Baahl. 5:1, 2) E se eka u ka tsoela pele ho bontša moea oa boithaopo ’me u thuse ba bang hore le bona ba rorise Jehova!

^ ser. 6 Mabili a likoloi tsena tsa ntoa a ne a e-na le mahare a malelele a tšepe. Ha ho motho ea neng a ka batla ho atamela pel’a koloi e kotsi joalo.

^ ser. 8 U ka fumana litaba tse eketsehileng sehloohong se reng “Ke Ema Joaloka ’Mè IseraeleMolula-Qhooeng oa August 1, 2015.

^ ser. 15 Sheba sehlooho se reng “Ho Tšoenyeha ka Chelete” se hlahang ho Molula-Qhooa oa July 1, 2015.