MOLULA-QHOOA (O ITHUTOANG) January 2017

Khatiso ena e na le lihlooho tse ithutoang ka la 27 February–la 2 April, 2017.

Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata

Barali babo rona ba bangata ba ileng ba sebeletsa linaheng tse ling ba ne ba le leqe ho fallela linaheng tse ling. Ba ile ba thusoa ke eng hore ba be le sebete? Ba ithutile eng ka ho sebeletsa linaheng tse ling?

“Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo”

Jehova o thabela ho re etsetsa lintho tseo re sa khoneng ho iketsetsa tsona. Empa o lebeletse hore re etse seo re ka khonang ho se etsa. Temana ea selemo ea 2017 e re thusa joang hore re se ke ra tšoenyeha haholo?

Ananela Bolokolohi ba Hao ba ho Ikhethela

Bolokolohi ba ho ikhethela ke eng, hona Bibele e ruta eng ka bona? U ka bontša joang hore u hlompha bolokolohi ba ba bang ba ho ikhethela?

Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?

Boinyenyefatso ke eng, hona e amana joang le boikokobetso? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bo hlaolela?

Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata

Re ka lula re inyenyefalitse joang ha maemo a rona a fetoha, ha re nyatsoa kapa re rorisoa, le ha re etsa liqeto tse nepahetseng?

“Lintho Tsena U li Behe ho Banna ba Tšepahalang”

Ke joang ba holileng ba ka thusang ba bacha ho phetha boikarabelo bo eketsehileng? Ke joang ba bacha ba ka bontšang hore ba hlompha ba nang le boiphihlelo?

Re U Lome Tsebe?

Mollo o ne o tsamaisoa joang ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng?