Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lithuto Tse Fanang ka Tšepo

Lithuto Tse Fanang ka Tšepo

Molimo o tšepisa hore o tl’o etsa liphetoho tse thabisang haufinyane. O tl’o felisa mathata a be a etse hore batho ba thabele ho phela lefatšeng. (Pesaleme ea 37:​11) Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela tšepiso ee? Hobane “Molimo ha se motho hore a bue mashano.” (Numere 23:​19) Bona tse ling tsa lintho tse ntle tseo ’Mopi oa rona a tl’o li etsa.

Molimo o Tla Felisa Batho ba Khopo

“Ha ba khopo ba hlomela joaloka limela bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.”​—PESALEME EA 92:7.

Joalokaha re ithutile sehloohong se fetileng, lintho tse mpe li ntse li eketseha le ho feta. Ntho ena ha ea lokela ho re makatsa hobane ho ile ha boleloa esale pele ka Bibeleng ho 2 Timothea 3:​1-5 hore “matsatsing a ho qetela” batho ba ne ba tla etsa lintho tse mpe haholo. Re bolela’ng ha re re “matsatsing a ho qetela”? Re bolela matsatsi a ho qetela a lefatše lena le tletseng batho ba sa batleng ho mamela Molimo. Haufinyane Molimo o tl’o felisa batho ba sa batleng ho fetola mekhoa ea bona e mebe. Ho tla sala feela batho ba lokileng ba mamelang Molimo. “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ea 37:29.

Molimo o Tla Felisa Satane

“Molimo ea fanang ka khotso o tla silakanya Satane.”​—BAROMA 16:20.

Ha Satane, bademona le batho bohle ba etsang lintho tse mpe ba se ba le sieo, ho tla ba le khotso lefatšeng lohle. ’Mopi oa rona oa re tšepisa o re: “Ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore [le] thothomele.”​—Mikea 4:4.

Molimo o Tla Felisa ho Kula le Lefu

“Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—TŠENOLO 21:​3, 4.

Mathata le ho kula li tl’o fela hobane Molimo o tl’o lokisa lintho tsohle tse sentsoeng ke Satane, Adama, Eva le ke ho se phethahale ha rona. Kahoo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” Batho ba ratang ’Mopi le ba mo mamelang ba tla phela ka ho sa feleng. Empa ba tla phela hokae?

’Mopi oa Rona o Tla Etsa Lefatše Paradeise

“Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone.”​—ESAIA 35:1.

Ha Molimo a felisa batho ba khopo, lefatše e tla ba paradeise. Ho tla ba le lirapa le libaka tse ntle tse ngata ’me ho tla ba le lijo tse ngata. (Pesaleme ea 72:​16) Maoatle, matša le linoka li tla be li hloekile ebile li e-na le bophelo. Batho ba ke ke ba hlola ba hopola kamoo lefatše le neng le le litšila kateng. Ba tla ikahela matlo ’me ba lule ho ’ona. Hape ho ke ke ha hlola ho e-ba le motho ea se nang moo a lulang teng, ea lapileng kapa ea futsanehileng.​—Esaia 65:​21, 22.

Molimo o Tla Tsosa Bafu

“Ho tla ba le tsoho.”​—LIKETSO 24:15.

Na u ka thabela ho bona batho bao u ba ratang ba seng ba hlokahetse? Molimo ea matla ’ohle o tla ba tsosa ’me ba phele lefatšeng la Paradeise. U tla ba tseba ’me le bona ba tla u tseba. U ka inahanela feela hore na le tla thaba hakaakang ha le bonana! Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore see se tla etsahala? Re ka kholiseha hobane Bibele e re fa mehlala ea batho ba baholo le bana ba ileng ba tsosoa eaba ba kopana le ba malapa a habo bona. Ho feta moo, hangata Jesu o ne a tsosa bafu batho ba bangata ba shebeletse.​—Luka 8:​49-56; Johanne 11:​11-14, 38-44.