Seo re Ithutang Sona ka Bibeleng
“Ena ke histori ea maholimo le lefatše nakong ea ho boptjoa ha tsona.” (Genese 2:4) Ena ke tsela eo Bibele e hlalosang hore na lefatše le bile teng joang. Na seo Bibele e se buang se lumellana le saense? Ha re shebe mehlala e latelang.
Na haesale linaleli le lipolanete li le teng?
Genese 1:1 e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.”
Pejana ho lilemo tsa bo-1950, bo-rasaense ba tsebahalang ba ne ba lumela hore haesale linaleli le lipolanete li le teng. Leha ho le joalo, ha bo-rasaense ba mehleng ena ba hlahloba bopaki baa lumela hore ehlile ho na le moo linaleli le lipolanete li qalileng teng.
Qalong lefatše le ne le shebahala joang?
Genese 1:2, 9 e re “lefatše le ne le se na sebopeho ebile le se na letho,” hape le koahetsoe ke metsi.
Bo-rasaense ba lumellana le tlhaloso eo. Setsebi se seng sa biology se bitsoang Patrick Shih se re: “Qalong lefatše le ne le se na moea oo re ka o hemang e leng oxygen ebile le shebahala ka tsela e makatsang.” Makasine oa Astronomy o re: “Lefatše le ne le koahetsoe ke metsi ’me ho se na moo ho omileng.”
Tikoloho le sepakapaka li ile tsa fetoha joang ha nako e ntse e e-ea?
Genese 1:3-5 ea bontša hore qalong khanya e ne e sa khone ho fihla lefatšeng. E bile hamorao moo letsatsi le khoeli li neng li ka bonahala ka ho hlaka ho tloha lefatšeng.—Genese 1:14-18.
Bibele ha e re lintho tsohle tse phelang li bopiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.
Smithsonian Environmental Research Center e re qalong ho ne ho na le moholi o etsang hore ho be lerootho mona lefatšeng, o bakoang ke khase e bitsoang Methane. Hamorao moholi oo o ile oa apoha ’me leholimo le ile la e-ba leputsoa.”
Lintho li ile tsa boptjoa ka tatellano efe lefatšeng?
Genese 1:20-27 e bontša hore qalong Molimo o ile a bopa litlhapi, linonyana, liphoofolo ’me a qetella ka ho bopa batho. Bo-rasaense ba lumela hore tlhapi ea pele e bile teng pele ho liphoofolo tse anyesang ’me batho ba bile teng hamorao.
Bibele ha e hane hore ha nako e ntse e e-ea lintho tse phelang li ka fetoha hanyane empa li sa fetohe sebopeho ka ho feletseng.
Maikutlo a Fosahetseng ka Seo Bibele e se Buang
Batho ba bang ba re Bibele ha e lumellane le liphuputso tsa morao-rao tsa saense. Leha ho le joalo, maikutlo a bona a fosahetse hobane ha ba utloisise seo Bibele e se buang.
Bibele ha e re maholimo le lefatše li na le lilemo tse 6 000 li le teng. Ho e-na le hoo Bibele e re “tšimolohong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Bibele ha e bue kapa hona ho hlakisa hore na sena se etsahetse neng.
Bibele ha e re lintho tsohle tse phelang li bopiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24.
Ho e-na le hoo, e sebelisa lentsoe “letsatsi” ha e bua ka nako e telele. Ka mohlala, ha Bibele e bua ka nako eo Jehova * a e nkileng a bopa leholimo le lefatše e leng matsatsi a tšeletseng ao ho buuang ka ’ona ho Genese khaolo ea 1 e hlalosa nako eo kaofela e le “letsatsing leo ka lona Jehova Molimo a entseng lefatše le leholimo.” (Genese 2:4) Kahoo, matsatsi a tšeletseng ao Molimo a a qetileng a bopa lefatše le lintho tsohle tse ho lona, ha se matsatsi a tloaelehileng a lihora tse 24 empa ke nako e telele.
Bibele ha e hane hore ha nako e ntse e-ea lintho tse phelang li ka fetoha hanyane empa li sa fetohe sebopeho ka ho feletseng.
Buka ea Genese e re Molimo o ile a bopa liphoofolo ‘ho ea ka mefuta ea tsona.’ (Genese 1:24, 25) Ha Bibele e sebelisa lentsoe “mefuta” ho bonahala eka e bua ka lintho tse ngata tse phelang. Kahoo, lentsoe lena “mofuta” le ka bolela lihlopha tsa liphoofolo tse ngata tse batlang li tšoana tse ka khonang ho ikatisa har’a tsona. E leng se ka etsang hore sebopeho sa tsona se fetohe hanyane ha nako e ntse e e-ea.
U nahana’ng ka see?
Joalokaha ho bontšitsoe, Bibele e hlalosa ka tsela e bonolo hore lefatše le leholimo li bile teng joang, lefatše le ne le shebahala joang pele le hore na lintho tse phelang li bile teng joang. Haeba Bibele e khona ho hlalosa lintho tsee ka tsela e nepahetseng, na e ka boetse ea nepa hore ke mang ea li bopileng? Buka ea Encyclopædia Britannica, e re taba ea hore bophelo bo qaliloe ke ntho e ’ngoe e itseng, e lumellana le liphuputso tsa morao-rao tsa saense. *