NALANE EA RŌNA
Ba Ile ba Ema ba Tiile ka “Hora ea Teko”
HO QHOMA ha Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, ho ile ha qetella ho entse hore batho ba bangata ba hlokomele hore Liithuti Tsa Bibele ha li nke lehlakore. (Esa. 2:2-4; Joh. 18:36; Baef. 6:12) Ho ile ha etsahala’ng ka bahlanka ba Molimo ba Brithani?
Ka 1916, naheng ea Brithani ho ile ha fetisoa Molao oa Tšebeletso ea Sesole o neng o re banna ba sa nyalang ba lilemo li 18 ho ea ho tse 40 ba lokela ho ea ntoeng. Molao oo o ne o lumella batho ba sa batleng ho ea ntoeng ka lebaka la “bolumeli ba bona kapa seo ba se lumelang litabeng tsa boitšoaro” hore ba se ke ba ea. ’Muso o ile oa theha makhotla a toka a neng a tla etsa qeto ea hore na ke mang ea neng a lokela ho lumelloa ho se ee ntoeng le hore na o ne a tla lumelloa boemong bofe.
Ka mor’a nako e khutšoanyane, Liithuti Tsa Bibele tse ka bang 40 li ile tsa hlahleloa literonkong tsa sesole ’me tse 8 li ile tsa romeloa ntoeng Fora. Ka lebaka la ketso eo e bontšang ho hloka toka, barab’abo rōna ba Brithani ba ile ba ngolla Tona Khōlo Herbert Asquith lengolo leo ba neng ba ipelaetsa ka ho tšoaroa ha bara bao babo rōna, hammoho le lengolo la boipiletso le neng le saennoe ke batho ba 5 500.
Ho ile ha fihla litaba tse neng li bolela hore Liithuti Tsa Bibele tse robeli tse neng li rometsoe Fora li ahloletsoe ho thunngoa hobane li hanne ho ea ntoeng. Empa nakong eo bara bao babo rōna ba neng ba kolokile ba emetse ho thunngoa, kahlolo ea bona e ile ea fetoloa eaba ba ahloleloa ho hlola lilemo tse leshome teronkong. Ba ile ba khutlisetsoa Engelane e le hore ba ka isoa literonkong tsa sechaba.
Ha ntoa e ntse e kupa, ho ile ha boleloa hore le banna ba nyetseng ba lokela ho ea ntoeng. Nyeoeng e ’ngoe e neng e tšoaretsoe Manchester, Engelane, moqosuoa e ne e le Henry Hudson, eo e neng e le ngaka ebile e le Seithuti sa Bibele. Ka la 3 August, 1916, lekhotla le ile la liha kahlolo ea hore o ne a tlōtse molao, la mo lefisa ’me la mo romela sesoleng. Ka nako e tšoanang, ho ile ha e-ba le nyeoe e ’ngoe Edinburgh, Scotland. James Frederick Scott, e leng morekisi oa libuka ea lilemo li 25, o ile a fumanoa a se na molato. ’Muso o ile oa ipiletsa empa oa nyahlatsa nyeoe eo ka lebaka la nyeoe e ’ngoe e neng e le London. Lekhetlong lena mor’abo rōna ea bitsoang Herbert Kipps o ile a fumanoa a le molato, a lefisoa eaba o romeloa sesoleng.
Ka September 1916, barab’abo rōna ba 264 ba ne ba kōpile hore ba se ke ba ea sesoleng. Ba bahlano ba bona ba ile ba lumelloa hore ba se ke ba ea sesoleng, ba 154 ho ile ha thoe ba etse “tšebeletso ea sechaba,” ba 23 ba ile ba abeloa ho sebetsa mekhatlong eo e seng ea ntoa, ba 82 ba ile ba isoa sesoleng moo ba bang ba bona ba ileng ba qosoa lekhotleng la sesole ’me ba hlahleloa teronkong. Sechaba ha sea ka sa lumellana le ho tšoaroa ka sehlōhō ha banna bana, kahoo, ’muso o ile oa ba tlosa teronkong ea sesole oa ba isa likampong tsa batšoaruoa.
Edgar Clay le Pryce Hughes, bao hamorao ba ileng ba sebeletsa e le balebeli ba lekala Brithani, ba ile ba ea sebetsa letamong, Wales. Ka lehlakoreng le leng, Herbert Senior, e leng e mong oa ba robeli ba ileng ba khutlisoa Fora, o ile a isoa Teronkong ea Wakefield e Yorkshire. Batho ba bang ba ile ba phetha kahlolo ea bona ea mosebetsi o boima tlas’a maemo a thata Teronkong ea Dartmoor, moo batho ba bangata ba ileng ba hana ho etsa tšebeletso ea sesole ba ileng ba isoa teng.
Frank Platt, e leng Seithuti sa Bibele se neng se lumetse ho etsa mosebetsi o sa amaneng le sesole, o ile a hlorisoa ka nako e telele le ka sehlōhō ha a ne a hana ho ea ntoeng. Atkinson Padgett, ea ileng a ithuta ’nete nakoana ka mor’a hore a ingolisetse sesole, le eena o ile a hlorisoa ka sehlōhō ke baeta-pele ba sesole ka lebaka la ho hana ho ea ntoeng.
Le hoja hoo e ka bang lilemong tse lekholo tse fetileng barab’abo rōna ba ne ba sa utloisise hantle hore na ho se nke lehlakore ho bolela’ng, ba ile ba leka ho khahlisa Jehova Molimo. Batho ba boletsoeng ka mabitso tlalehong ena ba ile ba beha mohlala o motle haholo tabeng ea ho se nke lehlakore haholo-holo nakong e boima haholo ea “hora ea teko.” (Tšen. 3:10)—Nalane ea rōna ea Brithani.