Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?

Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?

Ho Itima Lijo​—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?

‘Ho itima lijo ke ntho e u thusang hore u nahanisise ka kamano ea hao le Molimo le ho u hopotsa hore lintho tsa nama hase tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.’—MOSALI E MONG OA MOK’HATHOLIKE.

‘Ho itima lijo ho u thusa hore u be le kamano le Molimo.’—RABI OA MOJUDA.

‘Bolumeling ba ka, ho itima lijo ke tlamo, ke bopaki ba hore ke inehetse ho Molimo ebile kea mo leboha. Ke itima lijo hobane ke rata Molimo.’—MOLATELI OA TUMELO EA BAHA’I.

HO ITIMA lijo ke mokhoa o tloaelehileng malumeling a mangata a lefatše, a akarelletsang Bobuddha, Bohindu, Boislamo, Bojaine hammoho le Bolumeli ba Sejuda. Batho ba bangata ba lumela hore ho itima lijo nako e itseng ho atametsa motho haufi le Molimo.

U nahana joang ka taba ee? Na u lokela ho itima lijo? Lentsoe la Molimo, Bibele, lona le re’ng?

Ho Itima Lijo Mehleng ea Bibele

Mehleng ea Bibele, batho ba ne ba itima lijo ka mabaka a sa tšoaneng a neng a amoheloa ke Molimo. Ba bang ba ne ba itima lijo e le ho bontša hore ba hlomohile haholo kapa ba baketse libe tsa bona (1 Samuele 7:4-6), e le ho kōpa Molimo hore a ba tšehetse, a ba tataise (Baahloli 20:26-28; Luka 2:36, 37), kapa e le ho chorisa likelello tsa bona ha ba ntse ba thuisa.—Matheu 4:1, 2.

Leha ho le joalo, Bibele e boetse e bua ka ho itima lijo hoo Molimo a sa kang a ho rata. Morena Saule o ile a itima lijo pele a batla keletso ho motho ea buisanang le meea. (Levitike 20:6; 1 Samuele 28:20) Batho ba khopo joaloka Jezebele hammoho le ba neng ba chesehela setso sa Bajuda ka ho feteletseng ba ileng ba rera ho bolaea moapostola Pauluse, ba ile ba behella nako e itseng ka thōko e le hore bona le batho ba bang ba itime lijo. (1 Marena 21:7-12; Liketso 23:12-14) Bafarisi ba ne ba tsebahala ka ho itima lijo khafetsa. (Mareka 2:18) Leha ho le joalo, Jesu o ile a ba nyatsa ’me ha baa ka ba khahlisa Molimo. (Matheu 6:16; Luka 18:12) Ka ho tšoanang, ka lebaka la boitšoaro bo bobe ba Baiseraele ba bang le sepheo sa bona se sebe, Jehova o ile a iphapanya ha ba itima lijo.—Jeremia 14:12.

Mehlala ena e re bontša hore hase ho itima lijo ka bohona ho khahlisang Molimo. Leha ho le joalo, bahlanka ba bangata ba tšepahalang ba Molimo ba ileng ba itima lijo ba ile ba amoheloa ke Molimo. Ka hona, na see se bolela hore Bakreste ba lokela ho itima lijo?

Na Bakreste ba Tlamehile ho Itima Lijo?

Molao oa Moshe o ne o laela Bajuda hore ba ‘hlorise meea ea bona,’ ke hore, ba itime lijo hang ka selemo ka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe. (Levitike 16:29-31; Pesaleme ea 35:13) Ke lekhetlo lena feela leo ka lona Jehova a ileng a laela batho ba hae hore ba itime lijo. * Bajuda ba neng ba phela tlas’a Molao oa Moshe ba tlameha ba ile ba mamela taelo eo. Empa Bakreste ha ba tlas’a tlamo ea Molao oa Moshe.—Baroma 10:4; Bakolose 2:14.

Le hoja Jesu a ile a itima lijo ho latela Molao, o ne a sa tsejoe ka ho lula a itima lijo. O ile a bolella barutuoa ba hae hore na ba lokela ho itšoara joang haeba ba khetha ho itima lijo, empa ha ho mohla a ileng a ba laela hore ba itime tsona. (Matheu 6:16-18; 9:14) Joale ke hobane’ng ha Jesu a ile a re barutuoa ba hae ba ne ba tla itima lijo ka mor’a lefu la hae? (Matheu 9:15) Ena e ne e se taelo. Mantsoe a Jesu a ne a mpa a bontša feela hore ha a shoa, barutuoa ba hae ba ne ba tla utloa bohloko bo tebileng hoo ba neng ba tla felloa ke takatso ea lijo.

Litlaleho tse peli tsa Bibele tse buang ka Bakreste ba pele ba ileng ba itima lijo li bontša hore ha motho a khetha ho itima lijo ka sepheo se setle, Molimo oa ho amohela. (Liketso 13:2, 3; 14:23) * Ka hona, ha ho na ntho e tlamang Bakreste hore ba itime lijo. Leha ho le joalo, motho ea khethang ho itima lijo o lokela ho ela hloko likotsi tse itseng.

Hlokomela Likotsi Tsa ho Itima Lijo

Kotsi e ’ngoe eo motho a lokelang ho e qoba ha a itima lijo ke ho iketsa ea lokileng. Bibele e re lemosa hore re se itloaetse “boikokobetso ba boikaketsi.” (Bakolose 2:20-23) Papiso ea Jesu ea Mofarisi ea ikhohomosang ea neng a inka a lokile ho feta batho ba bang hobane a tloaetse ho itima lijo e re hlakisetsa taba ea hore Molimo o nyatsa boikutlo bo joalo.—Luka 18:9-14.

Hape e tla ba ho fosahetseng ho bolella batho ba bang hore uena u itima lijo kapa ho itima lijo hobane motho e mong a u boleletse hore u etse joalo. Ho latela Matheu 6:16-18, Jesu o ile a lemosa hore taba ea ho itima lijo e lokela ho ba taba ea boinotšing, e pakeng tsa hao le Molimo, le hore ha ua lokela ho bolella ba bang ka eona.

Motho ha aa lokela ho nahana hore ho itima lijo ho tla etsa hore libe tsa hae li tšoareloe ka tsela e itseng. O lokela ho mamela melao ea Molimo e le hore ha a itima lijo, Molimo a amohele seo. (Esaia 58:3-7) Ntho e etsang hore motho a tšoareloe libe, ke pako ea sebele, eseng feela ho itima lijo. (Joele 2:12, 13) Bibele e hatisa taba ea hore Jehova o re tšoarela libe ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang oo a o bontšitseng ka sehlabelo sa Kreste. Motho a ke ke a fumana tšoarelo ea libe ka ho etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, esita le hona ho itima lijo.—Baroma 3:24, 27, 28; Bagalata 2:16; Baefese 2:8, 9.

Esaia 58:3 e bua ka phoso e ’ngoe e tloaelehileng. Baiseraele ba ile ba fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a ba kolota ho itseng ha ba ile ba itima lijo, ba etsa eka ka ho etsa joalo ba etsetsa Molimo molemo o itseng. Ba ile ba botsa: “Re itimme lijo ka lebaka lefe ’me ua se ke ua bona, ra hlorisa meea ea rōna eaba ha u ele hloko?” Ba bangata kajeno le bona ba nahana hore ha ba itima lijo, Molimo le eena o lokela ho ba etsetsa ntho e itseng e molemo. E se eka le ka mohla re ke ke ra ba le boikutlo bo joalo bo sa hlompheng le bo sa lumellaneng le Mangolo!

Ba bang ba lumela hore Molimo a ka ba amohela ha ba itlhorisa ka ho itima lijo, ba ichapa ka sephali kapa ba etsa ntho e ’ngoe e isang moo. Lentsoe la Molimo le nyatsa khopolo eo, le bontša hore “tšoaro e mpe ea ’mele . . . hase [ea] bohlokoa ba letho ho loantšeng” litakatso tse fosahetseng.—Bakolose 2:20-23.

Ho ba le Pono e Loketseng

Ho itima lijo hase tlamo; ebile ha ho phoso. Ho ka ’na ha e-ba molemo maemong a mang hafeela motho a qoba likotsi tse boletsoeng ka holimo. Leha ho le joalo, ho itima lijo hase eona ntho e ka sehloohong e etsang hore borapeli ba motho ebe bo amohelehang. Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore bahlanka ba hae ba thabe. (1 Timothea 1:11) Lentsoe la hae le re: “Ha ho letho le molemo ho bona ho feta . . . hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”—Moeklesia 3:12, 13.

Re lokela ho thaba borapeling ba rōna, empa ha ho moo Bibele e amahanyang ho itima lijo le ho thaba. Ho feta moo, haeba ho itima lijo ho ne ho ka re kulisa kapa ha re qeta matla ebe re sitoa ho phetha mosebetsi oo ’Mōpi oa rōna a o fileng Bakreste ba ’nete—e leng oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso—ho hlakile hore ho ne ho tla be ho kena-kenana le sepheo sa rōna.

Ebang re khetha ho itima lijo kapa ho se itime tsona, re lokela ho qoba ho ahlola ba bang. Bakreste ba ’nete ha baa lokela ho phehisana khang ka taba ena, “etsoe ’muso oa Molimo ha o bolele ho ja le ho noa, empa o bolela ho loka le khotso le thabo ka moea o halalelang.”—Baroma 14:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Ho itima lijo ha Esthere pele ho Mokete oa Purime, e ne e se taelo ea Molimo, le hoja ho bonahala Molimo a ile a amohela ho itima lijo hoo ha hae.

^ ser. 14 Libibele tse ling li ikenyelitse taba ea ho itima lijo litemaneng tse itseng, empa likarolo tseo tse ekelitsoeng ha li eo mangolong a boholo-holo a ngotsoeng ka letsoho a Segerike.—Matheu 17:21; Mareka 9:29; Liketso 10:30; 1 Bakorinthe 7:5, Bibele ea Sesotho.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Bafarisi ba ne ba bontša boikokobetso ba boikaketsi ha ba itima lijo

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“’Muso oa Molimo ha o bolele ho ja le ho noa, empa o bolela ho loka le khotso le thabo”

[Lebokose le leqepheng la 29]

Ho Thoe’ng ka Lente?

Ho hlalosoa hore matsatsi a 40 a ho itima lijo a Lente a hopotsa batho matsatsi a 40 ao Kreste a ileng a itima lijo ka ’ona. Leha ho le joalo, ha ho mohla Jesu a ileng a laela barutuoa ba hae hore ba ikhopotse taba ea hore o ile a itima lijo, ebile ha ho na bopaki leha e le bofe ba hore ba ile ba etsa joalo. Ho nahanoa hore moo ho builoeng ka lekhetlo la pele ka ho itima lijo ka matsatsi a 40 pele ho Easter ke mangolong a Athanasius a ngotsoeng ka 330 C.E.

Kaha Jesu o ile a itima lijo ka mor’a hore a kolobetsoe, eseng pele ho lefu la hae, hoa makatsa hore ebe malumeli a mang a keteka Lente libeke tse etellang Easter pele. Leha ho le joalo, mokhoa oa ho itima lijo ka matsatsi a 40 qalong ea selemo o ne o tloaelehile lichabeng tsa boholo-holo tsa Bababylona, Baegepeta le Bagerike. Ho hlakile hore mokhoa ona oo ho thoeng ke oa Bokreste o nkiloe lichabeng tseo.