Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ntate oa Bashanyana ba se Nang Bo-ntate

Ntate oa Bashanyana ba se Nang Bo-ntate

Atamela ho Molimo

Ntate oa Bashanyana ba se Nang Bo-ntate

Exoda 22:22-24

“MOLIMO ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate . . . sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang.” (Pesaleme ea 68:5) Mantsoe ao a bululetsoeng a re ruta thuto e etsang hore re atamele haufi le Jehova Molimo—ea hore o lemoha lintho tseo batho ba se nang mang-oe ba li hlokang. Molao oo a ileng a o fa Baiseraele o bontša ka ho hlaka hore o tsotella bana ba hlokahaletsoeng ke motsoali. A re hlahlobeng Exoda 22:22-24, moo ka lekhetlo la pele Bibele e buang ka “moshanyana ea se nang ntate.” *

Molimo o fana ka temoso ena: “Le se ke la hlorisa . . . moshanyana [leha e le ofe] ea se nang ntate.” (Temana ea 22) Ena e ne e se feela kōpo ea hore batho ba thuse bana ba mathateng hobane ba hlokahalletsoe ke motsoali; e ne e le taelo ea Molimo. Ngoana ea hlokahaletsoeng ke ntate—e leng motho ea mo sireletsang le ea mo phelisang—o ne a ka tšoaroa hampe ke batho ba bang. Ho ne ho se motho ea lokelang ho “hlorisa” ngoana ea joalo ka tsela leha e le efe. Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetoletse lentsoe “hlorisa” e le “ho hlekefetsa,” “ho tšoara hampe” le “ho tlatlapa.” Molimo o ne a ho nka e le ntho e mpe haholo ho fosetsa ngoana ea se nang ntate. E ne e le ntho e tebileng hakae?

Molao o tsoela pele ho re: “Haeba u ka mo hlorisa, joale haeba a ka hoeletsa ho ’na, ruri ke tla utloa mohoo oa hae.” (Temana ea 23) Tlaleho ena temaneng ea 22, e re “le” se ke la hlorisa, e leng ho bontšang hore e bua le batho ba bangata, empa temaneng ea 23 e bua le motho a le mong, e re haeba “u” ka mo hlorisa. Batho ka bomong le sechaba ka kakaretso ba ne ba e-na le boikarabelo bo lekanang ba hore ba mamele molao ona oa Molimo. Jehova o ne a bona se etsahalang; a mamela bashanyana ba se nang bo-ntate, a lula a ikemiselitse ho ba thusa ha ba lla ba kōpa thuso.—Pesaleme ea 10:14; Liproverbia 23:10, 11.

Joale ho ne ho tla etsahala’ng haeba motho e mong a ne a ka siteloa ngoana ea se nang ntate, a etsa hore ngoana eo a llele ho Molimo? Jehova o re: “Ruri bohale ba ka bo tla tuka, ’me ka sebele ke tla le bolaea ka sabole.” (Temana ea 24) Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re “ka ho toba [mantsoe a reng ‘bohale ba ka bo tla tuka’] a bolela hore ‘linko tsa ka li tla futha,’ e leng maele a bolelang hore motho o loloma ke bohale.” Ela hloko hore Jehova ha aa ka a tlohella taba ena hore e sebetsoe ke baahloli ba Iseraele. Molimo ka boeena o ne a tla ahlola mang kapa mang ea neng a tla nka monyetla ka ngoana ea se nang motho ea ka mo sireletsang.—Deuteronoma 10:17, 18.

Jehova ha a e-s’o fetohe. (Malakia 3:6) O ntse a utloela bohloko bana ba se nang motsoali kapa batsoali ka bobeli. (Jakobo 1:27) U se ke ua ithetsa—Ntate oa bashanyana ba se nang bo-ntate o halefa ka tsela e lokileng ha bana bao ba tšoaroa hampe. Ba batlang ho hlekefetsa bana ba se nang ea ba sirelelitseng ba ke ke ba pholoha “bohale bo tukang ba Jehova.” (Sofonia 2:2) Batho bao ba khopo ba tla tseba hore “ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo ea phelang.”—Baheberu 10:31.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Poleloana e reng “moshanyana ea se nang ntate” e hlaha ka makhetlo a 40 ka Bibeleng. Le hoja lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng le bua ka bashanyana, ha rea lokela ho nahana hore molao-motheo o sebetsang lipolelong tse joalo o khetholla banana ba hlokahaletsoeng ke bo-ntate. Molao oa Moshe o ne o boetse o sireletsa litokelo tsa banana ba se nang bo-ntate.—Numere 27:1-8.