Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Utloisisa Mokhabo-puo ka Bibeleng?

Na U Utloisisa Mokhabo-puo ka Bibeleng?

Na U Utloisisa Mokhabo-puo ka Bibeleng?

SETŠOANTŠO se ka hlalosoa ka mantsoe a mangata, empa ka linako tse ling motho a ka bua lentsoe kapa a mabeli, eaba taba e ea hlaka. Mekhabo-puo, kapa lipolelo tse etsang hore ’mali a nahane ka ntho e itseng, e sebelisitsoe hangata ka Bibeleng. * Ka mohlala, ho bontšoa hore Thutong ea Thabeng feela, Jesu o ile a sebelisa mekhoabo-puo e fetang e 50 ha a ne a ruta.

Ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella mekhabo-puo ee? Lebaka le leng ke hore ho utloisisa mekhabo-puo ena ho tla etsa hore ’malo oa Bibele o u hlakele o be o u natefele, ’me seo se tla u thusa ho ananela Lentsoe la Molimo. Ho phaella moo, haeba u utloisisa mekhabo-puo hantle, u tla utloisisa molaetsa oa Bibele ka tsela e nepahetseng. Ha e le hantle, ho se utloisise mokhabo-puo o sebelisitsoeng ka Bibeleng ho ka ’na ha ferekanya motho, ha ba ha etsa hore a etse liqeto tse fosahetseng.

Ho Utloisisa Mokhabo-puo

Mokhabo-puo o bapisa taba e itseng le e ’ngoe. Taba e bapisoang le e ’ngoe e bitsoa sehlooho, ’me taba e bapisoang le sehlooho e bitsoa setšoantšo. Papiso ea litaba tsena tse peli e bitsoa ntlha eo li tšoanang ka eona. Kahoo, ke habohlokoa haholo hore u utloisise likarolo tsena tse tharo e le hore u utloisise moelelo oa sebele oa mokhabo-puo.

Ka linako tse ling, ho ka ’na ha e-ba bonolo hore motho a qolle sehlooho le setšoantšo ha a bala mokhabo-puo. Empa lintlha tseo sehlooho le setšoantšo li tšoanang ka tsona li ka ’na tsa e-ba ’maloa. Ke eng e ka u thusang hore u utloisise ka nepo ntlha eo li tšoanang ka eona? Hangata taba eo ho buuoang ka eona e ka fana ka karabo ea potso eo. *

Ka mohlala, Jesu o ile a re ho phutheho ea Sarda: “Ka sebele ntle le hore u tsohe, ke tla tla joaloka lesholu.” (Tšenolo 3:1-5) Mona Jesu o ne a bapisa ho tla ha hae (sehlooho) le tsela eo lesholu le tlang ka eona (setšoantšo). Empa ntlha eo sehlooho le setšoantšo li tšoanang ka eona ke efe? Taba eo ho buuoang ka eona ea re thusa. Ho tloha moo Jesu o ile a re: “Ho hang u ke ke ua tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.” (Tšenolo 3:3) Kahoo, papiso eo ha e bolele hore na o tla ka lebaka lefe. O ne a sa bolele hore o tlela ho tla utsoa ntho e itseng. Ho e-na le moo, ntlha eo sehlooho le setšoantšo li tšoanang ka eona, e amana le ho fihla ha hae a sa lebelloa a bile a sa rerisa motho.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling mokhabo-puo o sebelisitsoeng karolong e ’ngoe ea Bibele o ka u thusa ho utloisisa mokhabo-puo o sebelisitsoeng ho e ’ngoe. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngola mokhabo-puo o tšoanang le oo Jesu a ileng a bua ka oona, ha a ne a re: “Le tseba hantle hore letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu.” (1 Bathesalonika 5:2) Taba eo Pauluse a buang ka eona ha e bontše ka ho hlaka ntlha eo sehlooho le setšoantšo li tšoanang ka eona. Leha ho le joalo, ho bapisa mokhabo-puo ona le o sebelisitsoeng ke Jesu ho Tšenolo 3:3, ho ka u thusa ho utloisisa ntlha eo li tšoanang ka eona. Ka sebele mokhabo-puo ona ke khopotso e susumetsang e thusang Bakreste bohle ba ’nete hore ba lule ba falimehile moeeng!

Mekhabo-puo e re Rutang ka Molimo

Ha ho na motho ea ka khonang ho utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le hore na Ea Matla ’Ohle ke Molimo oa mofuta ofe le hore na o matla hakae. Mehleng ea boholo-holo, Morena Davida o ile a ngola hore “boholo ba [Jehova] bo ke ke ba batlisisoa.” (Pesaleme ea 145:3) Ka mor’a hore Jobo a hlahlobe e meng ea mesebetsi ea Molimo ea pōpo, o ile a khotsa: “Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae, ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena! Empa ke mang ea ka bontšang kutloisiso ka sealuma sa hae se matla?”—Jobo 26:14.

Le hoja re ke ke ra utloisisa ka botlalo boholo ba Molimo, Bibele e sebelisa mekhabo-puo ho re thusa ho utloisisa ho seng hokae feela ka litšobotsi tse hlollang tsa Molimo oa rōna ea leholimong. E tšoantša Jehova le Morena, Moetsi oa Molao, Moahloli le Mohlabani—ka ho hlakileng eo ke motho eo u lokelang ho mo hlompha. E boetse e mo tšoantša le Molisa, Moeletsi, Mosuoe, Ntate, Mofolisi le Mopholosi—e leng motho eo u ka mo ratang. (Pesaleme ea 16:7; 23:1; 32:8; 71:17; 89:26; 103:3; 106:21; Esaia 33:22; 42:13; Johanne 6:45) Tlhaloso ka ’ngoe ho tsena tse bonolo e etsa hore motho a nahane ka lintho tse ngata tse ntle tseo sehlooho le setšoantšo li tšoanang ka tsona mekhabo-puong ena. Mekhabo-puo ea mofuta ona e fetisa mohopolo ka tsela e hlakileng ho feta kamoo mantsoe a mangata a ka e hlalosang kateng.

Bibele e boetse e bapisa Jehova le lintho tse sa pheleng. E mo hlalosa e le “Lefika la Iseraele,” ebile e re ke ‘lefika le qhobosheane.’ (2 Samuele 23:3; Pesaleme ea 18:2; Deuteronoma 32:4) Ntlha eo sehlooho le setšoantšo li tšoanang ka eona ke efe? Joalokaha lefika le leholo le tsitsitse, le bile le sa tlohe moo le leng teng, ka ho tšoanang, ho uena Jehova Molimo e ka ba Mohloli o tsitsitseng oa tšireletso.

Lengolo la Lipesaleme le na le mekhabo-puo e mangata e hlalosang litšobotsi tse sa tšoaneng tsa botho ba Jehova. Ka mohlala, Pesaleme ea 84:11 e re Jehova ke “letsatsi le thebe” hobane ke eena Mohloli oa khanya, bophelo, matla le tšireletseho. Ka lehlakoreng le leng, Pesaleme ea 121:5 e re, “Jehova ke moriti oa hao ka letsohong la hao le letona.” Joalokaha sebaka se nang le moriti se ka sireletsa motho hore a se ke a tlaboloa ke lebatama la letsatsi, Jehova a ka sireletsa ba mo sebeletsang hore ba se ke ba tlaboloa ke mahlomola a ba hlaselang; ’me a ka ba sireletsa joalokaha eka ba tlas’a moriti oa “letsoho” kapa oa “mapheo” a hae.—Esaia 51:16; Pesaleme ea 17:8; 36:7.

Mekhabo-puo e Hlalosang Jesu

Bibele e atisa ho bua ka Jesu e le “Mora oa Molimo.” (Johanne 1:34; 3:16-18) Batho ba bang bao e seng Bakreste ba thatafalloa ke ho utloisisa ntlha ena, hobane Molimo ha a na mosali ebile hase motho oa nama. Ho hlakile hore Molimo ha aa tsoala mora ka tsela e tšoanang le eo batho ba bang le bana ka eona. Kahoo, poleloana ena ke mokhabo-puo. E reretsoe ho thusa ’mali ho utloisisa hore kamano ea Jesu le Molimo e tšoana le ea ntate le mora. Mokhabo-puo ona o boetse o hatisa hore Jesu o ile a fumana bophelo ho tsoa ho Jehova, ke Eena ea mo bōpileng. Ka tsela e tšoanang, ha ho buuoa ka motho oa pele e leng Adama, ho thoe ke “mora oa Molimo.”—Luka 3:38.

Jesu o ile a sebelisa mekhabo-puo ho hlalosa lintho tse sa tšoaneng tseo a li phethang morerong oa Molimo. Ka mohlala, o ile a re: “Ke ’na sefate sa morara sa ’nete, ’me Ntate ke molemi.” Eaba Jesu o bapisa barutuoa ba hae le makala a sefate sa morara. (Johanne 15:1, 4) Mokhabo-puo oo o ruta lintlha life tsa bohlokoa? Hore makala a sefate sa morara a lule a phela a bile a beha litholoana, a lokela ho lula a le sefateng. Ka ho tšoanang, barutuoa ba Kreste ba tlameha ho lula bonngoeng le eena. Jesu o itse: “Kantle le ’na ho hang le ke ke la etsa letho.” (Johanne 15:5) ’Me joalokaha mokotuli a lebeletse hore sefate sa morara se behe litholoana, Jehova le eena o lebeletse hore ba bonngoeng le Kreste ba behe litholoana ka tsela ea tšoantšetso.—Johanne 15:8.

Utloisisa Ntlha eo Lintho Tse Bapisoang li Tšoanang ka Eona

Re ka ’na ra ba le maikutlo a fosahetseng haeba re bala mokhabo-puo feela empa re sa utloisise ntlha eo lintho tse bapisoang li tšoanang ka eona. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a fumanoang ho Baroma 12:20 a reng: “Haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang; etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong ea sona.” Na ho bokella mashala a mollo hloohong ea motho e mong ho bontša hore motho o busetsa molamu sefateng? Che, eseng haeba re utloisisa ntlha eo lintho tse bapisoang li tšoanang ka eona. Mokhabo-puo ona o qapuoe ho nahannoe ka mokhoa o neng o sebelisoa mehleng ea boholo-holo oa ho qhibilihisa tšepe. Tšepe e ne e besoa ka ho behoa holim’a mashala ’me mashala a mang a ne a behoa holim’a eona. Mokhoa ona o ne o qhibilihisa tšepe ebe o etsa hore karolo e hloekileng ea eona e itšeke ho e litšila. Ka ho tšoanang, ho bontša motho mosa ho ka fetola maikutlo a hae ’me ha mo susumelletsa hore a etse se molemo.

Kutloisiso e nepahetseng ea mekhabo-puo e re hlaha leseling ebile e re ama ka ho teba maikutlong. Ha sebe se bapisoa le molato (kapa sekoloto), re bona kamoo se leng boima kateng. (Luka 11:4) Empa re ikutloa re imolohile haholo ha Jehova a re tšoarela ’me a hlakola sekoloto seo re neng re lokela ho se lefa! Ha re bolelloa hore o ‘koahela’ libe tsa rōna ebile oa li ‘hlakola’—joalokaha ho hlakoloa letlapa leo ho ngolloang ho lona—re kholisoa hore a ke ke a re ahlolela libe tseo nakong e tlang. (Pesaleme ea 32:1, 2; Liketso 3:19) Ho khothatsa hakaakang hape ho tseba hore Jehova a ka nka libe tse khubelu tlere! joaloka sekareleta kapa tse bofubelu bo loileng eaba o etsa hore li be tšoeu joaloka lehloa!—Esaia 1:18.

Ena e mpa e le mekhabo-puo e ’maloa ho e makholo-kholo e sebelisitsoeng ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. Kahoo ha u bala Bibele, ka ho khetheha ela hloko mekhabo-puo. Iphe nako ea ho hlahloba hore na lintho tse bapisoang li tšoana joang ’me u thuise ka seo. Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u utloisise Mangolo haholo u be u a ananele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Sehloohong sena, poleloana e reng “mokhabo-puo” e bua ka mekhabo-puo ka kakaretso—thehello, papiso, kapa mekhoa e meng ea puo ea tšoantšetso.

^ ser. 6 Li-encyclopedia tse peli tsa Bibele tse bitsoang Insight on the Scriptures, tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, li na le boitsebiso bo eketsehileng boo hangata bo fanang ka tlhaloso ea ntlha eo lintho tse bapisoang li tšoanang ka eona.

[Lebokose le leqepheng la 13]

Kamoo Mokhabo-puo o Thusang Kateng

Mokhabo-puo o re thusa ka litsela tse ngata. Ntho e thata e ka ’na ea bapisoa le ntho eo batho ba e utloisisang habonolo. Ho ka ’na ha sebelisoa mekhabo-puo e ’maloa e le hore ho hlakisoe lintlha tse itseng tse sa tšoaneng tsa taba eo ho buuoang ka eona. Ho ka ’na ha sebelisoa mekhabo-puo ho hatisa litaba tsa bohlokoa kapa ha etsoa hore li thahasellise haholo.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Qolla Likarolo Tse sa Tšoaneng

MOKHABO-PUO: “Le letsoai la lefatše.” (Matheu 5:13)

SEHLOOHO: Le (barutuoa ba Jesu)

SETŠOANTŠO: Letsoai

NTLHA EO LI TŠOANANG KA EONA POLELONG ENA: Ho thibela ho bola

THUTO: Barutuoa ba hae ba ne ba e-na le molaetsa o ka pholosang batho ba bangata

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

“Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.”​—PESALEME EA 23:1