Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Fetola Maikutlo?

Na Molimo o Fetola Maikutlo?

Na Molimo o Fetola Maikutlo?

HA Bibele e bua ka Molimo, e re: “Ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” Ha Molimo a tiisa taba eo, eena ka boeena o itse: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Jakobo 1:17; Malakia 3:6) Ka sebele, Jehova Molimo o fapane haholo le batho bao ho leng thata ho ba khahlisa le bao motho a ke keng a ba tšepa hobane ba lula ba fetola maikutlo!

Leha ho le joalo, batho ba bang ba balang Bibele baa ipotsa hore na Molimo o se a fetotse maikutlo a hae. Ka mohlala, ho na le nako eo Jehova Molimo a ileng a fa Bakreste matla a ho etsa mehlolo, empa hona joale ha a sa ba fa matla ao. Mehleng ea boholo-holo, Molimo o ne a lumeletse manyalo a sethepu, empa hona joale o a thibetse. Ho latela Molao oa Moshe, Jehova o ne a batla hore batho ba keteke letsatsi la Sabatha, empa ha ho sa le joalo. Na maemo aa ha a bontše hore Molimo o se a fetotse maikutlo?

Ntlha ea pele, re ka kholiseha hore Molimo ha a fetole melao ea hae ea boitšoaro e amanang le lerato le toka. Hape, “morero oa [hae] oa ka ho sa feleng” oa ho hlohonolofatsa moloko oa batho a sebelisa ’Muso oa hae ha o e-s’o fetohe. (Baefese 3:11) Leha ho le joalo, joalokaha le uena u ka fetola tsela eo u ikutloang ka eona ka motho ea lulang a itšoara ka tsela e u nyahamisang, Jehova o fetola tsela eo a etsang lintho ka eona ho itšetlehile ka maemo.

Molimo o boetse o fetola litaelo tseo a li fang batho ba hae ho latela maemo a bona le lintho tseo ba li hlokang. Sena ha sea lokela ho re makatsa. Nahana ka seo motho ea tsamaisang bahahlauli a neng a tla se etsa ha a bona hore ho na le kotsi e itseng moo ba lokelang ho ea feta teng. O ne a tla bolella sehlopha seo sa bahahlauli hore ba nke tsela esele, e le hore ba ka qoba kotsi eo. Empa bonneteng seo hase bolele hore o fetotse maikutlo a ho ba isa moo a neng a ba isa teng! Ka lebaka leo, a re ke re hlahlobeng mehlala e meraro eo ho builoeng ka eona pejana, e qakang batho ba bangata.

Ke Hobane’ng ha Mehlolo e Ile ea Khaotsa?

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a fa Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo matla a ho etsa mehlolo? Mohlomong ua lemoha hore ha Baiseraele e sa le sechaba sa Molimo se khethiloeng, Molimo o ne a atisa ho etsa mehlolo e bontšang hore o na le bona. Ka matla a hae a hlollang, Molimo o ile a sebelisa Moshe ho lopolla Baiseraele Egepeta le ha a ba tataisa ha ba feta lefelleng ba il’o kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ntho e soabisang ke hore nako le nako Baiseraele ha baa ka ba bontša tumelo. Qetellong ha Jehova a lahla sechaba sa Iseraele ’me a theha phutheho ea Bokreste, o ile a fa baapostola le ba bang matla a ho etsa mehlolo. Ka mohlala, moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ile ba folisa monna ea tsoetsoeng a holofetse, ’me Pauluse o ile a tsosa monna ea shoeleng. (Liketso 3:2-8; 20:9-11) Mehlolo eo ba ileng ba e etsa e ile ea thusa batho linaheng tse ngata hore ba lumele Bokresteng. Joale ke hobane’ng ha mehlolo e ile ea khaotsa?

Moapostola Pauluse o ile a hlalosa taba ena a sebelisa papiso: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Feela joalokaha batsoali ba sa tšoare ngoana e monyenyane ka tsela e tšoanang le eo ba tšoarang motho e moholo ka eona, ka ho tšoanang, tsela eo Jehova a sebelisanang le phutheho ea Bokreste ka eona e ile ea fetoha ha e se e se “ngoana.” Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore limpho tse joalo tsa mohlolo tse kang bokhoni ba ho bua lipuo lisele kapa ho profeta li ne li “tla felisoa.”—1 Bakorinthe 13:8.

Ke Hobane’ng ha ho ne ho Lumeletsoe Lenyalo la Sethepu?

Jesu o ile a bontša hore Molimo o behile molao o lokelang ho lateloa oa lenyalo ha a ne a re ho banyalani ba pele: “Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.” (Matheu 19:5) Lenyalo e ne e lokela ho ba tlamahano e sa feleng ea batho ba babeli. Leha ho le joalo, nakong eo Molimo a neng a hlophisa Baiseraele hore e be sechaba a bile a ba fa Molao, lenyalo la sethepu le ne le se le tloaelehile. Kahoo, le hoja Molimo a ne a sa ka a qapa lenyalo la sethepu kapa ho le khothalletsa, o ile a fana ka melao ea hore na le tsamaisoe joang. Ha phutheho ea Bokreste e thehoa, Lentsoe la Molimo le ile la thibela lenyalo la sethepu ka ho hlakileng.—1 Timothea 3:2.

Jehova Molimo o lumella lintho tse itseng ho fihlela ha nako ea hae ea ho li lokisa e fihla. (Baroma 9:22-24) Jesu o ile a bontša hore, ka nakoana, Molimo o ile a ‘lumella’ manyalo a sa lokelang ka lebaka la “bothata ba lipelo” tsa Baiseraele.—Matheu 19:8; Liproverbia 4:18.

Ke Hobane’ng ha Molao oa ho Boloka Sabatha e ne e le oa Nakoana?

Molimo o ile a theha tšebeletso ea beke le beke ea ho boloka Sabatha ka mor’a hore a lopolle Baiseraele Egepeta. Hamorao o ile a o kenyelletsa Melaong e meng ea sechaba. (Exoda 16:22-30; 20:8-10) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu o ile a inyehela e le sehlabelo eaba o “felisa ka ho feletseng . . . Molao oa litaelo o entsoeng ka melao-taelo” le ho “hlakola tokomane e ngotsoeng ka letsoho.” (Baefese 2:15; Bakolose 2:14) Seo a ileng a se “felisa ka ho feletseng” a ba a se “hlakola” se ne se akarelletsa molao oa Sabatha, kaha Bibele e tsoela pele ho re: “Ka hona ho se ke ha e-ba le motho ea le ahlolang ho jeng le ho noeng kapa tabeng ea mokete kapa ea ho bolokoa ha khoeli e ncha kapa ea sabatha.” (Bakolose 2:16) Hantle-ntle ke hobane’ng ha Molimo a ile a fana ka Molao o neng o akarelletsa oa Sabatha?

Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste.” Eaba o phaella ka ho re: “Kaha joale tumelo e fihlile, ha re sa le tlas’a motataisi.” (Bagalata 3:24, 25) Ho e-na le ho fetola maikutlo a hae, Molimo o ile a sebelisa Sabatha e le tokisetso ea nakoana ea ho ruta batho hore khafetsa ba be le nako ea ho nahanisisa ka lintho tsa moea. Le hoja molao oa Sabatha e ne e le oa nakoana, o ne o bontša hore nakong e tlang moloko oa batho o ne o tla phomola mathateng a nama le a moea.—Baheberu 4:10; Tšenolo 21:1-4.

Molimo ea ka Tšeptjoang le ea Lerato

Mehlala ea Bibele e tšohliloeng ka holimo e bontša hore Jehova Molimo o ile a fana ka melao le litaelo tse sa tšoaneng ka linako tse fapaneng. Empa seo hase bolele hore Molimo o fetola maikutlo a hae. Ho e-na le hoo, o ile a nka bohato bo itseng ho itšetlehile ka lintho tseo batho ba hae ba neng ba li hloka tlas’a maemo a sa tšoaneng ’me o ne a etsa joalo molemong oa bona. Ho sa ntse ho le joalo le kajeno.

Kaha Jehova ha a fetole melao ea hae ea motheo, re lula re tseba hore na re lokela ho etsa’ng hore re mo thabise. Ho feta moo, re ka kholiseha hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a e tšepisitseng e tla phethahala. Jehova o re ka morero oa hae: “Ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang . . . Ke o entse, ke tla boela ke o phethe.”—Esaia 46:10, 11.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Ha ho mohla Molimo a keng a fetole melao ea hae ea boitšoaro e amanang le lerato le toka

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Pauluse o ile a hlalosa hore ka mor’a nako, limpho tsa mohlolo li ne li “tla felisoa”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Lenyalo e ne e lokela ho ba tlamahano e sa feleng ea batho ba babeli