Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

3. Amohela Thuso e Tsoang ho ba Bang

3. Amohela Thuso e Tsoang ho ba Bang

Kamoo U ka Utloisisang Bibele Kateng

3. Amohela Thuso e Tsoang ho ba Bang

Ha mofuputsi Edward John Eyre a ne a le leetong le thata la ho haola le Thota ea Nullarbor, Maaborijene a moo a ile a ruta Eyre hore na a ka fumana metsi joang liqubung tsa lehlabathe le lifateng tsa boloukomo. Kaha Eyre o ile a amohela thuso ea ba tsebang sebaka seo, hamorao seo se ile sa pholosa bophelo ba hae.

JOALOKAHA mohlala ona o bontša, e le hore motho a atlehe ho phetha mosebetsi o itseng o boima, hangata ho hlokahala hore a thusoe ke batho ba nang le tsebo. Ho joalo le tabeng ea ho bala Bibele.

Jesu o ne a sa lebella hore balateli ba hae ba utloisise Bibele ho se ea ba thusang. Ka lekhetlo le leng o ile “a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.” (Luka 24:45) Jesu o ne a tseba hore ba balang Bibele ba hloka thuso hore ba utloisise seo Mangolo a se rutang.

Thuso e Tsoang ho Bo-mang?

Jesu o ile a laela balateli ba hae ba ’nete hore ba fane ka thuso ena. Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a fana ka taelo ena: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Mosebetsi o ka sehloohong oa Bakreste o akarelletsa ho ruta, e leng ho kopanyelletsang ho hlalosa hore na melao-motheo ea Bibele e ka sebelisoa joang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Bakreste ba ’nete ba thusa ba bang hore ba utloisise Bibele.

Nakoana ka mor’a hore Jesu a fe balateli ba hae taelo ena, ho ile ha etsahala ntho e thahasellisang. Bibele e bua ka letona la ’muso le tsoang Ethiopia le neng le bala karolo ea boprofeta ba Esaia. Le ile la bala karolo e ’ngoe e ileng ea le emisa hlooho. Ho latela tlaleho ea Bibele, le ne le ferekanngoa ke temana e reng: “Joaloka nku o ile a tlisoa tlhabong, le joaloka konyana e sa tsebeng ho bua ka pel’a mokuti oa eona, kahoo ha a ahlamise molomo. O ile a amohuoa kahlolo ha a kokobetsoa. Ke mang ea tla pheta lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae? Hobane bophelo ba hae bo tlosoa lefatšeng.”—Liketso 8:32, 33; Esaia 53:7, 8.

Letona leo le ile la botsa Filipi eo e neng e le khale e le Mokreste a bile a tseba Mangolo, la re: “Moprofeta o bua see mabapi le mang? Mabapi le eena kapa mabapi le motho e mong ea itseng?” (Liketso 8:34) Moethiopia eo ea ratang ’nete o ne a ile a ea Jerusalema ho ea rapela teng, mohlomong o ne a bile a rapetse Molimo hore a mo tataise. Ho hlakile hore o ne a bala ka cheseho le ka boikokobetso. Ho ntse ho le joalo, letona leo le ne le ntse le sa utloisise temana eo. Ka boikokobetso le ile la kōpa Filipi hore a le thuse. Monna enoa o ile a thabisoa ke tlhaloso ea Filipi hoo a ileng a susumelletseha hore le eena e be Mokreste.—Liketso 8:35-39.

Lipaki Tsa Jehova li ntšetsa pele mosebetsi o neng o etsoa ke Filipi le Bakreste ba bang ba pele. Linaheng tse fetang 235, Lipaki li ithaopela ho thusa batho ba bang hore ba utloisise seo ha e le hantle Bibele e se rutang. Li etsa sena ka ho ithuta Mangolo le ba bang li a arotse ka lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele. Mokhoa ona oa ho tsoela pele ho ithuta Bibele le batho o akarelletsa ho hlahloba seo Bibele e se buang litabeng tse itseng tse tobileng, kapa lihloohong tse itseng. *—Bala lebokose le reng  “Likarabo Tse Khotsofatsang Lipotsong Tse Mabapi le Bibele.”

“Lipotso Tsohle Tsa ka li Ile Tsa Arajoa”

Steven, Valvanera le Jo-Anne ba qotsitsoeng sehloohong sa pele, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Steven o re: “Ntho e neng e ’makatsa ke hore ka ho bapisa melao-motheo e ’maloa ea Mangolo kapa litlaleho tsa ’ona feela, hangata re ne re fumana likarabo habonolo ka Bibeleng. Pele ke qala ho ithuta Bibele, ha ho na motho ea neng a kile a mpontša hore na nka etsa seo joang. Ke ile ka ikutloa ke imolohile haholo ha ke elelloa hore Bibele hase buka ea likhang tse sa feleng le e ikhanyetsang.”

Valvanera o lumellana le seo. O re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lumellana ebile e utloahala. Ke ile ka ithuta hore ha kea lokela ho lumela taba hobane feela e rutoa Kerekeng, empa ke lokela ho e lumela hafeela ho fanoa ka tlhaloso e utloahalang bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rutoang.” Jo-Anne o re: “Taba ea hore lipotso tsohle tsa ka li ile tsa arajoa ka Bibele e ile ea etsa hore ke hlomphe Mongoli oa eona ka ho tebileng, hobane o ile a bona esale pele hore batho ba tla ba le lipotso tse ngata tse thata eaba o etsa bonnete ba hore o tlaleha likarabo tse khotsofatsang ka Bibeleng.”

Na ho na le Paki ea Jehova eo u e tsebang? Ho ka ba joang ha u ka e kōpa hore e u bontše kamoo lenaneo la ho ithuta Bibele le tsamaisoang kateng? Haeba ha ho na Paki ea Jehova eo u e tsebang, re kōpa hore u ngolle atereseng e ’ngoe ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 4 la makasine ena. Ha ho hlokahale hore u thatafalloe ho utloisisa Bibele haeba u ka kōpa thuso ea moea o halalelang oa Molimo, haeba u ikemiselitse ho amohela likhopolo tse ncha ha u e bala le haeba u lumella motho e mong hore a u thuse. Ka sebele, u ka utloisisa Bibele!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, e thusitse batho ba bangata ho ithuta Mangolo e a arotse ka lihlooho tse sa tšoaneng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

 Likarabo Tse Khotsofatsang Lipotsong Tse Mabapi le Bibele

Tsena ke tse ling tsa lihlooho tse tšohloang ke Lipaki Tsa Jehova lenaneong la ho ithuta Bibele:

• Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?

• Bafu ba hokae?

• Na re phela “matsatsing a ho qetela”?

• Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko?

• Nka etsa joang e le hore bophelo ba lelapa la ka e be bo thabileng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

E le hore u utloisise Bibele . . . rapella moea oa Molimo, bala u ikemiselitse ho amohela likhopolo tse ncha, lumella ba bang hore ba u thuse