Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Ho tlile joang hore mosali ea neng a se a sa tšepe bolumeli, ebe hona joale o se a qeta nako e ngata a thusa ba bang ho ithuta ka Molimo? Ke eng e susumelitseng monna ea neng a rata lipapali tse mabifi hore e be motho ea ratang khotso? Ho tlile joang hore monna eo e neng e le lekhoba la lithethefatsi le joala, ebile e le ntoa-lumela, a furalle mekhoa eo ea hae? Ak’u bale u utloe hore na ba re’ng.

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: PENELOPE TOPLICESCU

LILEMO: 40

NAHA EA HESO: AUSTRALIA

PELE: KE NE KE NYAHAMISITSOE KE BOLUMELI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse Sydney, Australia, empa batsoali ba ka ba ile ba fallela New Guinea ha ke le lilemo li peli. Re ile ra lula Rabaul lilemo tse ka bang peli, eaba ka mor’a moo re lula Bougainville ka lilemo tse robeli. Mehleng eo, ho ne ho se na lithelevishene New Guinea, ka hona ’na le khaitseli ea ka re hōtse re qeta nako e ngata ka ntle—re ne re sesa, re qoela re kentse lipeipi tse re thusang ho hema, re bile re ikhatholla ka ho hloma litente naheng.

Ha ke le lilemo tse ka bang leshome, ke ile ka thahasella bolumeli. ’Mè e ne e le Mok’hatholike, kahoo o ile a nkhothalletsa hore ke ee litlelaseng tsa Bibele tse neng li tšoaroa ke moitlami e mong oa mosali oa motseng oa heso. Ke ile ka ba Mok’hatholike ’me ka kolobetsoa ha ke le lilemo li leshome.

Leha ho le joalo, ka mor’a hore re khutlele Australia ’me ke kene lilemong tsa bocha, ke ile ka qala ho ba le lipelaelo tse itseng ka seo ke neng ke se rutiloe ka bolumeli. Ha ke ntse ke le sekolong se phahameng, ke ile ka ithuta histori ea boholo-holo, ’me ke ne ke atisa ho qeta nako e telele le Ntate re bua ka tšimoloho ea bolumeli re bile re tšohla lintho tseo re neng re li nka e le litšōmo ka Bibeleng. Qetellong ke ile ka tlohela ho ba Mok’hatholike.

Ha ke le lilemo li 16, batsoali ba ka ba ile ba arohana. Sena se ile sa etsa hore ’Mè a hule ka thata ’me qetellong ka ea lula le Ntate le mosali eo a neng a lula le eena. Khaitseli ea ka e ile ea lula le ’Mè eaba ba fallela karolong e ’ngoe ea Australia. Nakong eo ke ile ka ikutloa ke se na mang oe! Ho ile ha feta lilemo tse peli pele nka ba le kamano e ntle le ’mè oa ka hape. Ke ile ka qala ho noa, ho sebelisa lithethefatsi le ho phelela liphathi. Ke ile ka tlohela sekolo, ka sebetsa ’me ka senya bophelo ba ka ka ho phela ka tsela e litšila ha ke sa tsoa feta lilemo tse 20.

Ha ke le lilemo li 25, ke ile ka qala ho nahana ka Bibele hape. Ke ile ka qala mosebetsi o mocha moo ke ileng ka kopana le Liene, moroetsana ea ipotlileng eo ka linako tsohle a neng a buisa mong’a hae hantle, le hoja mong’a hae eena a ne a sa mo buise hantle ho hang. Ha ke mo botsa hore na ke hobane’ng ha eena a sa arabise mong’a hae, o ile a ntlhalosetsa hore o ne a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me o ne a leka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba hae. Liene o ile a re a ka thabela ho ithuta Bibele le ’na. Ha kea ka ka utloisisa seo hantle ’me ka nahana hore o bolela hore nka ithuta lintho tsohle tseo a li tsebang ka Bibele ka ho ithuta hora e le ’ngoe feela. Bosiung boo, Liene o ile a qeta lihora tse tharo a ntse a araba lipotso tsa ka tsa Bibele. Ke ile ka khahloa haholo ke taba ea hore likarabo tsohle tsa hae li ne li tšehetsoa ke Bibele.

Ke hopola hantle ha ke ne ke khanna koloi bosiung boo ke khutlela hae ka mor’a ho buisana le Liene ’me ke utloile bohloko hore ebe Molimo ha aa ka a etsa hore ke tsebe ’nete ka eena ho tloha ha ke sa le monyenyane. Ke ne ke tseba hore Lipaki li na le boitšoaro bo botle ’me ke ne ke nka hore ke se ke tloaetse mekhoa e mebe hoo nke keng ka hlola ke fetoha. Hape ke ne ke nahana hore le ka mohla nke ke ka ea bolela ka ntlo le ntlo joaloka Lipaki. Ke ile ka tsoela pele ho ithuta Bibele le Lipaki, empa morero oa ka e ne e le hore ke fumane phoso e itseng lithutong tsa tsona e le hore ha ke khaotsa ho ithuta, nka itšoarella ka eona. Ka letsatsi le leng ke ile ka lemoha hore ha ho ntho eo ke tla itšoarella ka eona.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke ntse ke ithuta ho hongata ka melao ea Bibele ea boitšoaro, letsoalo le ile la nkhoebetha le ho feta. E le hore ke se ke ka tšetšethoa ke letsoalo haholo, ke ile ka tlohela lithethefatsi. Empa ka nako eo ke ile ka ea lula mose ka nakoana ’me ha ke fihla moo, ka boela ka kena tloara! liphathing le joaleng. E ne eka nako le nako ha ke leka ho ntlafatsa e le hore ke phele ka melao-motheo ea Bibele, ke ne ke boela ke khutlela mekhoeng ea ka ea pele. Ke ne ke soaba haholo ebe ke rapela Jehova, empa letsoalo lona le ne le sa ntlohele.

Ha ke ithuta seo Morena Davida le Bathe-sheba ba ileng ba se etsa le kamoo Jehova a ileng a ba hauhela kateng, seo se ile nthusa haholo. Davida o ile a lumela phoso ea hae ha a khalemeloa, ’me ha aa ka a leka ho ikemela. O ile a ba a ikokobetsa ’me a amohela khalemelo eo a ileng a e fuoa. (2 Samuele 12:1-13) Nako le nako ha ke ile ka khutlela mekhoeng ea ka, ke ne ke nahana ka tlaleho eo ebe ho ba bonolo hore ke bolelle Jehova hore ke kōpa tšoarelo. Ka mor’a moo, ke ile ka etsa qeto ea hore ke rapele pele ke oela molekong, ho e-na le hore ke rapele ka mor’a moo, ’me seo se ile sa nthusa haholo.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke ne ke le sefela-peloana. Leha ho le joalo, lengolo la Baefese 4:29-31 le ile la nthusa hore ke bone hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ke qobe “lehloeo . . . le bohale le khalefo.” Ha ke ntse ke leka ho laola bohale ba ka, ke ile ka ithuta ho laola le tsela eo ke buang ka eona. Ho feta moo, keletso ea Jesu e reng “lentsoe la lōna E le mpe le bolele E,” e ile ea nthusa hore ke be motho ea phelelang lentsoe la hae.—Matheu 5:37.

Le hoja pele ’Mè a ne a sa batle ha ke ikamahanya le Lipaki, hamorao o ile a mpolella hore o motlotlo ka ’na. O ile a ba a re: “Kea tseba hore u tjena ka lebaka la seo u ithutileng sona ka Jehova, eseng ka lebaka la tsela eo u hōlisitsoeng ka eona.” Ke ile ka thaba haholo ha ke utloa a bua mantsoe ao.

Hona joale kea tseba hore na ke phelela eng. E se e le lilemo tse robong joale ’na le monna oa ka re qeta boholo ba nako ea rōna re ruta batho Bibele. Ke etsa mosebetsi ona ka ntlo le ntlo, ’me hona joale ke o nka e le mosebetsi o khotsofatsang ho feta eohle eo nkileng ka e etsa.

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: DENIS BUSIGIN

LILEMO: 30

NAHA EA HESO: RUSSIA

PELE: KE NE KE LE MORATI OA KARATE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse motseng oa Perm’ ’me ka hōlela Furmanov, e leng motse o nang le baahi ba ka bang 40 000 o oelang tlas’a Ivanovo, Russia. Furmanov ke motse o bohehang hantle o nang le lifate tse ngata tse ntle tseo nakong ea hoetla li bang le ’mala o mosehla le o mofubelu. Lilemong tsa bo-1980 le bo-1990, bokebekoa bo ile ba tota motseng oo. Lelapa leso le ne le le kojoana li mahetleng ’me re phela ka chelete e fokolang haholo. ’Na, batsoali ba ka, hammoho le moena oa ka, re ne re lula kamoreng e le ’ngoe, ka hona, re ne re petetsana ka moo.

Ke ile ka qala ho ithuta karate ha ke le lilemo li supileng. Ke ne ke rata papali eo; ke ne ke inahanela ka eona feela bophelong. Ka linako tsohle ha ke se na mosebetsi, ke ne ke ea moo ke ikoetlisang teng, ka hona, metsoalle ea ka kaofela e ne e le ea batho ba ratang lipapali. Ha ke le lilemo li 15, ke ne ke se ke tlama lebanta le lefubelu la karate, ’me selemo hamorao ke ile ka tlama le lesootho. Ke ne ke le sehlopheng sa karate se ileng sa kenela papali ea litlhōlisano tsa Russia le tsa linaheng tsa Europe le Asia. Ke ne ke ipona ke e-na le bokamoso bo botle, empa ha ke le lilemo li 17, bophelo ba ka bo ile ba fetoha.

’Na le metsoalle e meng ea ka re ile tšoaroa ka lebaka la botlokotsebe bo itseng boo re neng re bo entse. Ke ile ka ahloleloa lilemo tse peli chankaneng. Ho ne ho hlile ho nyolosetsa moo. Leha ho le joalo, ke ile ka bona Bibele ka lekhetlo la pele hona chankaneng moo. Ke ile ka bala Genese, Lipesaleme le Testamente e Ncha. Ke ile ka ba ka tšoara thapelo ea Ntat’a Rōna ka hlooho ’me ke ne ke e pheta bosiu bo bong le bo bong pele ke robala, ke nahana hore seo se tla nthusa ka tsela e itseng.

Ka 2000 ke ile ka lokolloa chankaneng, empa ke ne ke sa tsebe hore na ke batla ho etsa’ng bophelong ke bile ke sa tsebe hore na hantle-ntle ke phelela’ng. Ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi. Ka eona nako eo, ’Mè o ile a hlokahala. Ke eena motho eo ke neng ke mo rata haholo, ka hona, bohloko ba teng bo ile ba kena pelong. Leha ho le joalo, ke ile ka tlohela lithethefatsi ’me ka qala ho ea ikoetlisa hape. Ke ile ka ba ka fallela motseng oa Ivanovo. Ha ke le moo, ke ile ka fumana mosebetsi lebenkeleng le rekisang korosari. Mosali eo e neng e le motlatsi oa mookameli lebenkeleng leo e ne e le e Paki ea Jehova. O ile a ntlhalosetsa linnete tse itseng tsa motheo tsa Bibele ’me a lokisetsa hore monna e mong oa Paki a ithute Bibele le ’na kamehla.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka ameha haholo maikutlong ha ke ithuta hore morero oa Molimo ke ho etsa lefatše paradeise, ’me ke ile ka ikemisetsa ho etsa se hlokahalang e le hore ke tle ke phele paradeiseng eo. Ka potlako ke ile ka hlokomela hore Jehova Molimo o na le melao e babatsehang ka ho fetisisa ea boitšoaro eo a batlang hore batho ba phele ka eona. Ke ne ke qetile nako e ngata bophelong ke nahana ka ’na feela. Empa ke ile ka ithuta hore Jehova o batla hore ke nahane ka ba bang ’me ke loanele ho ba le litšobotsi tseo ke neng ke se na tsona, tse akarelletsang ho ba mosa le ho rata khotso.

Ho nahana ka ho teba ka lintho tsohle tseo Jehova a nketselitseng tsona—tse kang ho fana ka Mora oa hae e le sehlabelo bakeng sa libe tsa ka—ho ile ha etsa hore ke ananele lerato la Molimo hoo ke ileng ka batla ho etsa liphetoho bophelong. Ka mohlala, Pesaleme ea 11:5, e ile ea nthuta hore Jehova o hloile pefo. Ka hona, ke ile ka khaotsa ho shebella mananeo a TV a bontšang liketso tse mabifi le tse tletseng lehloeo. Le hoja ho bile thata ka ho fetisisa, ke ile ka khaotsa ho bapala lipapali tse mabifi. Molao-motheo o ho 1 Bakorinthe 15:33, o ile oa nthusa ho lemoha hore batho bao ke khethang ho tloaelana le bona ba ne ba tla ba le tšusumetso e khōlō linthong tseo ke li etsang. Taba ea hore ke ne ke se ke ile ka tšoaroa e paka hore molao-motheo oo ke ’nete. Ka hona, ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa setsoalle le batho bao bophelong ba neng ba inahanela feela ka lipapali tse mabifi.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ho ikamahanya le Lipaki Tsa Jehova le ho ithuta Bibele ho nthusitse hore ke be motho ea tšepahalang. Ka mohlala, ho Baheberu 13:5, ke ithutile hore ke lokela ho khotsofalla seo ke nang le sona ’me ke loantše maikutlo a ho rata chelete. Ho latela keletso ena ho nthusitse hore ke pheme ho bua leshano le ho utsoa.

Ka tlhaho ke motho ea ratang metsoalle. Nakong e fetileng, ke ’nile ka bona ha setsoalle se fela ka lebaka la meharo kapa ka lebaka la ho tšaba batho. Lipaki Tsa Jehova ha lia phethahala, empa ntho eo ke ithutileng eona ke hore li hlompha melao ea Molimo ’me li leka ka matla ho sebelisa keletso ea hae ha li sebelisana le batho ba bang. Hona joale ke fumane metsoalle ea sebele har’a tsona.

Kea ipotsa hore na ebe bophelo ba ka bo ka be bo le joang hoja ka se ke ka ithuta ho phela ka melao ea Bibele ea boitšoaro. Mohlomong nka be ke khutletse chankaneng kapa ke ntse ke utloisa batho ba bang bohloko le ho ba bakela mahlomola. Leha ho le joalo, hona joale ke na le mosali ea ratehang le bara ba babeli, ’me kaofela ha rōna re le lelapa, re thabela ho thusa batho ba bang hore ba ithute ’nete ka Molimo.

PALE EA BOPHELO

LEBITSO: JOSÉ CARLOS PEREIRA DA SILVA

LILEMO: 31

NAHA EA HESO: BRAZIL

PELE: KE NE KE LE NTOA-LUMELA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse litakaneng tsa São Paulo, k’honthinenteng ea Amerika. Ho ne ho se na metsi a hloekileng a nooang kapa eona tsamaiso e loketseng ea likhoerekhoere. Sebaka seo se ne se tumme ka bokebekoa bo bongata le ka batho ba mabifi.

Ke hōtse ke le mabifi ke bile ke rata ntoa. Ke ne ke lula ke loana le batho ba bang seterateng, kahoo batho ba sebakeng seo ke lulang ho sona ba ne ba ntšaba. Tsela eo ke neng ke apara le ho itlhopha ka eona e ne e bontša hore ke motho ea kotsi. Hangata ke ne ke bo tšela hore ke se ke ka itseba hore na ke ’na mang. Ke ne ke boetse ke sebelisa lithethefatsi joaloka baholoane ba ka. Ha e le hantle, moholoane oa ka e mong o ile a bolaoa ke ho li sebelisa ho tlōla tekano.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke kopana le Lipaki Tsa Jehova, li ile tsa mpontša moo Bibele e reng Molimo o tlil’o etsa lefatše lohle paradeise. (Luka 23:42, 43; Tšenolo 21:3, 4) Ke ile ka boela ka ithuta hore bafu ha ba tsebe letho, ka hona, Molimo ha a otle batho ba babe ka ho ba chesa liheleng. (Moeklesia 9:5, 6) Sena se ile sa nkimolla haholo. Seo ke ithutileng sona ka Molimo se ile sa etsa hore ke ikemisetse ho tsoa botebong ba pelo hore ke fetole tsela eo ke phelang ka eona. Empa ho ne ho se bonolo ho etsa liphetoho—ho tlohela lithethefatsi, ho khaotsa ho tahoa le ho loana, hammoho le ho tlohela ho bua puo e nyonyehang eo ke neng ke e tloaetse.

Leha ho le joalo, ke ile ka khothatsoa haholo ke mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 6:9-11. Lengolo leo le bontša hore Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba kile ba e-ba le mekhoa e joalo eo ke neng ke itloaelitse eona. Empa temana eo e boetse e re: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.” Mantsoe ao a ile a etsa hore ke be le tšepo ea hore le ’na nka khona ho etsa liphetoho tse hlokahalang bophelong ba ka e le hore ke thabise Molimo.

Ha ke qala ho ikamahanya le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka kholiseha hore li bolumeling ba ’nete. Li ne li tseba hore pele ke ne ke le motho ea ratang ntoa le ea mabifi, empa li ile tsa nkamohela ka mofuthu le ka lerato.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Hoja ha kea ka ka ithuta Bibele eaba ke fetola tsela eo ke phelang ka eona, mohlomong hona joale nka be ke shoele. Ho e-na le hoo, ke bile le thabo ea ho thusa moholoane oa ka e mong hore a ithute Bibele ’me a furalle lithethefatsi tseo a neng a se a li lemaletse. Hape ke khothalitse beng ka ’na ba bang hore le bona ba qale ho ithuta Bibele. Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka nehela bophelo ba ka e le hore ke sebeletse Molimo ea re tsotellang hakana!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]

“Ke ile ka etsa qeto ea hore ke rapele pele ke oela molekong, ho e-na le hore ke rapele ka morao, ’me seo se ile sa nthusa haholo”