Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Etela Setsi sa Khatiso se Ikhethang

Ho Etela Setsi sa Khatiso se Ikhethang

Ho Etela Setsi sa Khatiso se Ikhethang

MOHLOMONG lena hase lekhetlo la pele u bona makasine ena eo u ntseng u e bala. Ho ka etsahala hore Lipaki Tsa Jehova li kile tsa u etela lapeng eaba li u fa Molula-Qhooa le Tsoha! hore li u thuse ho utloisisa Bibele haholoanyane. Kapa mohlomong u kile ua bona Lipaki li fa batho lingoliloeng tsena tsa Bibele seterateng kapa ’marakeng oa sebakeng sa heno. Ha e le hantle, ka khoeli ho tsamaisoa Melula-Qhooa e fetang limilione tse 35, e leng se etsang hore e be makasine ea bolumeli e hatisoang ka ho fetisisa lefatšeng.

Leha ho le joalo, na u kile ua ipotsa hore na lingoliloeng tsee li hatisoa hokae hona joang? Hore re arabe potso eo, a re ke re hlahlobeng setsi se le seng feela sa khatiso ho tse ngata tsa Lipaki Tsa Jehova linaheng tse sa tšoaneng—e leng setsi se Wallkill, New York, U.S.A. Ha ho bonolo hore batho ba bangata ba balang limakasine tsa rōna ba etele setsing sena sa khatiso sa Lipaki Tsa Jehova se United States, ka hona ho se hlalosa le ho bontša litšoantšo tsa sona ho tla u thusa hore u utloisise hore na ho etsahala’ng setsing sena sa khatiso.

Ke ’nete hore pele libuka li hatisoa, lia ngoloa. Lefapha le Sebetsanang le Litšoantšo le fumana boitsebiso bo lokelang ho hatisoa bo rometsoeng ka k’homphieutha bo tsoa Lefapheng la Bongoli la Brooklyn, New York. Boitsebiso bona bo ngoloa lipoleiting tse tla kenngoa mechineng e hatisang. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, setsi sa khatiso sa Wallkill se fumana lirolo tsa pampiri tse ka bang 1 400, ’me se sebelisa lithane tse 80 ho ea ho tse 100 tsa pampiri ka letsatsi. Lirolo tsena—tseo tse ling tsa tsona li leng boima ba lik’hilograma tse fetang 1 300—li kenngoa mechineng ea khatiso e mehlano e meholo, e seng e kentsoe lipoleiti tse nang le boitsebiso bo tl’o hatisoa. Boitsebiso bona bo hatisoa pampiring, e ntoo sehoa, ebe e menoa ho ea ka lihlotšoana tsa maqephe a 32. Makasine eo u ntseng u e bala hona joale ke sehlotšoana sa maqephe a 32. Libuka tsona? Lihlotšoana tsa tsona li kopanngoa hammoho ke mochine e le hore e ka ba buka e feletseng. Ho na le mechine e ’meli e kopanyang libuka, o mong o ka kopanya libuka tse sekoahelo se thata tse 50 000 kapa tse sekoahelo se bonolo tse 75 000 ka letsatsi. Mochine o mong o ka kopanya libuka tse sekoahelo se bonolo tse 100 000 ka letsatsi.

Ka selemo sa 2008, setsi sena sa khatiso se hatisitse libuka tse fetang limilione tse 28, ’me tse fetang limilione tse 2,6 e ne e le Libibele. Selemong sona seo, ho ile ha hatisoa limakasine tse 243 317 564. Setsi sena sa khatiso se boloka lingoliloeng tse buang ka Bibele ka lipuo tse ka bang 380. Hang hoba lingoliloeng li hatisoe, ho etsahala’ng?

Setsi sena sa khatiso se fumana liodara tsa lingoliloeng tse tsoang liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova tse 12 754 United States, le liphuthehong tse lihlekehlekeng tsa Caribbean le tsa Hawaii tse 1 369. Lefapha la Thomello ea thepa le paka liodara tsena ebe le lokisetsa hore ho be le sepalangoang se tla li isa sebakeng se nepahetseng. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ho romeloa lingoliloeng tse boima ba lik’hilograma tse ka bang limilione tse 14 liphuthehong tsa United States.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa setsing sena sa khatiso ke batho, eseng mechine. Ho na le batho ba fetang 300 ba sebetsang mafapheng a sa tšoaneng a oelang tlas’a setsi sena sa khatiso—e leng Lefapheng le Sebetsanang le Litšoantšo, Lefapheng le Hlophisang Nako eo Mosebetsi o Lokelang ho Phethoa ka Eona, Mechineng e Hatisang, Mechineng e Kopanyang Libuka le Lefapheng la Thomello. Kaofela ha bona, basebetsi bao ke baithaopi ba sa lefshoeng, ba lilemo li 19 ho ea ho 92.

Ba amehile haholo ka batho ba tla amohela lingoliloeng tsena ka cheseho, ba rutoe, ba khothatsoe le ho tataisoa ke melao-motheo ea Bibele e tšohloang ka har’a tsona. Re tšepa hore u e mong oa batho bao ba balang lingoliloeng tsena le hore lingoliloeng tse hatisoang mona li u thusa hore u tsoele pele ho ithuta ka Jehova Molimo le Jesu Kreste, e leng se tla etsa hore u fumane bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 17]