Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?

Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?

Babali ba Batla ho Tseba

Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?

Che; ha Molimo a theha lenyalo la pele Edene, e ne e le la monna le mosali a le mong. Hamorao Jesu Kreste o ile a tiisetsa balateli ba hae hore taba ena e joalo.—Genese 2:18-24; Matheu 19:4-6.

Empa akere banna ba pele ho mehla ea Bokreste, ba kang Abrahama, Jakobo, Davida le Solomone ba ne ba nyetse basali ba bangata? Ehlile ho joalo, empa Bibele e re’ng ka tokisetso ee? E bontša hore lelapeng la Abrahama le la Jakobo ho ne ho e-na le liqhoebeshano le liqabang ka lebaka la lenyalo la sethepu. (Genese 16:1-4; 29:18–30:24) Hamorao, Molao oa Molimo o ile oa akarelletsa taelo e eang ho morena e mong le e mong o neng o re “a se ke a ikekeletsa basali, hore pelo ea hae e se ke ea kheloha.” (Deuteronoma 17:15, 17) Solomone o ile a iphapanyetsa molao oo ’me a nyala basali ba fetang 700! Ka masoabi, pelo ea Solomone e ile ea fela ea kheloha ’me a se ke a hlola a latela Jehova ka lebaka la tšusumetso e mpe e neng e tsoa ho basali bao ba hae ba bangata. (1 Marena 11:1-4) Ka ho hlakileng, Bibele ha e bue lenyalo la sethepu hantle.

Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a khetha ho tlohella sechaba sa hae hore se tsoele pele ka lenyalo la sethepu. Nahana ka sena: Na u kile ua tlohella thepa e itseng ea ntlo ka nakoana, eo u neng u lokela ho e ntša ’me u kenye e ’ngoe, mohlomong hobane u hlokomela hore haeba u ka e ntša ka nako eo lintho li ke ke tsa tsamaea hantle kapa li ka ’na tsa senyeha kae-kae? ’Nete ke hore litsela tsa Molimo li phahametse menahano ea rōna hōle. (Esaia 55:8, 9) Leha ho le joalo, re ka ’na ra lemoha mabaka a itseng a utloahalang a entseng hore a tlohelle lenyalo la sethepu ka nako e itseng.

Hopola hore serapeng sa Edene, Jehova o ne a ile a tšepisa hore o tla tlisa “peō” e neng e tla qetella e timelitse Satane. Hamorao Abrahama o ile a bolelloa hore e ne e tla ba ntate oa sechaba se seholo le hore Peō eo e boletsoeng esale pele e ne e tla hlaha lesikeng la hae. (Genese 3:15; 22:18) Satane o ne a ikemiselitse ho thibela Peō eo hore e se ke ea fihla. Ka hona, o ne a ikemiselitse ho timetsa sechaba seo sa boholo-holo sa Iseraele. Hangata o ne a etsa hore sechaba sa Iseraele se etse sebe e le hore Molimo a se ke a hlola a se amohela le ho se sireletsa.

E le ho se thusa hore se se ke sa tšoasoa ke litlhaselo tsa Satane, khafetsa Jehova o ne a romela baprofeta hore ba lemose sechaba sa hae ha se kheloha melao ea hae e lokileng. Leha ho le joalo, o ne a tseba esale pele hore hangata batho ba hae ba tla sitoa ho mamela esita le melao e bonolo ka ho fetisisa, e kang o hanelang borapeli ba litšoantšo. (Exoda 32:9) Haeba ba ne ba sitoa ho mamela le molao o bonolo joaloka oo, na ba ne ba tla khona ho mamela o buang ka sethepu? Kaha Jehova o utloisisa boitšoaro ba batho hantle, o ile a bona hore eo e ne e e-s’o be nako e loketseng ea ho thibela lenyalo la mofuta oo, leo e neng e se e le khale haholo le le teng. Haeba Molimo a ne a ile a etsa joalo, Satane a ka be a fumane mokhoa o bonolo ka ho fetisisa oa ho lihela Baiseraele sebeng.

Hore ebe Molimo o ile a tlohella sechaba sa hae hore se tsoele pele ka lenyalo la sethepu ka nakoana, ho ile ha e-ba le melemo e meng. Ho ile ha thusa sechaba hore se hōle kapele. Ha sechaba sena se ne se le seholo, seo se ne se tla thusa hore se lule se le teng ho fihlela Mesia a fihla. Hape e ka ’na eaba lenyalo la sethepu le ne le sireletsa basali ba bang, le etsa hore ba be le malapa a bona le moo ba lulang teng linakong tse thata.

Leha ho le joalo, hopola hore Jehova ha aa theha lenyalo la sethepu. O ile a le tlohella ka nakoana feela, ’me ka nako eo o ne a e-na le melao e thata e thibelang tlhekefetso. (Exoda 21:10, 11; Deuteronoma 21:15-17) Ha Jehova a khetha ho felisa lenyalo la sethepu har’a barapeli ba hae, o ile a sebelisa Mora oa hae hore a boele a hatise hore lenyalo le lokela ho ba ka tsela eo le ileng la hlomamisoa ka eona Edene. Ka hona, Jesu o ile a thibela balateli ba hae ho nyala sethepu. (Mareka 10:8) Joale taba ena e latelang e ile ea qala ho hlaka: Molao oa Moshe o ne o lokile mehleng ea oona, empa “molao oa Kreste” o molemo haholo.—Bagalata 6:2.