Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Batho ba Etsa Lintho Tse Fosahetseng?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Etsa Lintho Tse Fosahetseng?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Etsa Lintho Tse Fosahetseng?

KE BATHO ba ’maloa feela ba ka hanang sena: Kaofela ha rōna re baetsalibe, ka hona, re etsa liphoso ebile re etsa lintho tseo hamorao re ikoahlaelang tsona. Leha ho le joalo, na seo ke sona se etsang hore ho be le liketso tse ngata hakaale tse mpe, ebang li khōlō kapa li nyenyane, tseo re iponelang tsona kapa tseo re li utloang litabeng hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng?

Ho sa tsotellehe boetsalibe ba rōna, ka tloaelo batho baa tseba hore ho na le meeli ea boitšoaro eo batho ba sa lokelang ho e tlōla le hore batho ba ka khona ho ithiba hore ba se ke ba etsa liketso tse khopo. Hape ba bangata ba tla lumela hang feela hore ho na le phapang pakeng tsa ho bua ntho eo e seng ’nete ka phoso le ho etselletsa e mong ka morero oa ho mo senya lebitso, ho na le phapang pakeng tsa ho ntša motho kotsi ka phoso le ho bolaea motho ka boomo. Leha ho le joalo, hangata liketso tse tšosang li etsoa ke batho feela ba tloaelehileng sechabeng. Ebe hantle-ntle ke hobane’ng ha batho ba etsa lintho tse fosahetseng?

Bibele e fana ka leseli tabeng ena. E fana ka mabaka a ka sehloohong a hore na ke hobane’ng ha batho ba etsa lintho tseo ba tsebang hantle hore li fosahetse. Hlokomela seo e se buang.

▪ “Khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.”MOEKLESIA 7:7.

Bibele ea bontša hore ka linako tse ling batho ba utloa maemo a ba tlama hore ba etse lintho tseo ka tloaelo ba neng ba ke ke ba li etsa. Ba bang ba ka ba ba etsa bokebekoa moo ba nahanang hore ba tlisa tharollo ea mathata a itseng kapa ho hloka toka ho itseng. Buka e reng Urban Terrorism, e re: “Maemong a mangata, tsieleho e bakoang ke mathata a bonahalang eka a ke ke a fetoha a lipolotiki, a kahisano le a moruo ke eona ntho e ka sehloohong e bakang bokhukhuni.”

▪ “Mohloli oa bokhopo bohle ke ho rata chelete.”1 TIMOTHEA 6:10, BIBELE—PHETOLELO E NCHA.

Ba bang ba re esita le batho ba lokileng ba ka tlōla melao ea boitšoaro haeba ba fuoa chelete e ngata. Ba bang ba bonahalang ba le botsoalle ba bile ba le mosa tlas’a maemo a tloaelehileng, botho ba bona bo fetoha ka ho feletseng haeba ba batla ho fumana chelete kapa ba sa batle ho lahleheloa ke eona, ba ba le botho bo sa rateheng le bo hlaha. Ak’u nahane feela ka liketso tse ngata tsa bokebekoa tse entsoeng ka lebaka la meharo—ho tšosa motho e le ho mo qobella hore a etse ho itseng, ho qhekella, ho koetela esita le ho bolaea.

▪ “Kahobane kahlolo khahlanong le mosebetsi o mobe ha ea phethisoa ka potlako, ke ka lebaka leo lipelo tsa bara ba batho li ikemiselitseng ka botlalo ka ho bona ho etsa bobe.”MOEKLESIA 8:11.

Lengolo leo le bontša mokhoa oo batho ba o tloaetseng oa ho nahana hore ba ka iketsetsa borata hafeela ba boholong ba ke ke ba ba bona. Ke sona se nahanoang ke batho ba tsamaeang ka lebelo le feteletseng mebileng, ba etsang bolotsana ha ho ngoloa litlhahlobo, ba utsoang lichelete tsa sechaba, le ba etsang liketso tse ling tse mpe le ho feta tsena. Ha molao o khoehlisitse marapo, kapa motho a sa tšabe ho tšoaroa, esita le batho bao ka tloaelo ba mamelang molao ba ba le sebete sa ho etsa lintho tseo ba neng ba ke ke ba li etsa. Makasine e reng Arguments and Facts, e re: “Ho bonahala tsela eo likebekoa li tlohelloang habonolo feela ka eona li sa fuoa kotlo e le eona e susumetsang baahi feela ba tloaelehileng hore le bona ba etse liketso tse sehlōhō ka ho fetisisa.”

▪ “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”JAKOBO 1:14, 15.

Batho kaofela ba ka ba le menahano e fosahetseng. Letsatsi le leng le le leng, re fumana boitsebiso bo bongata bo re khothalletsang ho etsa lintho tse fosahetseng kapa re feta tlas’a maemo a mangata a re lekang hore re li etse. Khale koana mehleng ea Bibele, Bakreste ba ile ba bolelloa tjena: “Ha ho moleko o le hlahetseng haese se tloaelehileng ho batho.” (1 Bakorinthe 10:13) Leha ho le joalo, liphello li itšetlehile ka seo motho a khethang ho se etsa—ho leleka menahano e mebe hang-hang kapa ho nahana ka eona khafetsa le ho e lumella hore e hōle. Lengolo le bululetsoeng la Jakobo le qotsitsoeng ka holimo le lemosa hore haeba motho a lumella takatso e fosahetseng hore e ‘emare,’ joang kapa joang liketso tse fosahetseng li tla latela.

▪ “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”LIPROVERBIA 13:20.

Metsoalle ea rōna e ka re ama haholo, ebang ke ka se setle kapa se sebe. Hangata batho ba etsa lintho tseo ba neng ba sa rera ho li etsa ka lebaka la tšusumetso ea lithaka tsa bona, kapa joalokaha ba bangata ba bontša, e ee be e le ka lebaka la ho tloaelana le metsoalle e mebe, ’me liphello e ba tse mpe haholo. Ho latela puo ea Bibele, “ba hlokang kelello” hase ba seng bohlale ka tlhaho, empa ke ba iphapanyetsang keletso e bohlale ea Lentsoe la Molimo. Ebang re bacha kapa re batho ba baholo, haeba re sa khethe metsoalle ea rōna ka hloko, ka mantsoe a mang, haeba re sa iphaphathe ka melao ea Bibele ha re ba khetha, re ka lebella hore ‘lintho li re tsamaele hampe.’

Mangolo ana, hammoho le a mang a mangata a Bibele a bontša ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha batho—mohlomong batho feela ba tloaelehileng—ba etsa lintho tse fosahetseng, tse bileng li tšosang. Le hoja e le ntho e thusang ho tseba hore na ke matla afe a susumetsang batho hore ba etse lintho tse fosahetseng, na ho na le tšepo ea hore lintho li tla fetoha? E, e teng, kaha Bibele ha e hlalose feela hore na ke hobane’ng ha batho ba etsa liketso tse khopo, empa e boetse e tšepisa hore liketso tse joalo li tla fela. Ke life litšepiso tseo? Na ruri lintho tsohle tse mpe tse etsahalang lefatšeng li tla fela? Sehlooho se latelang se arabela lipotso tsena.