Se Tlisang Thabo ka Lapeng
Le ka Etsa’ng ha le E-na le Likoloto?
Giannis: * “Khoebo ea ka e ile ea oa nakong eo moruo oa naha ea Greece o neng o le maqakabetsing, kahoo re ne re se re sa khone ho lefella ntlo le likarete tsa mokitlane. Ke ne ke sa khone le ho robala ka lebaka la ho tšoenyeha.”
Katerina: “Re ile ra sebetsa ka thata ho aha ntlo ea rōna eo re e ratang ’me ke ne ke sa lumele hore re tl’o lahleheloa ke eona. Hangata ’na le Giannis re ne re ngangisana ka hore na re lokela ho etsa joang ka likoloto tsa rōna.”
LIKOLOTO li ka etsa hore lelapa le hule ka thata kapa tsa le thuha. Ka mohlala, mofuputsi Jeffrey Dew o hlokometse hore banyalani ba nang le likoloto ha ba qete nako e ngata ba le ’moho, ba lula ba loana ebile ha baa thaba. Mathata a lichelete le likoloto a etsa hore banyalani ba ngangisane nako e telele ho feta ha ba e-na le bothata leha e le bofe ’me seo se etsa hore ba tjolietsane le ho tšoarana ka matsoho ebile ba qetella ba se ba ngangisana le ka lintho tse ling. Ha ho makatse hore ntho e ka sehloohong e etsang hore banyalani ba bangata ba hlalane ke ho se utloane ka litaba tsa lichelete.
Ho qoela ka har’a likoloto ho boetse ho etsa hore motho a be le mafu a kang la ho hlobaela, ho tšoaroa ke hlooho, ho tšoaroa ke mala, lefu la pelo le khatello ea maikutlo. Mosali e mong ea bitsoang Marta, o re: “Monna oa ka Luís o ne a tepeletse maikutlo ka lebaka la likoloto tsa rōna hoo a neng a lula a robetse. Monna eo ke neng ke lula ke itšetlehile ka eena o ne a se a sa khone ho nthusa.” Ba bang ha ba khone ho mamella. Ka mohlala, tlaleho ea BBC ea litaba e ile bua ka mosali ea lulang boroa-bochabela ba India, ea ileng a ipolaea ka mor’a hore a se ke a khona ho lefa chelete eo a neng a e alimile e etsang R7 000. O ne a alimile chelete eo e le hore a khone ho isa bana ba hae ngakeng.
Le ka etsa’ng haeba lelapa la lōna le hula ka thata ka lebaka la likoloto? A re ke re hlahlobe a mang a mathata a tloaelehileng ao banyalani ba tobanang le ’ona ha ba le likolotong hammoho le melao-motheo ea Bibele e ka ba thusang ho sebetsana le mathata ao.
BOTHATA BA PELE: Rea qosana.
Lukasz o ile a re: “Ke ne ke qosa mosali oa ka ka hore o senya chelete ’me eena o ne a tletleba ka hore haeba ke ne ke e-na le mosebetsi o tsitsitseng re ne re tla ba le chelete e lekaneng.” Banyalani ba ka etsa’ng hore likoloto li se ke tsa ba qabanya?
Se ka le thusang: Sebelisanang hammoho ha le tobane le likoloto.
Ho ke ke ha thusa ka letho haeba u halefela molekane oa hao—le haeba e se uena ea entseng hore le kene likolotong. Kaha le se le kene likolotong, mohlomong keletso ena ea Bibele e ho Baefese 4:31 e ka le thusa ho feta le ha e le neng pele, e re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.”
Le se ke la loantšana empa le loantše likoloto. Monna e mong ea bitsoang Stephanos o ile a hlalosa kamoo eena le mosali oa hae ba ileng ba sebelisana hammoho kateng, o re: “Re ne re nka likoloto e le sera sa rōna.” Tšebelisano-’moho e joalo e lumellana le Liproverbia 13:10 e reng: “Ka ho iketelletsa pele motho o baka ntoa feela, empa ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” Ho e-na le hore u iketelletse pele ka hore u batle ho rarolla lintho ka bouena, buisanang ka botšepehi ka mathata a lōna a lichelete ’me le etse lintho hammoho.
Bana le bona ba ka kenyelletsoa. Ntate e mong ea bitsoang Edgardo oa Argentina, ha a bua ka seo lelapa la hae le fetileng ho sona, o re: “Moshanyana oa ka o ne a batla baesekele e ncha empa re ile ra mo hlalosetsa hore re ke ke ra khona ho mo rekela eona. Re ile ra mo fa baesekele eo e neng e le ea ntate-moholo oa hae ’me o ile a e thabela. Ke ile ka ithuta hore ho sebetsa ’moho re le lelapa ke ntho ea bohlokoa.”
LEKA HO ETSA TJENA: Behellang nako ka thōko ea ho buisana ka likoloto tsa lōna le sa pate letho le ka mokhoa o khutsitseng. Amohelang liphoso tseo e ka ’nang eaba le li entse. Leha ho le joalo, ho e-na le hore le lule le bua ka lintho tse fetileng, lekang ho lumellana ka lintho tse ka le thusang ha le etsa qeto litabeng tsa lichelete nakong e tlang.—Pesaleme ea 37:21; Luka 12:15.
BOTHATA BA BOBELI: Ho tsoa likolotong hase ntho e bonolo.
Enrique o re: “Ke ile ka ba likolotong tse khōlō ka lebaka la khoebo ea ka ’me boemo bo ile ba mpefatsoa ke ho putlama ha moruo Argentina. Eaba ho hlokahala hore mosali oa ka a etse opereishene. Ke ne ke utloa eka nke ke ka tsoa likolotong; joalokaha eka ke tšoeroe ke tepo ea sekho.” Monna e mong oa Brazil, ea bitsoang Roberto o ile a lahleheloa ke chelete eohle eo a neng a e bolokile ha a ne a leka ho qala khoebo ’me o ne a kolota libanka tse 12. O re: “Ke ne ke le lihlong hoo ke neng ke sa batle ho kopana le metsoalle ea ka. Ke ne ke utloa eka ha ke na thuso.”
U ka etsa’ng ha u ikutloa u sithabelitsoe ke ho nyahama, ke ho ikutloa u le molato le ho hlajoa ke lihlong ka lebaka la ho ba likolotong?
Se ka le thusang: Sebelisang chelete ka bohlale.
1. Etsang moralo oa hore na le tla sebelisa chelete joang. Etsang tlaleho ea chelete e kenang le e tsoang ka libeke tse peli—kapa mohlomong ka khoeli, haeba eo ke ntho e ka khonehang. Hape le kenyelletse le litšenyehelo tse sa lefelloeng khafetsa tse kang lekhetho, inshorense kapa liaparo ’me le ka lekanyetsa hore na li ka ja bokae khoeli le khoeli.
2. Eketsang chelete e kenang. U ka ’na ua sebetsa nako e eketsehileng mosebetsing oa hao kapa ua etsa mesebetsi e meng e kang ho thusa bana ba sekolo ka thuto e itseng, ho rekisa lintho tse ka sebelisoang hape tse kang litšepe le libotlolo kapa ho iketsetsa mesebetsi e meng ea matsoho. Tlhokomeliso: Hlokomela hore u se ke ua lumella mosebetsi ho kena-kenana le nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa tse kang ho ithuta ka Molimo.
3. Fokotsa lintho tseo u li rekang. Reka ntho hobane u e hloka, eseng hobane theko ea eona e theohile. (Liproverbia 21:5) Enrique, eo ho builoeng ka eena ka holimo, o re: “Ho molemo ho leta pele u reka, seo se ka u thusa hore u hlahlobe hore na u hlile u hloka ntho eo kapa u mpa feela u e batla.” Lintho tse ling tse ka thusang ke tsena.
- Bolulo: Haeba ho khoneha fallelang ntlong e sa hlokeng ho lefelloa chelete e ngata khoeli le khoeli. Fokotsang litšenyehelo ka ho sebelisa motlakase le metsi hantle.
- Lijo: Etsang sek’hafothini ho e-na le hore le je lireschorenteng. Rekang korosari ha ho e-na le litheolelo. Joelma, ea lulang Brazil, o re: “Ke hlokometse hore ha ke reka litholoana le meroho pele ’maraka o koala ke boloka chelete.”
- Lipalangoang: Rekisang likoloi tseo le sa li sebeliseng ’me le boloke eo le nang le eona e le boemong bo botle ho e-na le hore le beheletse ka eona e le hore le fumane e ncha. Sebelisang lipalangoang tsa sechaba kapa le tsamaee ka maoto ha ho khoneha.
Ka mor’a ho fokotsa litšenyehelo, joale le ka khona ho sebelisa chelete eo le nang le eona hamolemo.
4. Hlahlobisisang likoloto tsa lōna ’me le nke khato. Pele, hlahlobang hore na phaello ea sekoloto ka seng ke bokae, tefo ea sona, liphello tsa ho lieha ho lefa kapa ho tlōlisa linako le hore na ho na le tseo e lokelang hore ebe le se le qetile ho li lefa. Hlahlobang se ngotsoeng tumellanong ea kalimo ea chelete ka hloko, kaha batho ba alimanang ka lichelete ba ka bua leshano. Ka mohlala, batho ba bang ba neng ba fana ka likalimo tsa nako e khutšoanyane United States, ba ile ba bolela hore tsoala ea bona ke liphesente tse 24 empa ha e le hantle e ne e feta liphesente tse 400.
Joale, hlahlobang hore na le tla lefa likoloto tsa lōna joang. Le ka lefa likoloto tse nang le tsoala e ngata pele. Ntho e ’ngoe eo le ka e etsang ke ho koala likoloto tse nyenyane pele kaha ha likoloto li ntse li fokotseha seo se ka etsa hore le khothale. Haeba le e-na le likoloto tse nang le tsoala e holimo ho ka ’na ha le tsoela molemo haeba le ka alima chelete e nang le tsoala e tlaase e le hore le koale likoloto tseo.
Qetellong, haeba le sa khone ho lefa kamoo le neng le lumellane kateng, lekang ho buisana hape le bao le ba kolotang ’me le etse litokisetso tse ncha tsa hore na le ka ba lefa joang. Le ka ’na la kōpa hore ba le ekeletse nako kapa ba le theolele tsoala. Ba bang ba ka ba ba lumela ho le fokoletsa sekoloto sa lōna haeba le ka lefa chelete e itseng hang-hang. Hlalosang maemo a lōna a lichelete ka botšepehi le ka tlhompho. (Bakolose 4:6; Baheberu 13:18) Ngolang tumellano efe kapa efe eo le e etsang. Le haeba kōpo ea lōna e sa atlehe qalong, phehellang ho kōpa hore ba le etsetse liphetoho haeba ho hlokahala.—Liproverbia 6:1-5.
Ke ’nete hore ho hlokahala hore le shebe lintho ka tsela ea sebele ha le ntse le lokisa litaba tsa lōna tsa lichelete. Leha le se le lekile ka matla ho rarolla mathata a lōna a lichelete le ka ’na la se ke la atleha ka lebaka la maemo ao le ke keng la a laola, kaha hangata chelete e “iketsetsa mapheo a kang a ntsu ’me [e] fofela maholimong.”—Liproverbia 23:4, 5.
LEKA HO ETSA TJENA: Hang ha le se le entse moralo oa lichelete, buisanang hore na ke sefe seo e mong le e mong a ka se etsang ho fokotsa litšenyehelo kapa ho eketsa chelete e kenang ea lelapa. Ha le bona kamoo e mong le e mong a itelang kateng, le tla khona ho sebetsa hammoho ha le ntse le loantšana le likoloto.
BOTHATA BA BORARO: Likoloto li laola bophelo ba rōna.
Ho loantšana le likoloto ho ka etsa hore le hlokomolohe lintho tse ling tsa bohlokoa bophelong. Monna e mong ea bitsoang Georgios o beha taba tjena, “bothata bo boholo e ne e le hore bophelo bohle ba rōna bo ne bo se bo laoloa ke likoloto. Re ne re se re hlokomolohile lintho tse neng li tlameha ho tla pele bophelong ba rōna.”
Se ka le thusang: E-bang le pono e nepahetseng ka chelete.
Ho sa tsotellehe hore na le leka hakae, ho ka ’na ha le nka lilemo tse ngata le ntse le lefa likoloto. Ho ntse ho le joalo, ho tsoa ho uena hore na u tla talima maemo a hao joang. Ho e-na le hore le lule le nahana ka hore le hloka chelete, e ka ba bohlale ho mamela keletso ena ea Bibele: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”—1 Timothea 6:8.
Ho khotsofalla maemo a lōna a lichelete ho tla etsa hore le ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafilipi 1:10) “Lintho [tsena] tsa bohlokoa haholo” li akarelletsa kamano ea hao le Molimo le lelapa la hao. Georgios ea qotsitsoeng ka holimo o re: “Le hoja re e-s’o ka re qeta ho lefa likoloto tsa rōna, ha li sa laola bophelo ba rōna. Hona joale lenyalo la rōna le thabile kaha re se re qeta nako e ngata re le ’moho, re e-na le bana ba rōna ’me re ithuta ka Molimo.”
LEKA HO ETSA TJENA: Ngola lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho uena tseo u ke keng ua li reka ka chelete. Ebe u rera hore na u ka etsa joang hore u eketse nako le matla ao u a qetang ho ntho ka ’ngoe eo u e ngotseng.
Mathata a likoloto aa sithabetsa ’me ho sebetsana le ’ona ho hloka boitelo; empa le ke ke la ikoahlaea. Ntate oa lelapa ea bitsoang Andrzej ea lulang Poland, o re: “Ka mor’a hore ke tsebe hore mosali oa ka o ile a alimela mosebetsi-’moho le eena chelete bankeng ’me motho eo a nyamela a sa lefa sekoloto seo, khotso e ile ea senyeha haholo lapeng.” Leha ho le joalo, ha a nahana kamoo eena le mosali oa hae ba ileng ba sebetsana le bothata boo kateng, o re: “Ntho e ileng ea etsa hore re momahane e ne e se bothata empa e ile ea e-ba ho sebetsa ’moho ho rarolla bothata boo.”
^ ser. 17 Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng, u ka sheba lihlooho tse tlas’a se reng, “Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng” Tsoheng ea September 2011 e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.
IPOTSE . . .
- Ke joang nka thusang lelapa la ka ho tsoa likolotong?
- Nka etsa joang hore likoloto li se ke tsa laola kapa hona ho senya kamano ea rōna?