Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moshe—O ne a le Lerato

Moshe—O ne a le Lerato

LERATO KE ENG?

Lerato ke ho ameha ka ho tebileng ka batho ba bang. Motho ea lerato o bontša ka mantsoe le liketso tsa hae hore na o ikutloa joang ka batho bao a ba ratang, le haeba seo se ka etsa hore a tele ho itseng.

MOSHE O ILE A BONTŠA LERATO JOANG?

Moshe o ile a bontša hore o rata Molimo. O ile a etsa seo joang? Hopola mantsoe a tlalehiloeng ho 1 Johanne 5:3 a reng: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” Kaha Moshe o ne a rata Molimo o ne a mamela litaelo tsa hae. Ho sohle seo Molimo a ileng a mo laela sona—ho tloha ha a ne a etsa ntho e tšosang joaloka ho ea ka pel’a Faro ea matla ho ea ho ntho e bonolo joaloka ho otlollela molamu oa hae holim’a Leoatle le Lefubelu—Moshe o ile a mamela. Ebang taelo e ne e le bonolo kapa e le thata ho e phetha, Moshe o ile a mamela. “A fela a etsa joalo.”—Exoda 40:16.

Moshe o ne a rata Baiseraele ba habo. Ba ne ba tseba hore Jehova o ne a sebelisa Moshe ho tataisa batho ba hae, kahoo ba ne ba tlisa mathata a bona a fapa-fapaneng ho Moshe. Bibele e re: “Sechaba sa ’na sa ema ka pel’a Moshe ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea.” (Exoda 18:13-16) Nahana feela hore na e tlameha ebe Moshe o ne a khathala hakaakang, kaha o ne a qeta lihora tse ngata a mametse Baiseraele ha ba ntse ba rōlela mathata a bona ho eena. Empa kaha Moshe o ne a rata batho, o ne a thabela ho ba thusa.

Ntle le hore Moshe o ne a ba mamela, o ne a boetse a ba rapella. O ile a rapella esita le batho ba neng ba mo fosetsa! Ka mohlala, ha Miriame, khaitseli ea Moshe a ne a korotla khahlanong le Moshe, Jehova o ile a mo otla ka lepera. Ho e-na le hore a thabele kotlo eo, hang-hang Moshe o ile a mo rapella, a re: “Ka kōpo, Molimo! Mo folise, ka kōpo!” (Numere 12:13) Ke lerato feela le neng le ka etsa hore Moshe a etse thapelo eo e se nang boithati.

RE ITHUTA’NG?

Re ka etsisa Moshe ka hore re rate Molimo ka ho tebileng. Lerato le joalo le re susumelletsa hore re mamele litaelo tsa hae “ho tloha pelong.” (Baroma 6:17) Haeba re mamela Jehova ho tloha pelong, re thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) Re boetse re itsoela molemo. Ha e le hantle, ha re sebeletsa Molimo hobane re mo rata e le kannete, re ke ke ra etsa lintho tse nepahetseng feela empa re tla thabela ho li etsa!—Pesaleme ea 100:2.

Tsela e ’ngoe eo re ka etsisang Moshe ka eona ke ka ho bontša batho ba bang lerato ka boitelo. Ha metsoalle le ba malapa a rōna ba tla ho rōna ka mathata a bona, lerato le re susumetsa hore (1) re ba mamele ka hloko; (2) re ikenye lieteng tsa bona ’me (3) re ba bolelle hore rea ba tsotella.

Joaloka Moshe, le rōna re ka rapella batho bao re ba ratang. Ka linako tse ling re ka ikutloa re ferekane ha ho se na letho leo re ka ba thusang ka lona, ha ba re bolella mathata a bona. Re ka ba ra bua ka pelo e bohloko ra re, “Ka masoabi, sohle seo nka se etsang ke ho u rapella.” Empa hopola: “Thapelo ea motho ea lokileng e matla haholo.” (Jakobo 5:16, Bibele—Phetolelo e Ncha) Lithapelo tsa rōna li ka susumetsa Jehova hore a etsetse motho ntho e itseng eo mohlomong A neng a ke ke a e etsa. Ka sebele, ha ho na letho le molemo leo re ka le etsetsang batho bao re ba ratang ho feta ho ba rapella. *

Na u ke ke ua lumela hore ho na le lintho tse ngata tseo re ka ithutang tsona ho Moshe? Le hoja e ne e le motho ea tšoanang le rōna, o re behetse mohlala o babatsehang oa tumelo, boikokobetso le lerato. Ha re ntse re tsoela pele re etsisa mohlala oa hae, re itsoela molemo ’me re tsoela le ba bang molemo.—Baroma 15:4.

^ ser. 8 E le hore Molimo a mamele lithapelo tsa rōna, re lokela ho leka ka matla ho phetha litaelo tsa hae. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 17 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.