Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 ATAMELA HO MOLIMO

“Ke Taelo Efe eo e Leng ea Pele ho Tsohle?”

“Ke Taelo Efe eo e Leng ea Pele ho Tsohle?”

Ho hlokahala eng hore re thabise Molimo? Na ho na le letoto le letelele la melao eo re lokelang ho e latela? Ho thabisang ke hore karabo ke che. Ho latela Mora oa Molimo, Jesu Kreste, seo Molimo a se hlokang ho rōna se ka akaretsoa ka lentsoe le le leng.—Bala Mareka 12:28-31.

Pele, nahana hore na boemo e ne e le bofe ha Jesu a tla bua mantsoe ao. O ne a ntse a ruta ka tempeleng ka la 11 Nisane, matsatsi a seng makae feela pele ho lefu la hae. Lira tsa hae li ne li leka ho mo botsa lipotso tse tsosang khang hobane li ne li batla hore a etse phoso. Nako le nako, likarabo tsa hae li ne li koala lira tsa hae molomo. Eaba li botsa Jesu potso ena: “Ke taelo efe eo e leng ea pele ho tsohle?”—Temana ea 28.

Eo e ne e le potso e phephetsang. Bajuda ba bang ba ile ba ngangisana ka hore na har’a melao e fetang 600 ea Molao oa Moshe, ke ofe oa pele kapa oa bohlokoa ho eona. Ho bonahala ba bang ba ile ba hanyetsa ka hore melao eohle e ne e lekana ’me ho ne ho se na oo e leng oa bohlokoa ho feta o mong, athe ba bang bona ba ne ba sa nahane joalo. Jesu o ne a tla araba potso eo joang?

Ha Jesu a araba, o ile a bua ka melao e ’meli eseng o le mong. Oa pele, o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Temana ea 30; Deuteronoma 6:5) Mantsoe ana, “pelo,” “kelello,” “moea” le “matla” a sebetsa ka tsela e tšoanang. * A bolela hore: U lokela ho rata Jehova ka botho bohle ba hao, bokhoni ba hao le sohle seo u nang le sona. Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele, e re: “Re lokela ho rata Molimo ka ho feletseng ebile re sa itšiele letho.” Kahoo, haeba u rata Molimo u tla etsa sohle se matleng a hao hore letsatsi le leng le le leng u phele ka tsela e tla etsa hore a u amohele.—1 Johanne 5:3.

Oa bobeli, Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Temana ea 31; Levitike 19:18) Ho rata Molimo le ho rata moahelani ho amana haufi-ufi. Ha u rata Molimo ho bonolo hore u rate moahelani. (1 Johanne 4:20, 21) Haeba re rata baahelani ba rōna joalokaha re ithata, re tla ba tšoara ka tsela eo re batlang hore ba re tšoare ka eona. (Matheu 7:12) Kahoo u tla be u bontša hore u rata Molimo ea re bōpileng—ea bōpileng le bona—ka setšoantšo sa hae.—Genese 1:26.

Sohle seo Jehova a se hlokang ho rōna se ka akaretsoa ka lentsoe le le leng: lerato

Melao e reng re rate Molimo le moahelani, ke ea bohlokoa hakae? Jesu o ile a re: “Ha ho taelo e ’ngoe e khōlō ho feta tsena.” (Temana ea 31) Tlalehong e tšoanang le ena, Jesu o ile a re melao eohle e meng e itšetlehile ka melao ena e ’meli.—Matheu 22:40.

Ha ho thata ho thabisa Molimo. Sohle seo a batlang hore re se etse se ka akaretsoa ka lentsoe le le leng feela: lerato. Haesale Molimo a hloka hore barapeli ba hae ba ’nete ba be le lerato ’me ke sona seo a tla lula a se hloka ho bona. Empa ho rata Molimo hase feela ho ikutloa ka tsela e itseng kapa ho bua feela ka molomo; ho bontšoa ka liketso. (1 Johanne 3:18) Na u ka rata ho ithuta hore na u ka hlaolela le ho bontša lerato la hao ho Jehova joang, Molimo eo e leng “lerato?”—1 Johanne 4:8.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka March:

Mareka 9-16Luka 1-6

^ ser. 6 Ka Bibeleng lentsoe “moea” le bolela motho ka boeena. Kahoo “moea” o ka akarelletsa “pelo,” “kelello,” le “matla.”