Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Na ho ka khoneha hore u utloisise Bibele?

Bibele ke Lentsoe la Molimo. E tšoana le lengolo le tsoang ho ntate ea lerato. (2 Timothea 3:16) Ka Bibeleng, Molimo o hlalosa kamoo re ka mo khahlisang kateng, hore na ke hobane’ng ha a lumeletse bokhopo le hore na o tla etsetsa batho eng nakong e tlang. Empa baruti ba bolumeli ba sothile lithuto tsa Bibele ʼme ka lebaka leo, batho ba bangata ba tetse hore ba tla ke ba utloisise Bibele.—Liketso 20:29, 30.

Jehova Molimo o batla hore re tsebe ʼnete e mabapi le eena. Ka lebaka leo, o re file buka eo re ka khonang ho e utloisisa.—Bala 1 Timothea 2:3, 4.

Ke joang re ka utloisisang Bibele?

Jehova ha aa re fa Bibele feela, o bile o re file le se ka re thusang ho e utloisisa. O ile a roma Jesu hore a tl’o re ruta. (Luka 4:16-21) Jesu o ile a thusa bamameli ba hae hore ba utloisise Mangolo ka ho qotsa temana e ʼngoe ka morʼa e ʼngoe.—Bala Luka 24:27, 32, 45.

Jesu o ile a theha phutheho ea Bokreste e le hore mosebetsi oo a neng a o qalile o tsoele pele. (Matheu 28:19, 20) Kajeno, balateli ba ʼnete ba Jesu ba thusa batho hore ba utloisise seo Bibele e se rutang ka Molimo. Haeba u batla ho utloisisa Bibele, Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.—Bala Liketso 8:30, 31.