Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 RUTA BANA BA HAO

Jesu Kreste—Na ke Ngoana Kapa ke Morena?

Jesu Kreste—Na ke Ngoana Kapa ke Morena?

Ha e le December batho ba bangata lefatšeng ho pota ba bona litšoantšo tsa Jesu e le ngoana. O hlaha a robetse ka sejelong, e leng lebokose le leholo leo liphoofolo li tšelloang furu ho lona. Empa na re lokela ho hopola Jesu e le ngoana feela? * A re ke re bue ka tsela e molemo ea ho mo hopola. Re ka ithuta ho se ileng sa etsahalla balisa bosiung bo bong ha ba ne ba le naheng haufi le Bethlehema.

Lengeloi le ile la hlaha ho balisa ba sa lebella. Le ile la re ho bona: “Kajeno le tsoaletsoe Mopholosi, e leng Kreste Morena.” Hape lengeloi le ile la ba bolella hore ba tla fumana Jesu a ‘thatetsoe ka masela ’me a robetse ka sejelong.’ Hang-hang ho ile ha hlaha mangeloi a mangata ’me a qala ho “rorisa Molimo.”

U ne u tla ikutloa joang ha u ne u ka utloa mangeloi a rorisa Molimo?— Balisa ba ile ba thaba! Ba ile ba re: “Ka sebele a re eeng Bethlehema ’me re bone ntho ena e etsahetseng.” Ha ba fihla moo, ba ile ba fumana “Maria hammoho le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong.”

Ka mor’a moo batho ba bang ba ile ba tla Bethlehema moo Maria le Josefa ba neng ba le teng. Ha balisa ba ba bolella se etsahetseng, kaofela ba ile ba hlolloa. Na ua thaba ha u utloa lintho tsee tse thabisang?— Kaofela ha rōna ba ratang Molimo rea thaba. A re ke re bone hore na ke hobane’ng ha batho ba ile ba thaba ha Jesu a hlaha. Pele, e-re re ikhopotse ka se ileng sa etsahalla Maria pele a nyaloa.

Ka letsatsi le leng, lengeloi le bitsoang Gabriele le ile la etela Maria. Le ile la mo tšepisa hore o tla ba le ngoana ea “tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa.” Gabriele o ile a re “o tla busa e le morena . . . ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”

Maria o ne a batla ho tseba hore na seo se tla etsahala joang, kaha o ne a e-s’o ka a kopanela liphate le monna. Kahoo, Gabriele o ile a mo hlalosetsa sena: “Matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela”  ’me “se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.” Molimo o ile a kenya bophelo ba Mora oa hae pōpelong ea Maria e le hore a ka hōla ’me ea e-ba ngoana—ka sebele oo e ne e le mohlolo o moholo!

Na u kile ua bona litšoantšo tsa “banna ba bohlale” ba etela Jesu ha e sa le ngoana ba e-na le balisa?— Litšoantšo tse joalo li tloaelehile nakong ea Keresemese. Empa li fosahetse. Ha e le hantle, ‘banna bao ba bohlale’ e ne e le linohe tsa linaleli, e leng ntho eo Molimo a sa e batleng. A re ke re bone hore na ho ile ha etsahala eng ha ba fihla. Bibele e re: “Ha li kena ka tlung tsa bona ngoana e monyenyane le ’m’ae Maria.” Kahoo, ka nako eo Jesu e ne e se lesea le ka sejelong; e ne e se e le ngoana ea hōlileng ’me o ne a se a le ka tlung le Josefa le Maria!

Linohe li ile tsa fumana Jesu joang?— Li ile tsa tataisoa ke “naleli” hore li se ke tsa ea Bethlehema, empa li qale ho Morena Heroda Jerusalema. Bibele e re Heroda o ne a batla ho tseba moo Jesu a neng a le teng e le hore a mo bolaee. Joale, nahana ka sena. U nahana hore ke mang ea ileng a romela ntho e kang naleli hore e ise linohe ho Heroda?— E ne e se Molimo oa ’nete, Jehova, empa e ne e le mohanyetsi oa hae kapa sera sa hae e leng Satane Diabolose!

Kajeno Satane o etsa hore batho ba nahane hore Jesu ke ngoana ea sa khoneng ho iketsetsa letho. Empa lengeloi Gabriele le ile la re ho Maria: “O tla busa e le morena . . . , ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” Hona joale, Jesu o busa e le Morena leholimong ’me haufinyane o tla felisa lira tsohle tsa Molimo. Ke eona tsela eo re lokelang ho talima Jesu ka eona ’me re lokela ho bolella batho ba bang ka seo.

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.