Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Baholo-holo ba ka ba Shoeleng ba ka Boela ba Phela?

Na Baholo-holo ba ka ba Shoeleng ba ka Boela ba Phela?

NAKONG e fetileng ho ile ha hlaha sehlooho se khahlang koranteng ea Korea e bitsoang The Chosun Ilbo. Se ile sa re: “Na Shim Cheong ea Neng a Lokile, Empa a sa Tsebe Letho ka Jesu, o Ile Liheleng?”

Sehlooho sena se ile sa ama maikutlo a batho hobane Shim Cheong e ne e le ngoanana ea ratehang oa tšomong ea Makorea, ea ileng a tela bophelo ba hae e le hore a hlokomele ntate oa hae ea foufetseng. O ’nile a rorisoa ka lilemo tse ngata. Ha e le hantle, batho ba Korea ba nka “Shim Cheong” e le mohlala oa morali ea ileng a itella ntate oa hae.

Batho ba bangata ba ne nka e le ho hloka toka, ebile e le ntho e halefisang, ha ba nahana hore motho ea joalo o ne a tla hlokofatsoa mollong oa lihele hobane feela e ne e se Mokreste ea kolobelitsoeng. Ha e le hantle, e tlameha ebe pale ena e etsahetse nako e telele pele molaetsa o buang ka Kreste o fihla motseng oa habo.

Sehloohong seo ho ile ha buisanoa le moruti e mong. O ile a botsoa hore na bohle ba shoeleng ba sa ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka Jesu ba tla ea liheleng na. O ile a araba ka ho re: “Ha re tsebe. Re nahana feela hore ho na le seo Molimo a tla se etsetsa [batho ba joalo].”

HO HLOKAHALA ENG HORE MOTHO A PHOLOHE?

The New Catholic Encyclopedia e re: “E le hore motho a pholohe, ho hlokahala hore a kolobetsoe. Kreste ka boeena o ile a bolela hore ntle le hore motho a tsoaloe hape ka metsi le ka Moea o Halalelang, a ke ke a kena ’Musong oa Molimo (Johanne 3:5).” Ka lebaka la sena, batho ba bang ba lumela hore ba shoeleng ba sa kolobetsoa ba lahleloa mollong oa lihele kapa ba utloisoa bohloko ka tsela e itseng ka mor’a hore ba shoe.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nka hore ho lumela seo ke ho hloka kelello. Ho na le batho ba limilione ba shoeleng ba sa tsebe Bibele. Na seo se bolela hore ba lokela ho hlokofatsoa ka ho sa feleng? Bibele e re’ng ka taba ee?

SEO BIBELE E SE TŠEPISANG

Bibele e bolela ka ho hlaka hore Molimo ha a khetholle batho ba ileng ba shoa ba sa tsebe melao ea Hae. Liketso 17:30 e re fa kholiseho ena: “Molimo o hlokomolohile linako tsa ho hloka tsebo ho joalo.” Joale, Bibele e re’ng ha e bua ka batho ba shoeleng ba sa ka ba ithuta ka Molimo?

Jesu o ne a bolela’ng ha a tšepisa see: “U tla ba le ’na Paradeiseng”?

Re ka fumana karabo ho seo Jesu a ileng a se bolella senokoane se ileng sa shoela thōko ho eena. Monna eo o ile a re ho Jesu: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Jesu o ila a re’ng? O ile a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:39-43.

Na Jesu o ne a tšepisa monna eo hore o tla kena leholimong? Che. Monna eo o ne a sa ‘tsoaloa hape’ ka metsi le ka moea, e leng se neng se hlokahala hore motho a kene ’Musong oa maholimo. (Johanne 3:3-6) Ho e-na le hoo, Jesu o ne a tšepisa senokoane seo hore se tla phela hape, Paradeiseng. Kaha monna eo e ne e le Mojuda, o ne a tseba ka Paradeise ea lefatšeng, e leng serapa sa Edene, seo ho buuoang ka sona bukeng ea pele ea Bibele. (Genese 2:8) Seo Jesu a ileng a mo tšepisa sona se ile sa mo kholisa hore o tla tsosoa ha lefatše e e-ba Paradeise hape.

Ha e le hantle, Bibele e tšepisa hore ho tla ba le “tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) “Ba sa lokang” ke ba sa kang ba phela ka melao ea Molimo hobane ba ne ba sa e tsebe. Jesu o tla tsosa senokoane se sa lokang seo a ileng a bua le sona, hammoho le ba limilione, mohlomong ba libilione ba shoeleng ba sa tsebe thato ea Molimo. Ha ba se ba phela Paradeiseng,  ba tla rutoa melao ea Molimo ’me ba tla fumana monyetla oa ho bontša hore ba rata Molimo ka hore ba mo mamele.

HA BA SA LOKANG BA TSOSOA

Ha ba sa lokang ba tsosoa, na ba tla ahloleloa lintho tseo ba ileng ba li etsa nakong e fetileng? Che. Baroma 6:7 e re: “Etsoe ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” Ha ba sa lokang ba shoa, ba lefella libe tsa bona. Kahoo, ba tla ahloloa motheong oa seo ba se etsang ka mor’a hore ba tsosoe, eseng motheong oa seo ba ileng ba se etsa pele ba shoa hobane ba ne ba sa tsebe. Seo se tla ba thusa joang?

Ka mor’a hore ba tsosoe, ba sa lokang ba tla fumana monyetla oa ho ithuta melao ea Molimo, e tla senoloa ha ho buloa meqolo ea tšoantšetso. Ba tla ahloloa “ho ea ka liketso tsa bona” e leng, hore na ba mamela melao ea Molimo kapa che. (Tšenolo 20:12, 13) Ona hase monyetla oa bobeli, empa ke monyetla oa pele oo ba bangata ba sa lokang ba tla o fumana oa hore ba ithute ka thato ea Molimo le ho e etsa ’me ba phele ka ho sa feleng lefatšeng.

Thuto ena ea Bibele e thusitse batho ba bangata ho boela ba e-ba le tumelo ho Molimo. Yeong Sug ke e mong oa batho bao. O ile a hōlisoa joaloka Mok’hatholike oa popota. Litho tsa lelapa labo e ne e le baprista. Kaha o ne a batla ho ba moitlami, o ile a ea sekolong sa baitlami. Hamorao o ile a se tlohela ka lebaka la ho nyahamisoa ke lintho tse neng li etsahala moo. Ho feta moo, o ne a sa amohele thuto ea mollo oa lihele hobane o ne a hlokomela hore ho hlokofatsa batho liheleng e ne e le ho hloka toka le lerato.

E mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a bontša Yeong Sug mantsoe ana a hlahang Bibeleng, a reng: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe.” (Moeklesia 9:5) Lipaki li ile tsa mo thusa ho hlokomela hore baholo-holo ba hae ha ba hlokofatsoe mollong oa lihele. Empa ba robetse, ba emetse ho tsosoa bafung.

Kaha o ne a tseba hore batho ba bangata ha ba tsebe ’nete ea Bibele, Yeong Sug o ile a nka ka ho teba mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 24:14, a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” Hona joale, o etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo ’me o bolella ba bang ka tšepo eo a nang le eona e tsoang ka Bibeleng.

“MOLIMO HA A LEEME”

Bibele e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Sena ke seo re ka se lebellang ho Molimo ea nang le toka ka ho phethahetseng, ea ‘ratang ho loka le toka.’—Pesaleme ea 33:5.