BONTŠA TUMELO E TŠOANANG LE EA BONA | JOSEFA
“Na ke Sebakeng sa Molimo?”
JOSEFA o ne a eme serapeng sa hae ha letsatsi le likela. Mohlomong o ne a shebile lifate tsa palema le tse ling tsa litholoana, matamo a nang le limela tsa metsing ’me ha a akhela mahlo pejana mane o ne a bona ntlo ea Faro. O ne a boetse a mametse lerata le tsoang ntlong ea hae la ho keketeha ha mor’a hae Efraime ha abuti’ae Manase a ntse a mo bapalisa. Josefa o ne a ka inahanela hore na mosali oa hae o tšeha hamonate hakaakang ha a shebelletse bara bana ba bona ba ntse ba bapala. O ne a thabile. O ne a bona hore Molimo o mo hlohonolofalitse.
Josefa o ne a rehile mor’a hae e moholo lebitso la Manase hobane le ne le bolela ho lebala. (Genese 41:51) Tsela eo Molimo a neng a mo hlohonolofatsa ka eona e ne e mo thoba maikutlo ha a hlolohetsoe ha habo, bo-abuti’ae le ntate oa hae. Lehloeo la bo-abuti’ae le ne le fetotse bophelo ba hae. Ba ile ba mo loantša, ba rera ho mo bolaea ba ba ba mo rekisetsa bahoebi ba tsamaeang. Ho tloha ka nako eo, o ile a ba le mathata a mangata. E ile a ea e-ba lekhoba ka nako e telele a ba a isoa teronkong. Empa joale lintho li ne li se li fetohile—e ne e se e le mohlahlami oa Faro pusong ea Egepeta! *
Ka nako e telele, Josefa o ne a bone ha lintho tseo Jehova a li boletseng li phethahala. Egepeta e ne e se e le bohareng ba lilemo tse supileng tsa khora tse profetiloeng ’me Josefa o ne a ntse a okametse pokello ea lijo-thollo. Ka nako eo o ne a se a e-na le mosali ea bitsoang Asnathe le bara ba babeli. Empa o ne a lula a nahana ka lelapa labo le neng le le hōle le eena, haholo-holo moen’ae Benjamine le ntate oa hae Jakobo. Mohlomong Josefa o ne a ee a ipotse hore na ebe ba sireletsehile. Hape e ka ’na eaba o ne a ee a ipotse hore na bo-abuti’ae ba se ba khutlile mekhoeng, kapa hore na o tla ke a boelane le lelapa labo.
U ka ’na ua utloisisa boemo ba Josefa le ho feta haeba lelapa leno le se le kile la qabana ka lebaka la mona, ho etselletsoa kapa lehloeo. Josefa o re behetse mohlala ofe oa tumelo ha a ne a hlokomela lelapa labo?
“E-EANG HO JOSEFA”
Josefa o ne a phathahane haholo ’me nako e tsamaea kapele. Feela joalokaha Jehova a ne a boleletse Faro torong, qetellong ea lilemo tse supileng tsa khora ho ile ha e-ba le phetoho e khōlō. Lijalo li ile tsa shoa! Ho e-s’o ee kae, ho ile ha e-ba le tlala linaheng tsohle tse ahisaneng le Egepeta. Leha ho le joalo, Bibele e re, ‘naheng eohle ea Egepeta ho ne ho e-na le bohobe.’ (Genese 41:54) Ha ho pelaelo hore Baegepeta ba ile ba rua molemo ka lebaka la boprofeta boo Josefa a bo boletseng le mohlala oa hae o motle tabeng ea ho hlophisa lintho.
Baegepeta ba ne ba hlompha Josefa ’me ba mo leboha ka lebaka la bokhoni ba hae ba ho hlophisa lintho. Empa Josefa o ne a batla hore ba lebohe Jehova Molimo oa hae. Haeba re sebelisa bokhoni
leha e le bofe boo re nang bona tšebeletsong ea Molimo, a ka re thusa hore re ipabole ho feta kamoo re nahanang kateng.Leha ho le joalo, ha nako e ntse e-ea Baegepeta le bona ba ile ba qala ho lapa. Ha ba kōpa thuso ho Faro, o ne a re: “E-eang ho Josefa. Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.” Kahoo, Josefa o ne a bula libaka tsa pokello ea lijo-thollo, ebe batho ba reka seo ba se hlokang.—Genese 41:55, 56.
Leha ho le joalo, batho ba linaheng tse haufi ba ne ba bolaoa ke tlala. Lelapa labo Josefa le neng le lula naheng ea Kanana e hōle haholo le Egepeta le ne le hula ka thata. Jakobo ea neng a se a hōlile o ile a utloa hore lijo li teng Egepeta eaba o roma bara ba hae hore ba e’o reka lijo teng.—Genese 42:1, 2.
Jakobo o ile a roma bara ba hae ba leshome eaba o siea oa ho fela e leng Benjamine. O ne a ntse a hopola hantle nako eo a ileng a roma mor’a hae Josefa hore a e’o hloela bo-abuti’ae. Haesale Jakobo a mo qetela ka nako eo. Bo-abuti’ae ba ile ba tlisetsa ntate oa bona seaparo sa Josefa se setle, seo ntate oa hae a neng a mo etselitse sona ka lerato se tabohile se bile se le mali. Ba ile ba etsa hore ntate oa bona ea neng a sithabetse a lumele hore Josefa o jeloe ke libata.—Genese 37:31-35.
“KAPELE-PELE JOSEFA A HOPOLA”
Bara ba Jakobo ba ile ba fihla Egepeta ka mor’a leeto le lelelele. Ha ba batla ho reka lijo ba ile ba isoa ho motho e mong ea phahameng ’musong ea bitsoang Zafnathe-panea. (Genese 41:45) Na ha ba mo bona ba ile ba elelloa hore ke Josefa? Le hanyenyane. Ba ile ba bona ’musi ea phahameng oa Egepeta eo ba neng ba hloka thuso ea hae. Ba ile ba bontša tlhompho e tloaelehileng ’me “ba mo inamela lifahleho li shebile fatše.”—Genese 42:5, 6.
Na Josefa eena o ile a ba tseba? E, ho joalo! Ho phaella moo, ha a bona ba mo inamela o ile a hopola lintho tse ileng tsa etsahala ha e sa le moshanyana. Bibele e re “kapele-pele Josefa a hopola litoro” tseo Jehova a mo bontšitseng tsona ha e sa le moshanyana, tse ileng tsa bontša esale pele nako eo ka eona bo-abuti’ae ba neng ba tla mo inamela, feela joalokaha ba ne ba etsa! (Genese 37:2, 5-9; 42:7, 9) Ebe Josefa o ne a tla etsa’ng? Na o ne a tla ba amohela ka mofuthu? Kapa na o ne a tla iphetetsa?
Josefa o ne a tseba hore ha aa lokela ho betoa ke pelo. Ho hlakile hore ke Jehova ea neng a mo hlohonolofatsa. O ne a phethahatsa morero oa hae. O ne a tšepisitse ho etsa bana ba Jakobo sechaba se matla. (Genese 35:11, 12) Ho ne ho tla ba le liphello tse bohloko haeba baholoane ba Josefa ba ne ka tsoela pele ho ba mabifi, ho ikhohomosa le ho se tsotelle! Ntle ho moo, haeba Josefa a ne a ka betoa ke pelo o ne a ka senya lintho le ho feta, mohlomong a behe ntate oa hae hammoho le Benjamine kotsing. Ebe na ba ne ba ntse ba phela? Josefa o ile a etsa qeto ea hore a se ke a bolella baholoane ba hae hore na ke mang e le hore a bone hore na ha ba e-s’o fetohe. Seo se ne se ka mo thusa ho tseba hore na Jehova o batla a ba tšoare joang.
U ka ’na ua se ke ua iphumana u le boemong bo kang ba Josefa. Leha ho le joalo, ho se utloane le ho tsekollana ho tloaelehile malapeng a mangata kajeno. Ha re tobana le maemo a joalo, re ka ’na ra betoa ke pelo ’me ra etsa lintho re sa nahana hantle. E ka ba bohlale ho etsisa Josefa ’me re leke ho fumana hore na Molimo o batla hore re etse lintho joang. (Liproverbia 14:12) Hopola hore le hoja ho bōpa khotso le ba lelapa ho le bohlokoa, ho ba le kamano e ntle le Jehova hammoho le Mora oa hae ke habohlokoa le ho feta.—Matheu 10:37.
“LE TLA LEKOA”
Josefa o ile a leka baholoane ba hae ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng e le hore a bone hore na ba fela ba fetohile. O ile a qala ka ho ba buisa hampe a sebelisa toloko a ba qosa ka hore ke lihloela. Ha ba itšireletsa ba ile ba mo bolella ka lelapa labo bona, ba ba ba mo bolella ka moen’a bona ea setseng hae. Josefa o ne a thabetse hore ebe moen’ae o ne a ntse a phela empa a sa batle ho bontša. Joale o ne a tseba hore na o tla re’ng ho bona. O ile a re: “Le tla lekoa ka sena,” ’me a ba laela hore ba tlise moen’a bona eo ba buang ka eena. Ka mor’a nako o ile a ba lumella hore ba e’o lata moen’a bona empa a re a le mong oa bona a sale.—Genese 42:9-20.
Ha ba ntse ba bua, ba sa hlokomele hore Josefa o ntse a ba utloa, ba ile ba ikoahlaea ka sebe se tebileng seo ba se entseng lilemong tse 20 tse fetileng. Ba ile ba re: “Ntle ho pelaelo re molato mabapi le mor’abo rōna, hobane re bone mahlomola a moea oa hae ha a kōpa hore re mo qenehele, empa ha rea ka ra mamela. Ke ka lebaka leo mahlomola a re oetseng holimo.” Josefa o ile a utloisisa seo ba se buang, ’me a ipata e le hore ba se ke ba bona hore oa lla. (Genese 42:21-24) Leha ho le joalo, o ne a tseba hore pako ea sebele ha e felle fela ka hore motho a ikoahlaee ka lebaka la liphello tse bohloko tsa ketso e mpe eo a e entseng. Kahoo, o ile a tsoela pele ho ba leka.
O ile a re ba ee hae ’me a hlahlela Simeone teronkong. O ile a boela a pata chelete ka mekotlaneng ea lijo tseo ba neng ba tl’o li reka. Ba ile ba ea hae, ’me le hoja ho ne ho le thata ba kholisa ntate oa bona Jakobo hore a lokolle thatohatsi ea hae Benjamine hore a ee le bona Egepeta. Ha ba fihla, ka botšepehi ba ile ba bolella mohlanka oa Josefa ka chelete eo ba e fumaneng ka mekotlaneng ea bona, ’me ba ithaopela ho e khutlisa kaofela. Ruri ba ile ba etsa ntho e ntle, empa Josefa o ne a batla ho ikholisa hore na ba bakile e le kannete. O ile a ba etsetsa mokete, empa a sa bontše ka ho hlaka hore na o ikutloa joang ha a bona Benjamine. Ka mor’a moo, o ile a ba fa lijo tse ngata ’me a re ba khutlele hae, empa lekhetlong lena o ne a kentse senoelo sa silevera mokotlaneng oa Benjamine.—Genese 42:26–44:2.
Josefa o ile a sebelisa leqheka la hae. O ile a laela hore baholoane ba hae ba lelekisoe, ba tšoaroe ’me ba qosoe ka hore ba utsoitse senoelo. Se ile sa fumanoa ka mokotlaneng oa Benjamine, ’me kaofela ba khutlisetsoa ho Josefa. Joale Josefa a fumana monyetla o motle oa ho bona hore na baholoane ba hae ba fela ba bakile. Juda o ile a ba buella. O ile a kōpa Josefa hore a ba hauhele, ’me a ithaopela hore eena hammoho le ba bang ba 10 e be makhoba Egepeta. Josefa o ile a hana eaba o re ho sale Benjamine feela, ’me ba bang ba khutlele hae.—Genese 44:2-17.
Juda o ile a bua ka boikokobetso le ho feta. O ile a re: “Ke eena feela ea setseng oa ’m’ae, ’me ntat’ae oa mo rata.” E tlameha ebe mantsoe ao a ile a ama Josefa, kaha e ne e le eena mora oa matsibolo oa Ragele, e leng mosali ea ratoang oa Jakobo ea ileng a shoa ha a beleha Benjamine. Ntle ho pelaelo feela joaloka ntate oa hae, Josefa o ne a lula a nahana ka Ragele. Mohlomong seo se ne se etsa hore a rate Benjamine le ho feta.—Genese 35:18-20; 44:20.
Juda o ile a kōpa Josefa ka tieo hore a se ke a etsa Benjamine lekhoba. O ile a ba a ithaopela ho ba lekhoba molemong oa Benjamine. Eaba o etsa kōpo e otlang pelo o re: “Nka ea joang ho Ntate moshanyana a le sieo ho ’na, esere ka bona tlokotsi Genese 44:18-34) Ruri Juda o ne a bakile. Ha aa ka a bontša pako feela, empa o ile a boela a bontša hore o na le kutloelo-bohloko, o ikokobelitse ebile o na le qenehelo.
e tla hlahela Ntate?” (Josefa o ile a hlōleha ho ithiba lekhetlong lena. O ile a bonahatsa boikutlo bo neng bo tlalellane ka ho eena. A leleka bahlanka ba hae, ’me a lla habohloko hoo seboko sa hae se ileng sa utloahala ntlong ea borena ea Faro. O ile a itsebisa bona ’me a re: “Ke ’na mor’abo lōna Josefa.” Eaba o aka bara bao babo ba neng ba maketse ’me ka mosa a ba tšoarela. (Genese 45:1-15) O ile a etsisa Jehova ea tšoarelang ka bolokolohi. (Pesaleme ea 86:5) Na le rōna re tšoarela ka bolokolohi?
“U SA NTSE U PHELA”!
Ha Faro a utloa se etsahalang ha Josefa, o ile a mo kōpa hore a fallisetse ntate oa hae ea seng a hōlile hammoho le lelapa lohle Egepeta. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, Josefa o ile a boela a kopana le ntate oa hae eo a mo ratang. Jakobo o ile a lla ’me a re: “Lekhetlong lena ke itokiselitse ho shoa, kaha joale ke bone sefahleho sa hao, kaha u sa ntse u phela.”—Genese 45:16-28; 46:29, 30.
Leha ho le joalo, Jakobo o ile a phela lilemo tse ling tse 17 a le Egepeta. O ile a phela nako e telele hoo a ileng a khona ho hlohonolofatsa bara ba hae ba 12. O ile a hlohonolofatsa Josefa e leng mora oa hae oa bo11 ka makhetlo a mabeli, e leng seo ka tloaelo se etsoang ho mora oa matsibolo. E ne e tla ba ntat’a meloko e ’meli ea Iseraele. Empa ho thoe’ng ka mora oa Jakobo oa bone e leng Juda ea ileng a bontša pako ho feta bana babo ba bang? O ile a fumana tlhohonolofatso e khōlō: Mesia o ne a tla hlaha lelokong la hae!—Genese, khaolo ea 48 le 49.
Ha Jakobo a hlokahala a le lilemo li 147, bara ba hae ba ba ile ba tšoha hore Josefa a ka ’na a iphetetsa. Empa ka lerato Josefa o ile a ba hlapanyetsa hore a ke ke a iphetetsa. O ne a lumela hore e ne e le tokisetso ea Jehova hore lelapa labo le fallele Egepeta, kahoo bana babo ba ne ba sa lokela ho ikoahlaea ka se etsahetseng. O ile a ba botsa potso ea bohlokoa a re: “Na ke sebakeng sa Molimo?” (Genese 15:13; 45:7, 8; 50:15-21) Josefa o ne a nka Jehova e le eena Moahloli ea phethahetseng. Kahoo, o ne a sa lokela ho ahlola batho bao Jehova a ba tšoaretseng.—Baheberu 10:30.
Na ka linako tse ling u thatafalloa ke ho tšoarela? Ho tšoarela ho ka ba thata le ho feta haeba motho e mong a re sitetsoe ka boomo. Empa haeba ka pelo eohle re tšoarela ba bakileng, re tla ba imolla re be re ikimolle. Re tla be re bontša tumelo e kang ea Josefa re bile re etsisa mohlala oa Ntate oa hae ea mohau e leng Jehova.
^ ser. 4 Sheba lihlooho tsa “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona” Molula-Qhooeng oa August 1, 2014; oa November 1, 2014; le oa February 1, 2015.